Ho Finyella ba Eketsehileng ka Litaba Tse Molemo
HA KE ntse ke nahana ka batho ba leng naheng ea heso, ke ile ka hlokomela hore ba bangata ba tseba Lipaki tsa Jehova feela ka litlaleho tsa litaba. Ke ile ka nahana hore ho tlameha hore ho ikopanngoe le batho bana e le hore ba ka ithuta hore na Lipaki tsa Jehova ke bo-mang le seo li hlileng li se lumelang. Empa ke ne ke tla thusa joang? Monna oa ka ke moholo oa Mokreste ’me o ile a mpha tataiso e bohlale le litlhahiso.
Re ile ra fumana khopolo ea sehlooho tokollong ea Tsoha! (ea Senyesemane) ea January 8, 1995, sehloohong se reng “Limakasine Tse Fanang ka Matšeliso a Sebele.” Mabapi le mosebetsi oa Paki e ’ngoe, sehlooho seo se re: “O ’nile a etsa bonnete ba hore o bokella likopi tse ling tsa khale tsa limakasine tsa Tsoha! tse phaellaneng malapeng a Lipaki tse ling. Joale o etela mekhatlo eo a ikutloang hore e ka ’na ea bontša thahasello e khethehileng ho tse ling tsa lihlooho tsena.”
Ka thuso ea monna oa ka, kapele-pele ke ile ka bokella likopi tse makholo a ’maloa tsa limakasine tsena. Ho tsona ke ile ka khona ho khetha lihlooho tse fapaneng tse loketseng batho bao ke neng ke tla leka ho iteanya le bona.
Ke sebelisa libuka tsa thelefono le litlaleho tsa sechaba, ke ile ka etsa lethathamo la lipetlele, lihosetele tsa bacha le matlo a tlhokomelo ea maqheku. Ke ile ka boela ka ngola le batsamaisi ba mapato, baeta-pele ba likolo le baeletsi, lingaka, ba boholong literonkong le makhotleng. Lethathamo la ka le ne le akarelletsa batsamaisi ba mekhatlo ea makhoba a tahi le lithethefatsi, mekhatlo ea tikoloho, ea liqhoala le mahlatsipa a ntoa le ea lipatlisiso tsa phepo. Ha kea ka hlokomoloha baeta-pele ba liofisi tsa thekolohelo, ba litšebeletso tsa sechaba le ba litaba tsa malapa.
Ke ne ke Tla Re’ng?
Ntho ea pele eo ke neng ke e etsa ha ke fihla e ne e le ho itlhalosa ka ho hlakileng hore na ke mang. Joale ke ne ke hlalosa hore leeto la ka le tla nka metsotso e seng mekae feela.
Joale ha ke shebane sefahla-mahlo le motho ea ikarabellang, ke ne ke re: “Ke e mong oa Lipaki tsa Jehova. Leha ho le joalo, ha kea tlela puisano ea bolumeli, eo mohlomong e sa lokelang nakong ea lihora tsa mosebetsi.” Hangata boemo e ne e e-ba bo phutholohileng haholo. Joale, ke feto-fetola litlhaloso tsa ka ho lumellana le boemo, ke ne ke tsoela pele: “Morero oa leeto la ka o habeli. Oa pele, ke rata ho bolela kananelo ea ka bakeng sa mosebetsi o hlophisoang ke ofisi ea lōna. Ha e le hantle, ha hoa lokela hore ho khelloe tlaase ha motho e mong a sebelisa nako ea hae le matla molemong oa sechaba ka kakaretso. Ka sebele boiteko ba lōna bo ananeloa haholo.” Maemong a mangata motho ea atameloang ka tsela ena o ne a makala.
Ho ka etsahala hore mothating ona motho o ne a ipotsa hore na ebe morero oa bobeli oa ketelo ea ka ke ofe. Ke ne ke tsoela pele: “Morero oa bobeli oa ketelo ea ka ke ona: Limakasineng tsa rōna tsa Tsoha!, tse hatisoang lefatšeng lohle, ke ile ka fumana lihlooho tsena tse hlileng li sebetsanang le mofuta oa mosebetsi oo le o etsang le mathata a amanang le mosebetsi ona. Kea tšepa hore u ka thabela ho tseba kamoo makasine ea machaba e talimang mathata ana kateng. Ke tla thabela ho u siela likopi tsena.” Hangata ke ne ke bolelloa hore boiteko ba ka boa ananeloa.
Liphello Tse Makatsang le Tse Putsang
Nakong eo ke sebelisang katamelo ena, batho ba bangata ka mosa ba ile ba ’mamela; ke motho a le mong ho ba 17 ea ileng a hana ho mamela. Ke bile le liphihlelo tse ngata tse makatsang le tse putsang.
Ka mohlala, ka mor’a ho leka ka makhetlo a mane le ho leta ka mamello, ke ile ka atleha ho teana le mohlahlobi oa likolo oa setereke. E ne e le monna ea maphathaphathe haholo. Leha ho le joalo, o ne a le mosa haholo ’me o ile a buisana le ’na ka nakoana. Ha ke se ke tsamaea, o ile a re: “Ka sebele ke ananela boiteko ba hao, ’me ka sebele ke tla bala likhatiso tsa hao ka hloko.”
Ka nako e ’ngoe ke ile ka ea lekhotleng la setereke, ka teana le moahloli e moholo, monna ea lilemong tse bohareng. Ha ke kena ka ofising ea hae, ha a tlosa mahlo lipampiring tsa hae ho ile ha bonahala a tenehile.
Ka lentsoe le tebileng o ile a re: “Lihora tsa mosebetsi mona ofising ke Labobeli hoseng feela, ke moo nka fumanehang bakeng sa boitsebiso leha e le bofe.”
Ke ile ka araba kapele le ho phaella: “Ke kōpa tšoarelo ha e le mona ke tlile nakong e sa lokelang. Empa leha ho le joalo, ke tla thabela ho khutla hape ka nako e ’ngoe. Bonneteng leeto la ka ke la litaba tsa botho.”
Joale moahloli o ne a labalabela ho tseba. O ile a botsa, molumo oa lentsoe o batla o se bohale hakaalo, hore na ke batla’ng. Ke ile ka pheta hore ke tla khutla hape ka Labobeli.
Ho makaleng ha ka, o ile a phehella: “Lula fatše hle. U batla’ng?”
Ho ile ha latela moqoqo o matla, ’me o ile a kōpa tšoarelo ka ho hloka mosa ha hae qalong hobane a ne a hlile a phathahane.
Ka mor’a nakoana moahloli o ile a botsa: “Na u tseba seo ke se ratang ka Lipaki tsa Jehova? Li na le melao-motheo e tiileng eo li sa e kheloheng. Hitler o ile a leka sohle se matleng a hae, empa ho ntse ho le joalo, Lipaki ha lia ka tsa ea ntoeng.”
Ha re kena re le babeli ka ofising e ’ngoe, bangoli ba leng moo ba ile ba re hlokomela. Joale mongoli ea ka sehloohong o ile a bua ka ho se tsotelle, “Le ka mohla mopresidente ha a amohele mekha leha e le efe.”
Ke ile ka araba ka bonolo: “Empa o tla re amohela, hobane re Lipaki tsa Jehova. Ha re baipelaetsi ’me ketelo ea rōna e ke ke ea nka metsotso e fetang e meraro.” Ka pelong ke ne ke ntse ke rapela ka tieo, “Oho Jehova, e se eka sena se ka atleha!”
Mongoli o ile a arabela ka mokhoa o hlokang thahasello, “Ho lokile, ke tla leka.” O ile a tsamaea. Ka mor’a metsotso e ka bang ’meli, e leng se ileng sa bonahala e le nako e telele haholo ho ’na, mongoli enoa o ile a hlaha hape a setsoe morao ke mopresidente ka seqo. A sa bue letho, o ile a re etella pele ho ea ofising ea hae, a feta liofisi tse ling tse peli.
Ha re qala ho buisana, o ile a ba mosa haholoanyane. Ka boikemisetso o ile a amohela likopi tse khethehileng tsa makasine ea Tsoha! ha re mo neha tsona. Re ile ra leboha Jehova ka monyetla ona oa ho fana ka bopaki bo molemo ka morero oa mosebetsi oa rōna.
Ha re nahana ka liphihlelo tse ngata tse babatsehang, ke ile ka ananela ka ho eketsehileng seo moapostola Petrose a se boletseng: “Kannete-nete ke lemoha hore Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.” (Liketso 10:34, 35) Thato ea Molimo ke hore batho ba limelo tsohle, lipuo kapa boemo sechabeng, ba fuoe monyetla oa ho tseba ka morero oa hae bakeng sa batho le lefatše.—E nehelanoe.