Lea Amoheloa Kopanong ea Setereke ea “Tšabo ea Bomolimo”!
E, NAKO e se e batla e atametse ea likopano tsa setereke tsa Lipaki tsa Jehova tsa 1994. Ho tloha ka June 1994 ho fihlela ka January 1995, metseng e meholo e makholo-kholo ho pota lefatše ho tla mameloa lenaneo la kopano ea matsatsi a mararo—le tla qala Amerika Leboea, e ntan’o ba Europe Bochabela le Bophirimela, Asia, Amerika Bohareng le Boroa, Afrika, Australia, le lihleke-hlekeng tsa leoatle.
Ke sehlooho se amang maikutlo hakaakang—“Tšabo ea Bomolimo”! Ena hase tšabo e hlokisang tšepo ea motho eo bophelo ba hae bo leng kotsing empa ke ho tšaba Molimo, tšabo e fanang ka khotso ea kelello le thabo. Maele a Bibele a re: “Moputso oa boikokobetso le oa ho tšaba Jehova ke leruo, le khanya, le bophelo.” (Liproverbia 22:4) Ke joang ho tšaba Molimo ho ka fellang ka “leruo, le khanya, le bophelo”? Sena se tla totobala ha sehlooho sa kopano se ntse se tšohloa nakong ea matsatsi a mararo a tletseng lipuo, lipuisano, lipontšo, le tšoantšiso.
Moapostola Pauluse o ile a ngola hore ha rea tšoanela ho “ngala liphutheho.” (Ba-Heberu 10:25) Lipaki tsa Jehova li nka seo ka ho teba, li kopana ka makhetlo a mararo ka beke bakeng sa thuto ea phutheho le borapeli. Leha ho le joalo, kopano ea setereke ea selemo le selemo e khethehile. Li e lebella ka cheseho ’me li bua ka eona likhoeli ka mor’a hore e fete. Re u mema ka mofuthu, ho sa tsotellehe hore na bolumeli ba hao ke bofe, hore u kopanele le tsona kopanong ea tsona ’me u thabele botsoalle bo mofuthu ba Bokreste le boitsebiso ba bohlokoa ba moea. Setho sa phutheho ea Lipaki tsa Jehova e sebakeng sa heno se tla thabela ho u bolella hore na kopano e haufi le uena e tla ba neng le hore na e tla tšoareloa hokae.