Ke Ile ka Fumana ho Hong ho Molemo ho Feta Khauta
Joalokaha Ho Boletse Charles Mylton
Ka letsatsi le leng Ntate o ile a re: “A re romele Charlie Amerika moo chelete e melang lifateng. Mohlomong a ka e fumana ’me a re romella eona!”
HA E le hantle, batho ba ne ba nahana hore literata tsa Amerika li lokisitsoe li bile li koahetsoe ka khauta. Bophelo bo ne bo ba thatafalla haholo Europe e ka bochabela mehleng eo. Batsoali ba ka ba ne ba e-na le polasi e nyenyane ’me ba ruile likhomo tse seng kae le likhōhōnyana. Re ne re se na motlakase kapa lipompo tsa metsi ka tlung. Empa, he, le ba bang ba ne ba se na tsona tikolohong eo.
Ke hlahetse Hoszowczyk ka la 1 January, 1893, hoo e ka bang lilemong tse 106 tse fetileng. Motse oa habo rōna o ne o le Galicia, e leng profinse eo e neng e le karolo ea ’muso oa Austria le Hungary ka nako eo. Hona joale Hoszowczyk e ka bochabela ho Poland haufi le Slovakia le Ukraine. Mariha a moo a ne a bata ’me lehloa le le lengata. Ha ke e-na le lilemo tse ka bang tse supileng, ke ne ke tsamaea hoo e ka bang halofo ea k’hilomithara ho ea molatsoaneng ebe ke phunya lesoba leqhoeng ka selepe hore ke khe metsi. Ke ne ke a isa hae ebe ’Mè o a sebelisa bakeng sa ho pheha le ho hloekisa. O ne a hlatsoetsa liaparo molatsoaneng, a sebelisa likoto tse khōloanyane tsa leqhoa bakeng sa ho hlatsoetsa holim’a tsona.
Ho ne ho se na likolo Hoszowczyk, empa ke ile ka ithuta ho bua Sepolishe, Serussia, Seslovak, le Seukraine. Re ile ra hōlisetsoa kerekeng ea Greek Orthodox, ’me ke ne ke le moshanyana ea sebeletsang aletareng. Empa esita le ha ke sa le monyenyane, ke ile ka utloisoa bohloko ke baruti ba reng ha rea lokela ho ja nama ka Labohlano empa bona ba e ja.
Metsoalle e meng ea rōna e ne e khutlile mesebetsing United States e e-na le chelete ea ho lokisa mahae a eona le ho reka thepa ea ho lema. Ke sona se ileng sa susumelletsa Ntate hore a bue ka ho nthomela Amerika le baahelani ba bang ba neng ba rera ho nka leeto le leng le eang moo. E ne e le ka 1907 ha ke le lilemo li 14.
Ke ne ke Selebaletsoe Amerika
Kapele ke ile ka kena sekepeng, ’me ka mor’a libeke tse peli re ne re se re tšetse leoatle la Atlantic. Ka nako eo, motho o ne a hloka lidolara tse 20, ho seng joalo o ne a tla khutlisetsoa naheng ea habo. Ke ne ke e-na le chelete ea tšepe ea lidolara tse 20, kahoo ke ile ka ba e mong oa ba limilione ba ileng ba feta lelibohong la Ellis Island, New York, ho kena Amerika. Bonneteng, chelete e ne e sa mele lifateng, ’me literata li ne li sa lokisoa le ho koaheloa ka khauta. Ha e le hantle, tse ngata li ne li sa lokisoa ho hang!
Re ile ra palama terene e eang Johnstown, Pennsylvania. Banna ba tsamaeang le ’na ba ne ba se ba kile ba fihla moo ’me ba ne ba tseba ntlo ea bolulo eo nka lulang ho eona. Morero oa ka e ne e le ho fumana ausi oa ka ea neng a lula Jerome, Pennsylvania, eo hamorao ke ileng ka tseba hore e ne e le bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 25 feela. Empa ke ne ke re Yarome, ho e-na le ho re Jerome, hobane ka puo ea heso “J” e bitsoa joaloka “Y.” Ho ne ho se motho ea kileng a utloa ka Yarome, kahoo ke ile ka iphumana ke le naheng esele, ke sa tsebe ho bua Senyesemane ’me ke se na chelete e kaalo.
Letsatsi le leng le le leng ke ne ke qeta nako ea hoseng ke batla mosebetsi. Ofising ea khiro, ho ne ho hiroa ba babeli kapa ba bararo feela har’a letšoele le fotseng ka ntle. Kahoo letsatsi ka leng ke ne ke khutlela ntlong ea bolulo ke il’o ithuta Senyesemane ke sebelisa libuka tse thusang motho ho ithuta ka boeena. Ka linako tse ling ke ne ke fumana liphisijopo, empa ho ne ho feta likhoeli, ’me chelete ea ka e ne e se e batla e felile.
Ho Kopana le Banab’eso
Ka letsatsi le leng ke ile ka feta hoteleng e nang le bara haufi le seteishene sa terene. Lijo tsa teng li ne li hlile li nkha hamonate! Lisamenchisi, lisoseje tse kentsoeng ka har’a bohobe, le lintho tse ling ka bareng li ne li fumaneha ntle ho tefo ha motho a reka biri, e neng e bitsa lisente tse hlano bakeng sa khalase e khōlō. Le hoja ke ne ke le monyenyane lilemong, morekisi o ile a nqenehela eaba o nthekisetsa biri.
Ha ke ntse ke ja, banna ba bang ba ile ba kena ba re: “Potlaka ’me u noe kapele! Terene e eang Jerome ea tla.”
Ke ile ka botsa: “Le bolela e eang Yarome?”
Banna bao ba re: “Che, e eang Jerome.” Ke hona ke ileng ka tseba moo khaitseli ea ka a lulang teng. Ha e le hantle, ha ke le bareng, ke ile ka kopana le monna e mong ea lulang seterateng se le seng le eena! Kahoo ke ile ka reka tekete ea terene ’me ka qetella ke fumane khaitseli ea ka.
Khaitseli ea ka le monna oa hae ba ne ba hlokomela ntlo ea bolulo ea basebetsi ba merafong ea mashala, ’me ke ile ka lula le bona. Ba ile ba mphumanela mosebetsi oa ho hlokomela pompo e ntšang metsi ka morafong. Neng le neng ha e khaotsa ho sebetsa, ke ne ke lokela ho bitsa setei. Mosebetsi oo o ne o lefa lisente tse 15 ka letsatsi. Eaba ke sebetsa seporong sa terene, sebakeng seo ho foromeloang litene ho sona, hape ka sebetsa ke le morekisi oa inshorense. Hamoraro ke ile ka fallela Pittsburgh moo abuti oa ka Steve a neng a lula teng. Ha re le moo, re ne re sebetsa femeng ea tšepe. Ha ho mohla ke ileng ka khona ho fumana chelete e lekaneng hore ke e romele hae.
Lelapa le Lepato
Ka letsatsi le leng ha ke ntse ke tsamaea ke e-ea mosebetsing, ke ile ka bona mosetsana e mong ea sebetsang lapeng a eme monyako oa ntlo eo a sebetsang ho eona. Ke ile ka re ka pelong, ‘Banna, a ba motle enoa motho.’ Libeke tse tharo hamorao, ka 1917, ’na le Helen re ile ra nyalana. Ka lilemo tse leshome tse latelang, re ile ra ba le bana ba tšeletseng, bao e mong oa bona a ileng a shoa e sa le lesea.
Ka 1918 Pittsburgh Railways e ile ea nkhira ke le mokhanni oa koloi e tsamaisang basebetsi. Haufi le mohaho o bolokang likoloi tse tsamaisang basebetsi ho ne ho e-na le lebenkele leo ho lona motho a ka fumanang kofi. Ha motho a le ka hare, banna ba babeli ba Bagerike bao e neng e le beng ba sebaka seo ba ne ba bonahala ba sa tsotelle hore na motho o rekile letho kapa che, hafeela ba ne ba ka mo bolella ka Bibele. Ke ne ke ee ke re: “Na le leka ho mpolella hore lefatše lohle le fositse ’me ke lōna feela le le babeli ba nepileng?”
Ba ne ba ee ba re: “Ichebele ka Bibeleng.” Empa nakong eo, ba ile ba hlōleha ho nkholisa.
Ka masoabi, ka 1928, Helen oa ka ea ratehang o ile a kula. E le hore bana ba ka fumana tlhokomelo e molemonyana, ke ile ka ba isa ho khaitseli ea ka le monna oa hae hore ba lule le bona Jerome. Nakong ena ba ne ba se ba rekile polasi. Ke ne ke etela bana hangata ’me ke fana ka chelete khoeli le khoeli bakeng sa ho lefella lijo tsa bona. Ke ne ke boetse ke ba romella liaparo. Ka masoabi, boemo ba Helen bo ile ba mpefala, ’me o ile a shoa ka la 27 August, 1930.
Ke ile ka ikutloa ke hlorile ’me ke sithabetse maikutlo. Ha ke e-ea ho moruti bakeng sa ho etsa litokisetso tsa lepato, o ile a re: “Ha u sa le setho sa kereke ena. Ho fetile selemo u sa lefe kabelo.”
Ke ile ka hlalosa hore mosali oa ka o kutse ka nako e telele le hore chelete leha e le efe e setseng ke ne ke e fa bana ba ka e le hore ba ka nehelana ka eona kerekeng e Jerome. Ho ntse ho le joalo, pele moruti eo a lumela ho tšoara lepato, ke ile ka lokela ho alima lidolara tse 50 ho lefella kabelo ea ka e saletseng morao. Moruti o ile a boela a batla lidolara tse ling tse 15 hore a tšoare ’Misa lapeng la ausi oa mosali oa ka moo metsoalle le lelapa ba neng ba rerile ho bokana teng ho isa tlhompho ea ho qetela ho Helen. Ke ile ka sitoa ho fumana lidolara tseo tse 15, empa moruti o ile a lumela ho tšoara ’Misa haeba nka mo fa chelete letsatsing leo ke fumanang moputso ka lona.
Ha letsatsi la ho fumana moputso le fihla ke ile ka lokela ho sebelisa chelete eo ho rekela bana lieta le liaparo tsa sekolo. Hoo e ka bang libeke tse peli hamorao, moruti o ile a palama koloi e tsamaisang basebetsi eo ke e khannang. O ile a re: “U nts’u nkolota lidolara tsane tse 15.” Joale, ha a fihla moo a theohang teng, o ile a ntšokela, “Ke tlil’o ea ho mong’a hao ’me ke re chelete eo e ntšoe moputsong oa hao.”
Qetellong ea letsatsi la mosebetsi, ke ile ka ea ho mookameli oa ka ’me ka mo bolella se etsahetseng. Le hoja e ne e le Mok’hatholike, o ile a re, “Haeba moruti eo a ka tla mona, ke tla mo joetsa taba tsa hae!” Seo se ile sa etsa hore ke qale ho nahana, ‘Baruti ba batla chelete ea rōna feela, empa ha ho mohla ba re rutang letho ka Bibele.’
Ho Ithuta ’Nete
Ka lekhetlo le latelang ha ke le lebenkeleng la banna bane ba babeli ba Bagerike, re ile ra buisana ka phihlelo eo ke bileng le eona le moruti eo. Ka lebaka leo, ke ile ka qala ho ithuta le Liithuti tsa Bibele, kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li bitsoa kateng nakong eo. Ke ne ke lula bosiu kaofela ke bala Bibele le lingoliloeng tsa Bibele. Ke ile ka ithuta hore Helen o ntse a sa hlokofatsoe pelekatoring, joalokaha moruti a ne a boletse, empa o robetse lefung. (Jobo 14:13, 14; Johanne 11:11-14) Ka sebele, ke ne ke fumane ho hong ho molemo ho feta khauta—e leng ’nete!
Libeke tse seng kae hamorao, sebokeng sa ka sa pele le Liithuti tsa Bibele Garden Theatre, Pittsburgh, ke ile ka phahamisa letsoho ’me ka re, “Mantsiboeeng ana ke ithutile ho hongata ka Bibele ho feta seo ke ithutileng sona ka lilemo tsohle tsa ka ke le kerekeng.” Hamorao, ha ba botsa hore na ke bo-mang ba batlang ho kopanela mosebetsing oa boboleli letsatsing le latelang, ke ile ka boela ka phahamisa letsoho.
Joale, ka la 4 October, 1931, ke ile ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Jehova ka kolobetso ea metsing. Khabareng ke ile ka khona ho hira ntlo le ho lata bana hore ba tl’o lula le ’na, ka hira mohlokomeli hore a thuse ho ba hlokomela. Ho sa tsotellehe boikarabelo ba ka ba lelapa, ho tloha ka January 1932 ho fihlela ka June 1933, ke ile ka kopanela mofuteng o itseng oa tšebeletso e khethehileng e bitsoang e thusang, eo ho eona ke neng ke qeta lihora tse 50 ho ea ho tse 60 khoeli le khoeli ke bua le ba bang ka Bibele.
Hoo e ka bang ka eona nako ena ke ile ka qala ho hlokomela moroetsana e mong e motle eo ho neng ho bonahala kamehla a palama koloi e tsamaisang basebetsi eo ke e khannang ha a e-ea mosebetsing le ha a khutla. Re ne re ee re teanye mahlo ka seiponeng sa koloi se shebileng ka morao. Ke kamoo ke ileng ka kopana le Mary kateng. Re ile ra laetsana ’me ra nyalana ka August 1936.
Ka 1949 nako ea ka e telele mosebetsing e ile ea ’nolofalletsa ho khetha nako ea mosebetsi e ntumellang ho bula maliboho, kamoo tšebeletso ea nako e tletseng e bitsoang kateng. Morali oa ka oa ho fela, Jean, o ne a qalile ho bula maliboho ka 1945, ’me re ile ra bula maliboho hammoho. Hamorao, Jean o ile a kopana le Sam Friend, ea neng a sebeletsa Bethele, e leng ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova e Brooklyn, New York.a Ba ile ba nyalana ka 1952. Ke ile ka tsoela pele ho bula maliboho Pittsburgh ’me ka khanna lithuto tse ngata tsa Bibele, ’me ka nako e ’ngoe ke ne ke li khanna malapeng a sa tšoaneng a 14 beke le beke. Ka 1958, ke ile ka tlohela mosebetsi oa ka oa ho khanna koloi e tsamaisang basebetsi. Ka mor’a moo, ho ile ha e-ba bonolo ho bula maliboho, kahobane ho ne ho se ho sa hlokahale hore ke etse mosebetsi oa boipheliso lihora tse robeli ka letsatsi.
Ka 1983, Mary o ile a kula. Ke ile ka leka ho mo hlokomela joalokaha a ne a ntlhokometse hantle haholo ka lilemo tse ka bang 50. Qetellong, ka la 14 September, 1986, o ile a hlokahala.
Ho Fumana Sebaka Seo ke Hlahetseng ho Sona
Ka 1989, Jean le Sam ba ile ba tsamaea le ’na ho ea likopanong Poland. Re ile ra boela ra etela sebaka seo ke hōletseng ho sona. Ha Marussia a hapa karolo eo ea lefatše, a ile a fetola mabitso a metse ’me a lelekela batho linaheng tse ling. E mong oa barab’eso o ile a lelekeloa Istanbul ’me khaitseli ea ka a lelekeloa Russia. ’Me batho bao re ileng ra ba botsa ba ne ba sa tsebe lebitso la motse oa heso.
Joale lithaba tse ling tse hōle li ile tsa bonahala li tloaelehile. Ha re atamela, ho ile ha hlokomeleha matšoao a mang—leralla, tsela e arohang likoto tse ’maloa, kereke, borokho holim’a nōka. Ka tšohanyetso, re ile ra makala ho bona letšoao le reng “Hoszowczyk”! Nakoana pele ho moo, Makomonisi a ne a feletsoe ke matla, ’me mabitso a pele a metse a ne a tsosolositsoe.
Ntlo eso e ne e se e le sieo, empa ho ne ho e-na le onto e neng e sebelisetsoa ho pheha ka ntle, e se e batla e koahetsoe ke mobu. Eaba ke supa sefate se seholo ’me ke re: “Bona sefate sane. Ke ile ka se lema pele ke e-ea Amerika. Bona kamoo se hōlileng kateng!” Ka mor’a moo, re ile ra etela mabitleng, re batla mabitso a litho tsa lelapa, empa ha rea ka ra a fumana.
Ho Etelletsa ’Nete Pele
Ha monna oa Jean a shoa ka 1993, Jean o ile a mpotsa hore na ke batla hore a tlohe Bethele a tl’o ntlhokomela. Ke ile ka mo bolella hore eo e ne e ka ba ntho e mpe ka ho fetisisa eo a ka e etsang, ’me ke sa ntse ke ikutloa ka tsela e tšoanang. Ke ile ka lula ke le mong ho fihlela ke le lilemo li 102, empa joale ho ile ha hlokahala hore ke fallisetsoe lehaeng la maqheku. Ke sa ntse ke le moholo Phuthehong ea Bellevue e Pittsburgh, ’me barab’abo rōna ba nkisa libokeng Holong ea ’Muso ka Lisontaha. Le hoja hona joale mosebetsi oa ka oa boboleli o fokola haholo, ke sa ntse ke le lethathamong la bo-pula-maliboho ba fokolloang ke bophelo.
Ho theosa le lilemo, ke ’nile ka thabela likolo tse khethehileng tsa ho koetlisa balebeli tse lokiselitsoeng ke Mokhatlo oa Watch Tower. Ka December selemong se fetileng, ke ile ka ba teng mananeong a mang a Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso sa baholo ba phutheho. ’Me ka la 11 April selemong sena, Jean o ile a nkisa Sehopotsong sa lefu la Kreste, e leng mokete oo ke ’nileng ka ananela ho ba le karolo ho oona selemo se seng le se seng ho tloha ka 1931.
Ba bang ho bao ke ithutileng Bibele le bona hona joale ba sebeletsa e le baholo, ba bang ke baromuoa Amerika Boroa, ’me ba bang ba na le litloholo, ba sebeletsa Molimo hammoho le bana ba bona. Ba bararo baneng ba ka—Mary Jane, John le Jean—hammoho le ba bangata ba bana ba bona le litloholo ba sebeletsa Jehova Molimo ka botšepehi. Thapelo ea ka ke hore ka letsatsi le leng morali oa ka e mong hammoho le litloholo tse ling tsa ka kaofela le litloholoana li ka etsa se tšoanang.
Hona joale ha ke le lilemo li 105, ke sa ntse ke khothalletsa bohle ho ithuta Bibele le ho buisana le ba bang ka seo ba ithutileng sona. E, ke kholisehile hore haeba u lula haufi le Jehova, le ka mohla u ke ke ua soetseha. Joale le uena u ka thabela ho hong ho molemo ho feta khauta e senyehang—e leng ’nete e re nolofalletsang ho ba le kamano ea bohlokoa le Monehi-Bophelo oa rōna, Jehova Molimo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Pale ea bophelo ba Sam Friend e hlaha tokollong ea Molula-Qhooa ea August 1, 1986, leqepheng la 22-6.
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ha ke ntse ke khanna koloi e tsamaisang basebetsi
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Lehaeng la maqheku moo ke lulang teng hona joale
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Letšoao la tsela leo re ileng ra le fumana ka 1989