Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 6/15 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Tataisoa ke Moea oa Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Tsamaea ka Moea ’me U Phelele Boinehelo ba Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • ‘Ka Lebitso la Moea o Halalelang’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Beha Kelello Linthong Tsa Moea ’me U Phele!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 6/15 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ho latela Ba-Galata 6:8, “ea jallang nama ea hae, o tla kotula nameng ho bola; empa ea jallang Moea, o tla kotula Moeeng bophelo bo sa feleng.” Ke “moea” ofe oo ho buuoang ka oona, hona re ka kotula bophelo joang ka tsela eo?

Mantsoe a Seheberu le a Segerike a fetoletsoeng e le “moea” a na le meelelo e sa tšoaneng, e kang: (1) matla a Molimo a sebetsang, (2) matla a bophelo a leng bathong kapa liphoofolong, (3) matla a susumetsang kelello ea motho, le (4) motho oa moea, kapa lengeloi. Oa pele ho ena—e leng matla a Molimo a sebetsang—ke moelelo oo re o fumanang ho Ba-Galata 6:8.

Bakeng sa boitsebiso, hlokomela Ba-Galata 3:2, moo re fumanang tšebeliso ea pele ea “moea” bukeng ea Ba-Galata. Pauluse o ile a botsa Bakreste: “Ana le nkile Moea ka mesebetsi ea molao, kapa a ke ka polelo ea tumelo na?” Joale, ho Ba-Galata 3:5, o ile a hokahanya “moea” oo le ho etsa mesebetsi e matla. Kahoo “moea” oo a neng a bua ka oona e ne e le moea o halalelang, matla a Molimo a sebetsang a sa bonahaleng.

Hamorao, ho Ba-Galata 5:16, Pauluse o ile a bapisa moea le nama. Rea bala: “Ke re: Tsamaeang ka Moea, ’me le se ke la kholisa litakatso tsa nama.” Ka “litakatso tsa nama” o ne a bolela nama ea motho ea boetsalibe. Kahoo, ho Ba-Galata 5:19-23, o ile a thathamisa “mesebetsi ea nama” a e bapisa le “tholoana ea Moea.”

Ka hona, ho Ba-Galata 6:8, motho “ea jallang nama ea hae” e tlameha ebe ke ea itumellang ho laoloa ke litakatso tsa botho tsa boetsalibe, a inehela ‘mesebetsing ea nama.’ A ka ’na a thulana le liphello tse senyang tsa boitšoaro bo joalo, ’me haeba a sa fetohe, ho hang a ke ke a fumana bophelo ’Musong oa Molimo kapa tlas’a oona.—1 Ba-Korinthe 6:9, 10.

Re le Bakreste ba inehetseng re lokela ho lakatsa ho ‘jalla Moea oa Molimo.’ Seo se akarelletsa ho phela ka tsela e lumellang hore moea o halalelang o sebetse ka bolokolohi bophelong ba rōna, o re thuse ho hlahisa litholoana tsa oona. Re lokela ho hopola seo ha re etsa qeto ea seo re lokelang ho se bala kapa mananeo a thelevishene ao re lokelang ho a shebella. Re jalla moea ha re mamela ka hloko libokeng tsa phutheho ’me re leka ho sebelisa keletso ea baholo ba khethiloeng ke moea.—Liketso 20:28.

Hoa thahasellisa hore ebe Ba-Galata 6:8 e qetella ka tiisetso ea hore ha re jala tumellanong le moea o halalelang, re tla ba boemong ba ho “kotula Moeeng bophelo bo sa feleng.” E, motheong oa thekollo ea Kreste, Molimo o tla atolosa monyetla oa ho fumana bophelo bo sa feleng ka tšebetso ea moea o halalelang.—Mattheu 19:29; 25:46; Johanne 3:14-16; Ba-Roma 2:6, 7; Ba-Efese 1:7.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela