Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 4/1 maq. 2-5
  • Easter Kapa Sehopotso—Ke Efe eo U Lokelang ho e Keteka?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Easter Kapa Sehopotso—Ke Efe eo U Lokelang ho e Keteka?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšimoloho ea Easter
  • Ho Fumana Pono ea Molimo
  • Easter e Bolela’ng ho Molimo?
    Tsoha!—1992
  • Easter e Bolela’ng ho Uena?
    Tsoha!—1992
  • Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li sa Keteke Easter?
    Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
  • Na Bakreste ba Lokela ho Keteka Easter?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 4/1 maq. 2-5

Easter Kapa Sehopotso—Ke Efe eo U Lokelang ho e Keteka?

HA MAFUBE a hasanya khanya ea ’ona moo mahlo a fellang ka la 7 April, ba limilione ba tla be ba amohela letsatsi le halalelang ka ho fetisisa ho bona selemong—Easter. Ka nako e ’ngoe lebitso leo le ne le sebelisoa nakong ea matsatsi a 120 ao ho neng ho ketekoa le ho itima lijo, a neng a qala ka letsatsi la phomolo le neng le bitsoa Septuagesima ’me a fele ka le bitsoang Letsatsi la Boraro-bo-bong. Kajeno lebitso leo le sebelisoa letsatsing le le leng le hopotsang ka tsoho ea Jesu—Sontaha sa Easter.

Leha ho le joalo, ka shoalane e ’ngoe maqalong a beke eo, limilione tse ling li tla be li kopane ho keteka Sehopotso sa lefu la Kreste, seo hape se tsejoang e le Lijo tsa Shoalane tsa Morena. Ke mokete oo Jesu ka boeena a ileng a o theha bosiung ba hae ba ho qetela lefatšeng. Joale o ile a bolella barutuoa ba hae: “Le ’ne le etse sena ho nkhopola.”—Luka 22:19.

Ke ofe oo u lokelang ho u keteka?

Tšimoloho ea Easter

Lentsoe lena Easter, le sebelisoang linaheng tse ngata, ha le fumanehe ka Bibeleng. Buka Medieval Holidays and Festivals e re bolella hore “letsatsi leo la phomolo le rehelletsoe ka Molimotsana oa bohetene oa Mafube le oa Selemo, Eostre.” Ebe molimotsana eo e ne e le mang? The American Book of Days ea arabela: “Ho latela tšōmo, Eostre e ne e le ea bulang menyako ea Valhalla bakeng sa ho amohela Baldur, ea neng a bitsoa Molimo e Mosoeu ka lebaka la ho hloeka ha hae, ’me a boetse a bitsoa Molimo Letsatsi, kaha phatla ea hae e ne e fa batho leseli.” Ea phaella: “Mehleng ea eona ea pele, ha ho pelaelo hore Kereke e ile ea amohela meetlo ea khale ea bohetene ’me ea e fa tlhaloso ea Bokreste. Kaha mokete oa Eostre e ne e le o ketekelang nchafatso ea bophelo nakong ea selemo, ho ile ha e-ba bonolo ho o fetolela ho ketekeng ho tsoha ha Jesu bafung, e leng seo ba neng ba ruta kosepele ea sona.”

Ho amoheloa hona ha meetlo ea bohetene ho hlalosa kamoo linaheng tse ling meetlo ea Easter, e kang mahe a Easter, ’mutlanyana oa Easter, le libanse tse chesang tse nang le sefapano li simolohileng teng. Mabapi le moetlo oa ho etsa libanse tse chesang tse nang le sefapano, “tse bosootho bo phatsimang kaholimo, tse tšoailoeng ka . . . sefapano,” buka Easter and Its Customs ea bolela: “Sefapano e ne e le letšoao la bohetene nako e telele pele le ka fumana tlhaloso liketsahalong tsa Labohlano le Halalelang, ’me bohobe le likuku ka linako tse ling li ne li tšoauoa ka sona linakong tsa pele ho Bokreste.”

Ha ho kae kapa kae ka Mangolong moo re fumanang ho buuoe ka lintho tsena, leha e le hore ho na le bopaki ba hore barutuoa ba Jesu ba ile ba li lumela. Ha e le hantle, moapostola Petrose o re bolella hore re “hlaolele taba-tabelo ea lebese le sa tsoakoang la lentsoe, e le hore ka lona [re] ka hōlela polokong.” (1 Petrose 2:2) Ka hona, ke hobane’ng ha likereke tsa Bokreste-’mōtoana li ile tsa amohela matšoao a totobetseng joalo a bohetene litumelong le mekhoeng ea tsona?

Buka Curiosities of Popular Customs ea araba: “E ne e le leano le sa fetoheng la Kereke ea pele hore e fane ka tlhaloso ea Bokreste meketeng e hlahelletseng joalo ea bohetene kaha e ne e ke ke ea felisoa. Tabeng ea Easter, ho e fetola ho ile ha e-ba bobebe ka ho khethehileng. Ho thabela ho chaba ha letsatsi la tlhaho, le ho tsoha ha lihloliloeng ho bolaoeng ke mariha, ho ile ha fetoha ho thabela ho chaba ha Letsatsi la ho loka, ha Kreste a tsoha lebitleng. E meng ea mekete ea bohetene e neng e e-ba teng ka la 1 May, le eona e ile ea fetoloa hore e lumellane le ho ketekela Easter.” Ho e-na le hore baeta-pele ba bolumeli ba furalle ka ho feletseng meetlo e atileng ea bohetene le litšebeletso tsa bonohe, baa e khothalletsa ’me ba e neha “tlhaloso ea Bokreste.”

U ka ’na ua ipotsa: ‘Empa na ho na le ho kotsi moo?’ Ba bang ba nahana hore ha ho na kotsi. Alan W. Watts, moruti oa Episcopal, o boletse tjena bukeng ea hae ea Easter—Its Story and Meaning: “Ha bolumeli bo kang Bokreste bo fihla bathong ba itseng bo e-tsoa kae-kae, bo amohela le ho ‘tiisa’ e meng ea meetlo ea batho bao, e simolohileng malumeling a bona a khale. Bo khetha mekete e itseng e bonahalang e tšoana le melao-motheo e sa feleng e rutoang ke Kereke ’me bo e lumellanya le batho bao ba seng ba e-na le melao ea bona.” Ho ba bangata, taba ea hore likereke li tiisa mekete ena le ho e nka e halalela ke lebaka le lekaneng la hore ba e amohele. Empa ho hlokomolohuoa lipotso tsa bohlokoa. Molimo o ikutloa joang ka meetlo ee? Na o re file litataiso leha e le life tseo re ka li latelang tabeng ee?

Ho Fumana Pono ea Molimo

Bukeng ea hae Easter and Its Customs, Christina Hole o ile a re: “Letsatsi la Easter, Mokete oa ho Tsoha Bafung ha Morena oa Rōna, ke le leholo meketeng eohle ea Kereke ea Bokreste.” Bangoli ba bang ba ho chaela monoana. Bukeng ea hae Celebrations, Robert J. Myers oa ngola: “Ha ho na letsatsi le halalelang kapa mokete tse ka lekanngoang le Sontaha sa Easter ka bohlokoa selemong sa Mokreste.” Leha ho le joalo, seo se phahamisa lipotso tse itseng. Haeba ho keteka Easter ho bohlokoa hakaalo, ke hobane’ng ha ho se na taelo e tobileng ka Bibeleng ea hore re e keteke? Na ho na le tlaleho leha e le efe ea hore barutuoa ba pele ba Jesu ba ile ba keteka Sontaha sa Easter?

Hase hore Bibele ha ea fana ka litataiso tsa hore na ke eng e loketseng le e sa lokelang ho ketekoa. Molimo o ile a qaqisa sena hantle sechabeng sa boholo-holo sa Iseraele, ’me joalokaha ho hlokometsoe pejana, litaelo tse hlakileng li ile tsa fuoa Bakreste e le hore ba ka tsoela pele ba keteka Sehopotso sa lefu la Kreste. (1 Bakorinthe 11:23-26; Bakolose 2:16, 17) Khatiso ea pejana ea The Encyclopædia Britannica ea re bolella: “Ha ho moo ho bontšoang ho bolokoa ha mokete oa Easter ka Testamenteng e Ncha, kapa ka mangolong a bo-Ntate ba baapostola. Ho halalela ha linako tse khethehileng e ne e le maikutlo a sieo likelellong tsa Bakreste ba pele. . . . Leha e le Morena kapa baapostola ba hae, ha baa ka ba laela hore ho bolokoe sena kapa mokete leha e le ofe o mong.”

Ba bang ba nahana hore thabo ea mekete e joalo le nyakallo eo e e tlisang ke lebaka le lekaneng la hore ba e boloke. Leha ho le joalo, re ka ithuta ho hong ketsahalong ea ha Baiseraele ba amohela tloaelo ea bolumeli ea Baegepeta ’me ba e reha “mokete oa Jehova.” Le bona ba ile ba “lula fatše ho ja le ho noa, [ba] ntoo ema [ba] hobela.” Empa liketso tsa bona li ile tsa halefisa Jehova Molimo haholo, ’me o ile a ba otla habohloko.—Exoda 32:1-10, 25-28, 35.

Lentsoe la Molimo le hlakile haholo. Ho ke ke ha e-ba le kopano pakeng tsa “leseli” la tumelo ea ’nete le “lefifi” la lefatše la Satane; ho ke ke ha e-ba le “tumellano” pakeng tsa Kreste le borapeli ba bohetene. Rea bolelloa: “‘Ka hona tsoang har’a bona, ’me le ikarole,’ ho bolela Jehova, ‘’me le khaotse ho ama ntho e sa hloekang’; ‘’me ka sebele ke tla le amohela.’”—2 Bakorinthe 6:14-18.

Kaha ke mokete oa Sehopotso feela—e seng Easter—o laetsoeng ka Bibeleng bakeng sa Bakreste, o lokeloa ho bolokoa. Kahoo, re ka o keteka ka ho tšoanelehang joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

“Mokete oa Jehova” oa Baiseraele o ile oa halefisa Molimo haholo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]

Cover: M. Thonig/H. Armstrong Roberts

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela