Khopolo ea ho Iphetola ha Lintho e Lekhotleng
Hona joale babuelli ba khopolo ea ho iphetola ha lintho ba ikemiselitseng ba ipelaetsa phatlalatsa ka hore tšimoloho ea motheo ea lintho tse phelang e boele e hlahlojoe ka botlalo
AK’U inahane u le moahloli nyeoeng ea tlōlo ea molao. Moqosuoa o lumela phatlalatsa hore ha a na molato, ’me lipaki lia itlhahisa ho fana ka bopaki bo mo emelang. Leha ho le joalo, ha u ntse u mametse bopaki ba tsona, u hlokomela hore paki ka ’ngoe e hanyetsana le tse ling. Joale, ha lipaki tsa moqosuoa li bitsetsoa lebokoseng la bopaki, litlhaloso tsa tsona lia fetoha. Joaloka moahloli, na u ne u tla nka bopaki ba tsona e le ba bohlokoa? Na u ne u tla fumana moqosuoa a se molato? Mohlomong ho ne ho ke ke ha e-ba joalo, hobane ho se lumellane leha e le hofe bopaking bo fanoeng bo emelang moqosuoa ho ne ho tla fokolisa botšepehi ba hae.
Ho joalo le ka khopolo ea ho iphetola ha lintho. Lipaki tse ngata li ile tsa itlhahisa ho fana ka litlhaloso tse ngata tse fapaneng ka tšimoloho ea bophelo, ho sireletsa khopolo ea ho iphetola ha lintho. Empa na bopaki ba tsona bo ne bo tla ipaka bo tšepahala ha bo hlahlobisisoa ka lekhotleng la molao? Na ba buellang khopolo ee baa lumellana?
Bopaki bo Ikhanyetsang
Bophelo bo qalile joang? Mohlomong ha ho potso e ’ngoe e kileng ea tsosa litebello le ho qholotsa phehisano joaloka ena. Leha ho le joalo, phehisano ha e holim’a khopolo ea ho iphetola ha lintho khahlanong le pōpo feela; khohlano e khōlō e har’a babuelli ba khopolo ea ho iphetola ha lintho ka bobona. Hoo e batlang e le makolopetso ’ohle a ho iphetola ha lintho—kamoo ho etsahetseng kateng, moo ho qalileng teng, hore e qaliloe ke mang kapa ke eng, le nako eo tšebetso ena e e nkileng—e bile mohloli oa khang e matla haholo.
Ka lilemo tse ngata babuelli ba khopolo ea ho iphetola ha lintho ba boletse hore bophelo bo qalile letamong le futhumetseng la “mokeli-keli” oa lintho tse phelang. Hona joale ba bang ba lumela hore lekoeba le leng ka leoatleng mohlomong le hlahisitse bophelo. Ho nahanoa hore liliba tse ntšang metsi a chesang tse leng ka tlas’a leoatle ke libaka tse ling moo bophelo bo simolohileng teng. Ba bang ba lumela hore lintho tse phelang li tlile le linaleli tse ileng tsa oela lefatšeng. Ba bang ba bolela hore, mohlomong, linaletsana tse nyenyane li ile tsa pshatlehela lefatšeng ’me tsa fetola tikoloho, ’me tsa susumetsa hore bophelo bo be teng. Mofuputsi e mong o ile a re: “Haeba naleli e khōlō e ne e ka oela lefatšeng, ka sebele ho ne ho tla etsahala lintho tse thahasellisang.”
Matla a laolang tšimoloho ea bophelo le ’ona a boetse aa hlahlojoa. Makasine oa Time o itse: “Bophelo ha boa qala tlas’a maemo a khutsitseng, a bonolo, joalokaha ho kile ha nahanoa. Empa bo qalile tlas’a maholimo a chesang haholo a polanete e sentsoeng sebōpeho ke ho foqoha ha seretse se chesang le ho sokeloa ke mechochonono le linaletsana tse nyenyane.” Hore ebe bophelo bo hlahile har’a pherekano e joalo, bo-rasaense ba bang hona joale ba bolela hore tšebetso eohle e tlameha ebe e etsahetse ka nako e khutšoaane ho feta kamoo ho neng ho nahanoa kateng nakong e fetileng.
Bo-rasaense ba boetse ba na le lipono tse fapaneng ka karolo eo Molimo—“haeba a le teng”—a e phethang mabapi le tšimoloho ea bophelo. Ba bang ba bolela hore bophelo bo bile teng ka ntle le ho kenella ha ’Mōpi, ha ba bang ba bolela hore Molimo o qalile tšebetso ena ’me a lumella ho iphetola ha lintho ho ntšetsa bophelo pele.
Ka mor’a hore bophelo bo qale, ho iphetola ha lintho ho etsahetse joang? Esita le mona lipale lia ikhanyetsa. Ka 1958, lilemo tse lekholo ka mor’a hore The Origin of Species e hatisoe, ’muelli oa khopolo ea ho iphetola ha lintho Mohlomphehi Julian Huxley o ile a re: “Tšibollo e khōlō ea Darwin, molao-motheo oa bokahohle oa ho pholoha ha tse khonang ho ikamahanya le maemo ao li phelang ho ’ona, ntle ho pelaelo e tiisitsoe e le eona e ka sehloohong e sebelisitsoeng phetohong ea ho iphetola ha lintho.” Leha ho le joalo, lilemo tse 24 hamorao, ’muelli oa khopolo ea ho iphetola ha lintho Michael Ruse o ile a ngola: “Palo e eketsehang ea litsebi tsa baeloji . . . e pheha khang ea hore khopolo leha e le efe ea ho iphetola ha lintho e thehiloeng melao-motheong ea Darwin—haholo-holo khopolo leha e le efe e bonang ho pholoha ha tse khonang ho ikamahanya hamolemo le maemo ao li phelang ho ’ona e le senotlolo sa phetoho ea ho iphetola ha lintho—ke e sa fellang ka ho thetsang.”
Le hoja makasine oa Time o bolela hore ho na le “lintlha tse ngata tse utloahalang” tse tšehetsang khopolo ea ho iphetola ha lintho, o sa ntse o lumela hore ho iphetola ha lintho ke pale e rarahaneng e nang le “mefokolo e mengata le likhopolo tse ngata tse ikhanyetsang tsa kamoo ho ka fanoang ka bopaki bo ikhanyetsang.” Ho e-na le ho fihlela qeto, babuelli ba khopolo ea ho iphetola ha lintho ba ikemiselitseng hona joale ba ipelaetsa phatlalatsa ka hore tšimoloho ea motheo ea lintho tse phelang e boele e hlahlojoe ka botlalo.
Ka hona, khang ea ho iphetola ha lintho—haholo-holo tšimoloho ea bophelo ho latela ho iphetola ha lintho—ha ea itšetleha ka bopaki bo lumellanang. Rasaense T. H. Janabi o hlokomela hore ba buellang ho iphetola ha lintho “ba hlahisitse esita le ho lahla likhopolo tse ngata tse nang le liphoso lilemong tse fetileng ’me ho fihlela joale bo-rasaense ba hlōlehile ho lumellana khopolong leha e le efe.”
Ho thahasellisang, Charles Darwin o ile a lebella khanyetso e joalo. Kenyelletsong ea The Origin of Species, o ngotse: “Ke hlokomela ka ho feletseng hore ha ho ntlha leha e le ’ngoe e tšohloang bukeng ena eo ho eona litaba li ke keng tsa tšehetsoa ka bopaki, boo ka ho hlakileng bo lebisang liqetong tse fapaneng le tseo ’na ke li fihletseng.”
Ka sebele, bopaki bo ikhanyetsang joalo bo hlahisa lipotso tse ngata mabapi le botšepehi ba khopolo ea ho iphetola ha lintho.
Na ho Iphetola ha Lintho ke Khetho e Bohlale?
Buka Milestones of History e hlokomela hore ho tloha qalong ea eona, khopolo ea ho iphetola ha lintho e ile ea “ipiletsa ho batho ba bangata hobane e ne e bonahala e le ea saense e le ka ’nete ho feta khopolo ea pōpo e khethehileng.”
Ho feta moo, lipolelo tsa babuelli ba khopolo ea ho iphetola ha lintho ba tsitlallelang maikutlong a itseng e ka ba tse tšosang. Ka mohlala, rasaense H. S. Shelton o tiisa hore khopolo ea pōpo e khethehileng ke “ea booatla bo boholo hoo ho ke keng ha nahanoa ka eona ka ho teba.” Setsebi sa baeloji Richard Dawkins ka ho tobileng feela o re: “Haeba u kopana le motho ea itseng ea bolelang hore ha a lumele ho iphetoleng ha lintho, motho eo o haelloa ke tsebo, ke sethoto kapa lehlanya.” Ka ho tšoanang, Moprofesa René Dubos o re: “Hona joale batho ba bangata ba nang le tsebo ba amohela ’nete ea hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e leng lefatšeng—ho qala ka lihloliloeng tsa leholimo ho isa ho batho—e hlahile ’me e tsoela pele ho hōla ka tšebetso ea ho iphetola ha lintho.”
Lipolelong tsena ho bonahala eka motho e mong le e mong ea nang le tekanyo e itseng ea bohlale a ka amohela ho iphetola ha lintho. Ka ntle ho tika-tiko, ho etsa joalo ho ne ho tla bolela hore motho o na le “tsebo” ho e-na le ho ba “sethoto.” Leha ho le joalo, ho na le banna le basali ba rutehileng haholo ba sa buelleng khopolo ea ho iphetola ha lintho. Francis Hitching oa ngola bukeng ea hae The Neck of the Giraffe: “Ke fumane bo-rasaense ba bangata ba nang le lipelaelo tsa botho, le ba seng bakae feela ba boletseng hore khopolo ea Darwin ea ho iphetola ha lintho ho bonahala ho hang e se khopolo ea saense.”
Chandra Wickramasinghe, rasaense oa Brithani ea rorisoang haholo, le eena o lumellana le sena. O re: “Ha ho na bopaki bo tšehetsang thuto ea motheo leha e le efe ea ho iphetola ha lintho hoo Darwin a ho buellang. Ke matla a maemo a bophelo a ileng a laola lefatše ka 1860, ’me ke nahana hore ena e bile le phello e mpe haholo ho saense ho tloha nakong eo.”
T. H. Janabi o ile a hlahloba likhang tse hlahisitsoeng ke babuelli ba khopolo ea ho iphetola ha lintho. O re: “Ke ile ka hlokomela hore boemo bo fapane haholo le seo re qobelloang ho se lumela. Bopaki bo fokola haholo le ho haella bakeng sa ho tšehetsa khopolo e rarahaneng joaloka ea tšimoloho ea bophelo.”
Ka hona, ba hanyetsang khopolo ea ho iphetola ha lintho ha baa lokela ho qheleloa ka thōko e le ba “haelloang ke tsebo, lithoto kapa mahlanya.” Mabapi le maikutlo a phephetsang a thuto ea ho iphetola ha lintho, esita le ’muelli ea tšepahalang oa khopolo ea ho iphetola ha lintho George Gaylord Simpson o ile a tlameha ho lumela: “Ka sebele e ne e tla ba phoso ho tlosa tlhokomelo liponong tsena e le tse sa lokelang ho nahanisisoa ka botebo kapa ho li soma. Ba hanyetsang khopolo ea ho iphetola ha lintho e ne e le (’me e sa ntse e le) liithuti tse bohlale.”
Taba ea Tumelo
Ba bang ba nahana hore ho lumela ho iphetoleng ha lintho ho thehiloe ’neteng, ha ho lumela pōpong ho thehiloe tumelong. Ke ’nete hore ha ho motho ea kileng a bona Molimo. (Johanne 1:18; bapisa le 2 Ba-Korinthe 5:7.) Leha ho le joalo, khopolo ea ho iphetola ha lintho ha e molemo tabeng ena, kaha e thehiloe liketsahalong tseo ho seng mohla li kileng tsa pakoa kapa ho etsahala hape.
Ka mohlala, ha ho mohla bo-rasaense ba kileng ba hlokomela tšebetso ea ho fetohela mofuteng o mong ha phatsa ea lefutso—esita le e molemo—e hlahisang mefuta e mecha ea bophelo; empa ba kholisehile hore ena ke tsela eo ha e le hantle mefuta e mecha e bileng teng ka eona. Ha baa ka ba bona bopaki ba ho tsoa ho iketsahallang feela ha lintho tse phelang ka ho tobileng ho tse sa pheleng; empa ba tsitlallela hore ena ke eona tsela eo bophelo bo qalileng ka eona.
Ho haella ho joalo ha bopaki ho entse hore T. H. Janabi a bitse khopolo ea ho iphetola ha lintho “‘tumelo’ feela tjee.” Setsebi sa physics Fred Hoyle o bitsa tumelo e joalo “Kosepele ea Darwin.” Dr. Evan Shute o bua ka matla haholoanyane. O re: “Ke belaela hore babuelli ba pōpo ba na le sephiri se fokolang seo ba ka se senolang ka ho se hlalosa ho feta babuelli ba ho iphetola ha lintho ba ikemiselitseng ka pelo eohle.”
Litsebi tse ling lia lumela. Setsebi sa linaleli Robert Jastrow oa lumela: “Ha ke nahanisisa ka hloko ka sebōpeho sa motho, ho hlaha ha motho enoa ea hlollang lik’hemik’haleng tse ileng tsa qhibiliha letšeng la metsi a futhumetseng ho bonahala e le mohlolo joaloka tlaleho ea Bibele ea pōpo ea motho.”
Joale ke hobane’ng ha ba bangata ba sa ntse ba latola khopolo ea hore bophelo bo hloliloe?
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Lipolelo tsa batho ba bang ba tsitlallelang maikutlong a itseng e ka ba tse tšosang