Litso Tsa Sebaka ka Seng le Melao-Motheo ea Bokreste Na Lia Lumellana?
PAKI e ’ngoe e tsoang Europe Leboea e bitsoang Stephen, e ne e abetsoe ho ba moromuoa naheng e ’ngoe ea Afrika. Ha e ntse e tsamaea ho pholletsa le toropo e e-na le mor’abo rōna e mong oa sebakeng seo, e ile ea makatsoa ke ha mor’abo rōna a e tšoara ka letsoho.
Khopolo ea ho tsamaea seterateng se phetheselang le monna e mong ba tšoarane ka matsoho e ile ea nyarosa Stephen. Ka sehahabo tloaelo e joalo e fana ka maikutlo a bosodoma. (Baroma 1:27) Leha ho le joalo, ho mor’abo rōna oa Moafrika, ho tšoarana ka matsoho e ne e le pontšo feela ea setsoalle. Ho hana ho mo tšoara ka letsoho ho ne ho tla bolela ho hana setsoalle.
Ke hobane’ng ha re lokela ho ameha ka ho se tšoane ha litloaelo? Taba e ka sehloohong ke hore batho ba Jehova ba chesehela ho phethahatsa thōmo ea bona ea bomolimo ea ho ‘etsa batho ba lichaba tsohle barutuoa.’ (Matheu 28:19) E le hore ba phethe mosebetsi ona, ba bang ba ile ba falla ho ea sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo e khōloanyane ea basebeletsi. E le hore ba atlehe tikolohong ea bona e ncha, ba lokela ho utloisisa le ho ikamahanya le litloaelo tse hlokomelehang tseo ba li fumanang moo. Joale ba tla nolofalloa ke ho sebetsa ’moho le bara le barali babo bona, ha ka nako e tšoanang ba tla atleha ka ho eketsehileng tšebeletsong ea phatlalatsa.
Ho feta moo, lefatšeng lena le ferekaneng, batho ba bangata ba balehile linaheng tsa habo bona tse nang le likhathatso ka mabaka a lipolotiki kapa a moruo ’me ba jakile linaheng tse ling. Kahoo, re ka ’na ra fumana hore ha re bolela ho baahisani bana ba bacha, re kopana le litloaelo tse ncha. (Matheu 22:39) Ha re qala ho bona litsela tse ling tse sa tšoaneng re ka ’na ra ikutloa re ferekane ke litloaelo tse ncha.
Libaka Tse Arotsoeng ka ho Hlaka
Setso se lohelletsoe ka mokhoa o rarahaneng haholo mokhatlong oa batho. Ka hona, e ne e tla ba mosebetsi o se nang thuso hakaakang ho ba ba “lokileng ka ho fetisisa” le ho phenya-phenya tloaelo e ’ngoe le e ’ngoe e nyenyane e le hore re etse qeto ea hore na e lumellana le melao-motheo ea Bibele kapa che!—Moeklesia 7:16.
Ka lehlakoreng le leng, ho hlokahala hore re khetholle litloaelo tsa sebaka ka seng tseo ka ho hlakileng li tlōlang melao-motheo ea bomolimo. Leha ho le joalo, hangata ha ho thata ho etsa joalo, kaha Lentsoe la Molimo le teng “bakeng sa ho otlolla lintho.” (2 Timothea 3:16) Ka mohlala, ho ba le basali ba bangata ke tloaelo linaheng tse ling, empa bakeng sa Bakreste ba ’nete tekanyetso ea Mangolo ke hore monna o lokela ho ba le mosali a le mong feela ea phelang.—Genese 2:24; 1 Timothea 3:2.
Ka tsela e tšoanang, litloaelo tse ling tse itseng tsa mapato tse reretsoeng ho leleka meea e khopo, kapa tse thehiloeng tumelong ea hore moea ha o shoe, e ne e tla ba tse sa amoheleheng ho Mokreste oa ’nete. Batho ba bang ba chesetsa batho ba shoeleng libano kapa baa ba rapella e le hore ba leleke meea e khopo. Ba bang ba etsa tebelo kapa esita le tšebeletso e ’ngoe ea lepato ka sepheo sa ho thusa motho ea shoeleng hore a itokisetse ho phela ‘lefatšeng le latelang.’ Leha ho le joalo, Bibele e ruta hore ha motho a e-shoa, ha a “tsebe letho leha le le leng,” kahoo a ke ke a etsetsa motho leha e le ofe molemo kapa a mo ntša kotsi.—Moeklesia 9:5; Pesaleme ea 146:4.
Ke ’nete hore ho na le litloaelo tse ngata tse lumellanang le Lentsoe la Molimo. Ke ho khathollang hakaakang ha re fumana litso tseo ho tsona moea oa ho amohela baeti o ntseng o atile, moo ho ea ka tloaelo ho hlokahalang hore esita le motho ea sa tsejoeng a lumelisoe ka mofuthu le hore ha ho hlokahala a amoheloe lapeng! Ha u fumana tšoaro e joalo, na ha u susumelletsehe hore le uena u latele mohlala oo? Haeba ho joalo, ka sebele hoo ho tla ntlafatsa botho ba hao ba Bokreste.—Baheberu 13:1, 2.
Ke mang ho rōna ea thabelang ho leta nako e telele? Linaheng tse ling hona ho etsahala ka seoelo kaha ho boloka nako ho nkoa e le habohlokoa. Bibele e re bolella hore Jehova ke Molimo oa tlhophiso. (1 Bakorinthe 14:33) Ka hona, o behile ‘letsatsi le hora’ tseo a tla felisa bokhopo ka tsona, ’me o re tiisetsa hore ketsahalo ena “e ke ke ea lieha.” (Matheu 24:36; Habakuke 2:3, NW) Litloaelo tse khothalletsang ho boloka nako ka tsela e utloahalang li re thusa hore re be ba hlophisehileng le ba bontšang tlhompho e loketseng ho batho ba bang le bakeng sa nako ea bona, e leng hoo ka sebele ho lumellanang le melao-motheo ea Mangolo.—1 Bakorinthe 14:40; Bafilippi 2:4.
Ho Thoe’ng ka Litloaelo Tse se Nang Phoso?
Le hoja litloaelo tse ling ka ho hlakileng li lumellana le tsela ea bophelo ea Bokreste, tse ling ha li joalo. Empa ho thoe’ng ka litloaelo tse ke keng tsa hlalosoa e le tse ntle kapa tse mpe? Litloaelo tse ngata ha li na phoso, kapa ha li kotsi, ’me boikutlo ba rōna ka tsona bo ka bontša ho leka-lekana ha rōna moeeng.
Ka mohlala, ho na le litsela tse ngata tsa ho lumelisa—ho tšoarana ka matsoho, ho inama, ho aka, esita le ho kopa ka matsoho. Ka tsela e tšoanang, ho na le litloaelo tse ngata tse sa tšoaneng tse laolang mekhoa e metle ea tafoleng. Linaheng tse ling batho ba jella poleiting kapa sejaneng se le seng. Ho bohla ke pontšo e amohelehang—esita le e lakatsehang—ea kananelo linaheng tse ling, athe ho tse ling ha ho amohelehe ’me ho ka nkoa e le mokhoa o mobe ka tsela e makatsang.
Ho fapana le ho etsa qeto ea hore na ke litloaelo life ho tsena tse se nang kotsi tseo uena ka bouena u li ratang kapa u sa li rateng, lebisa tlhokomelo ho amoheleng boikutlo bo nepahetseng ka tsona. Keletso ea Bibele e nakong e khothalletsa hore re se ‘etse letho ka lebaka la ho rata likhang kapa ka lebaka la ho ipolelisa, empa ka ho ikokobetsa kelellong, re nka hore ba bang ba re phahametse.’ (Bafilippi 2:3) Ka ho tšoanang, Eleanor Boykin, bukeng ea hae e bitsoang This Way, Please—A Book of Manners, o re: “Pelo e mosa ke eona ntho ea pele eo u e hlokang.”
Katamelo ena e ikokobelitseng e tla re thibela hore re nyatse litloaelo tsa ba bang. Re tla ikutloa re susumelletseha ho nka khato le ho ithuta kamoo batho ba bang ba phelang kateng, ho kopanela litloaelong tsa bona le ho latsoa lijo tseo ba li jang ho fapana le ho ikhula kapa ho talima ntho e ’ngoe le e ’ngoe e bonahalang e fapane ka ho e belaella. Ka ho lula re butse likelello tsa rōna le ka ho ithaopela ho leka litsela tse ncha, re hlompha batho ba re amohetseng kapa baahisani ba rōna ba tsoang linaheng tse ling. Re boetse re itsoela molemo ka borōna ha re ‘atolosa’ lipelo tsa rōna le kutloisiso ea rōna.—2 Bakorinthe 6:13.
Haeba Tloaelo e Itseng e Sitisa Tsoelo-pele Moeeng
Ho thoe’ng haeba re thulana le litloaelo tse sa hananeng le Mangolo ka botsona, empa li sa khothalletse tsoelo-pele ea moea? Ka mohlala, linaheng tse ling batho ba ka ’na ba e-ba le tšekamelo e khōlō ea ho chechisetsa lintho tse lokelang ho etsoa morao. Katamelo ena ea ho nka lintho habobebe bophelong e ka ’na ea fokotsa khatello ea kelello, empa mohlomong e ka ’na ea re thatafalletsa ho phetha tšebeletso ea rōna “ka botlalo.”—2 Timothea 4:5.
Ke joang re ka khothalletsang ba bang ho qoba ho behella lintho tsa bohlokoa ka thōko ho fihlela “hosasane”? Hopola hore “pelo e mosa ke eona ntho ea pele eo u e hlokang.” Re susumetsoa ke lerato, re ka beha mohlala ebe ka mosa re hlalosa melemo ea ho se tlohelle se lokelang ho etsoa kajeno ho fihlela hosasane. (Moeklesia 11:4) Ka nako e tšoanang, re tlameha ho ba hlokolosi hore re se ke ra tela boikutlo bo teng ba ho tšepana molemong feela oa ho hlahisa tema mosebetsing. Haeba ba bang ba sa amohele litlhahiso tsa rōna hang-hang, ha rea lokela ho ba hatella kapa ho intšetsa malokobe ho bona. Kamehla lerato e lokela ho ba la bohlokoa ho feta katleho mosebetsing.—1 Petrose 4:8; 5:3.
Ho Nahanela Tšekamelo ea Sebaka
Re lokela ho tiisa hore tlhahiso leha e le efe eo re e etsang ke e loketseng le hore hase feela boiteko ba ho hatella hore ho lateloe tšekamelo ea rōna ea botho. Ka mohlala, litaele tsa moaparo li fapana haholo. Libakeng tse ngata ke ho loketseng hore monna ha a bolela litaba tse molemo a fase thae, empa linaheng tse ling tse chesang tse mongobo, hoo ho ka ’na ha nkoa e le ho itereka ka tsela e feteletseng. Ho nahanela tšekamelo ea sebaka tabeng ea hore na ke moaparo ofe o loketseng batho ba khoebo ba sebetsanang le sechaba hangata ho tla fana ka tataiso e molemo. “Ho hlaphoheloa kelellong” ke habohlokoa ha re sebetsana le taba e amang maikutlo ea moaparo.—1 Timothea 2:9, 10.
Ho thoe’ng haeba re sa rate tloaelo e itseng? Na e lokela ho qheleloa thōko habobebe feela tjee? Ha ho hlile ha ho joalo. Tloaelo ea hore batho ba banna ba tšoarane ka matsoho e boletsoeng pejana, e ne e le e amohelehang ka ho feletseng karolong eo ea Afrika. Ha moromuoa eo a hlokomela hore le banna ba bang ba ne ba tsamaea ba tšoarane ka matsoho, o ile a ikutloa a batla a phutholoha.
Moapostola Pauluse, nakong ea maeto a hae a mangata a boromuoa, o ile a etela liphutheho tseo litho tsa tsona li neng li tsoa limelong tse sa tšoaneng. Ntle ho pelaelo, ho se tšoane ha litloaelo ho ne ho atile. Kahoo, Pauluse o ile a amohela litloaelo leha e le life tseo a neng a ka khona ho li amohela ha ka nako e tšoanang a ntse a khomaretse ka tieo melao-motheo ea Bibele. O ile a re: “Ke fetohile lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle, e le hore ka mekhoa eohle nka pholosa ba bang.”—1 Bakorinthe 9:22, 23; Liketso 16:3.
Lipotso tse seng kae tse loketseng li ka ’na tsa re thusa ho etsa qeto ea hore na re lokela ho itšoara joang mabapi le litloaelo tse ncha. Ho amohela ha rōna tloaelo e itseng—kapa ho se e amohele—ho tla fa bashebelli boikutlo bofe? Na ba tla khahloa ke molaetsa oa ’Muso hobane ba bona hore re leka ho ikamahanya le setso sa bona? Ka lehlakoreng le leng, haeba re amohela tloaelo ea sebaka, na ‘bosebeletsi ba rōna bo ke ke ba fumanoa bo e-na le molato’?—2 Bakorinthe 6:3.
Haeba re lakatsa ho ‘fetoha lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle,’ re ka ’na ra lokela ho fetola maikutlo a mang a metseng ka metso mabapi le hore na se loketseng le se sa lokelang ke sefe. Hangata tsela “e nepahetseng” le “e fosahetseng” ea ho etsa ntho e itseng e itšetlehile feela ka hore na re phela hokae. Ke kahoo naheng e ’ngoe ho tšoarana ha banna ka matsoho e bang pontšo ea botsoalle, ha ho tse ling tse ngata seo ntle ho pelaelo se ne se tla sitisa molaetsa oa ’Muso.
Leha ho le joalo, ho na le litloaelo tse ling tse amohelehang libakeng tse ngata tse sa tšoaneng tseo hape e ka ’nang eaba ke tse loketseng Bakreste; leha ho le joalo re lokela ho sebelisa masene.
Hlokomela ho Tlōla Moeli!
Jesu Kreste o ile a bolela hore le hoja barutuoa ba hae ba ne ba ke ke ba ntšoa lefatšeng, ba ne ba lokela ho lula e “se karolo ea lefatše.” (Johanne 17:15, 16) Leha ho le joalo, ka linako tse ling hase ntho e bonolo ho khetholla seo e leng karolo ea motheo ea lefatše la Satane le seo e mpang e le setso feela. Ka mohlala, ’mino le tantši li sebetsa hoo e batlang e le litsong tsohle, le hoja linaheng tse ling li nkoa e le tsa bohlokoa haholoanyane.
Re ka ’na ra etsa qeto habonolo—re itšetlehile ka semelo sa rōna ho fapana le mabaka a utloahalang a Mangolo. Alex, e leng mor’abo rōna oa Mojeremane, o ile a abeloa ho sebeletsa Spain. Koana ha habo, ho tantša ho ne ho sa tloaeleha, empa hoo ke karolo ea setso sa Spain. Mohla a neng a qala ho bona mora le morali oabo rōna ba tantša tantši ea sehahabo bona ka cheseho, o ile a tsieleha. Na tantši ee e ne e fosahetse kapa mohlomong e ne e le ea lefatše? Na o ne a tla be a theola litekanyetso tsa hae haeba a lumellana le tloaelo ee? Alex o ile a ithuta hore le hoja ’mino le tantši li ne li sa tšoane le tsa ha habo, ho ne ho se na lebaka la ho lumela hore bara le barali babo rōna ba Masepanishe ba ne ba theola litekanyetso tsa Bokreste. O ne a tsielehile ka lebaka la ho se tšoane ha litso.
Leha ho le joalo, Emilio, e leng mor’abo rōna ea thabelang tantši ea moetlo ea Spain, o hlokomela kotsi e teng ho eona. Oa hlalosa: “Kea hlokomela hore mefuta e mengata ea tantši e hloka hore batho ba babeli ba bong bo sa tšoaneng ba atamelane haufi-ufi. Joaloka lesoha, kea hlokomela hore sena se ka ama maikutlo a bonyane e mong oa bona. Ka linako tse ling, tantši e ka sebelisoa e le monyetla oa ho bontša kameho e lerato ho motho e mong eo u khahloang ke eena. Ho tiisa hore ’mino ke o hahang le hore ha le atamelane haholo ho ka sebeletsa e le tšireletso. Leha ho le joalo, ke tlameha ho lumela hore ha sehlopha sa bara le barali babo rōna ba bacha ba masoha se ea tantšing hammoho, ho thata haholo ho boloka boemo bo lumellana le litekanyetso tsa puso ea Molimo.”
Ka sebele, re ke ke ra batla ho sebelisa setso sa rōna e le monyetla ho inehella boitšoarong ba lefatše. Ho bina le ho tantša ho ne ho e-na le sebaka sa hona setsong sa Baiseraele, ’me ha Baiseraele ba ne ba lokolloa Egepeta Leoatleng le Lefubelu, mokete oa bona o ile oa akarelletsa ho bina le ho tantša. (Exoda 15:1, 20) Leha ho le joalo, mofuta oa bona o ikhethang oa ’mino le tantši o ne o fapane le oa lefatše la bohetene le neng le ba potolohile.
Ka masoabi, ha ba ntse ba emetse Moshe hore a khutle Thabeng ea Sinai, Baiseraele ba ile ba felloa ke mamello, ba etsa namane ea khauta, ’me ka mor’a ho ja le ho noa, ‘ba ntoo ema ba hobela.’ (Exoda 32:1-6) Ha Moshe le Joshua ba utloa molumo oa ’mino oa bona, ba ile ba tšoenyeha hang-hang. (Exoda 32:17, 18) Baiseraele ba ne ba tlōtse “moeli,” ’me joale mofuta oa bona oa ’mino le tantši o ne o se o bontša boikutlo ba lefatše la bohetene le neng le ba potolohile.
Ka ho tšoanang le kajeno, e ka ’na eaba ’mino le tantši ka kakaretso lia amoheleha tikolohong ea rōna ’me e ka ’na eaba ha li khopise matsoalo a ba bang. Empa haeba ho fokotsoa khanya ea mabone, ho kenyelletsoa a ntseng a panya-panya, kapa ho bapaloa ’mino o nang le morethetho o fapaneng, seo qalong se neng se amoheleha joale se ka ’na sa bontša moea oa lefatše. Re ka ’na ra pheha khang ea hore, “Ke se hahabo rōna.” Arone o ile a fana ka phephi e tšoanang ha a ne a lumella mefuta ea boithabiso le borapeli ba bohetene, ka phoso a bo hlalosa e le “mokete oa Jehova.” Phephi ena e thekeselang ha ea ka ea sebetsa. Ke kahoo boitšoaro ba bona bo bileng ba nkoa e le “nyeliso har’a bahanyetsi ba bona.”—Exoda 32:5, 25, NW.
Setso se na le Sebaka sa Sona
Litloaelo tseo re sa li tloaelang li ka ’na tsa re makatsa ka lekhetlo la pele, empa hase kaofela ha tsona e leng tse hlileng li sa amoheleheng. Ka ‘matla a rōna a ho lemoha a koetlisitsoeng,’ re ka etsa qeto ea hore na ke litloaelo life tse lumellanang le melao-motheo ea Bokreste le tse sa lumellaneng le eona. (Baheberu 5:14) Ha re bontša pelo e mosa e tletseng lerato ho batho ba bang, re tla itšoara ka ho loketseng ha re thulana le litloaelo tse se nang phoso.
Ha re ntse re bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ho batho ba tikolohong ea rōna kapa libakeng tse hōle, ho atamela litso tse sa tšoaneng ka teka-tekano ho tla re nolofalletsa ho fetoha ‘lintho tsohle ho batho bohle.’ ’Me ntle ho pelaelo re tla fumana hore ha re ntse re amohela litso tse sa tšoaneng, hoo ho tla tlatsetsa tabeng ea hore re be le bophelo bo atlehileng, bo thahasellisang le bo hlasimollang.
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Tumelisano ea Bokreste e ka etsoa ka ho loketseng ka litsela tse ngata
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Pono e leka-lekaneng ka litso tse sa tšoaneng e ka lebisa bophelong bo atlehileng, bo thahasellisang