U ka Tseba Bokamoso!
Batho ba bangata ba nahana ka ho teba ka bokamoso. Ba rata ho rera lintho, ho etsa matsete ka bohlale le ho ikutloa ba sireletsehile. Empa na ho na le tsela ea ho tiiseha hore na bokamoso bo tšoere eng?
HA BATHO ba leka ho fumana seo bokamoso bo se tšoereng, ba entse liteko ka lintho tsa mefuta eohle. Bo-rasaense ba sebetsanang le maemo a bophelo, bao e leng litsebi tsa bokamoso, ba hlahlobisisa liketsahalo tsa morao-rao ebe ba bolela esale pele se tla etsahala ba itšetlehile ka tsona. Litsebi tsa moruo le tsona li etsa se tšoanang karolong ea tsona. Linohe tsa linaleli le lilaoli li beha tšepo ea tsona ho bolepi ba linaleli, libolo tsa ho noha bokamoso le ho sebelisana le meea, ’me li na le balateli ba bangata. Ka mohlala, senohe sa linaleli sa Mofora Nostradamus se ntse se tumme le hoja ho se ho fetile lilemo tse makholo se shoele.
Bana bohle ba ipolelang hore ke baprofeta ba bonahetse ba sa tšepahale ka ho fetisisa ba bile ba khathatsa matla. Hobane’ng? Hobane ba hlokomoloha Jehova Molimo le Lentsoe la hae, Bibele. Ka lebaka lena, ba hlōleha ho araba lipotso tsa bohlokoa tse kang tsena: ‘Ke hobane’ng ha nka kholiseha hore lintho tse boletsoeng esale pele ka Bibeleng li tla etsahala? Li lumellana joang le morero oa Molimo ka batho? ’Na le lelapa la ka re ka rua molemo joang boprofeteng boo?’ Bibele e araba lipotso tsena.
Hape boprofeta ba Bibele bo phahame ka litsela tse ling tse ngata. Ho fapana le seo linohe tsa linaleli li bolelang esale pele hore se tla etsahala, bo etsa hore motho a be le bolokolohi ba ho ikhethela. Kahoo, ha ho motho eo e leng phofu ea qetello e reriloeng esale pele e ke keng ea qojoa. (Deuteronoma 30:19) Lingoliloeng tse kang tsa Nostradamus ha li na letho le buang ka boitšoaro, ’me li pata taba ena ea ho se bue ka boitšoaro ka ho bua ka sephiri le litaba tse amang maikutlo. Empa boprofeta ba Bibele bo na le motheo o tiileng oa boitšoaro. Bo hlalosa lebaka leo ka lona Molimo a tla phethahatsa morero oa hae. (2 Likronike 36:15) ’Me ha ho mohla boprofeta ba Jehova bo hlōlehang, hobane ‘Molimo a ke ke a bua leshano.’ (Tite 1:2) Kahoo, batho ba tataisoang ke Lentsoe la Molimo ba phela bophelo bo bonahatsang tsebo, bo nang le morero le bo thabileng empa ba sa senye nako ea bona ea bohlokoa le matlotlo ka ho lelekisa lintho tsa lefeela.—Pesaleme ea 25:12, 13.
Ho builoe ka lintlha tsena le tse ling tse ngata Likopanong tsa Setereke tsa Lipaki tsa Jehova tsa “Lentsoe la Molimo la Boprofeta” tsa 1999/2000 tse neng li tšoeroe ho pota lefatše. Lipuo, lipuisano tse etsoang ka lipotso, lipontšo le tšoantšiso ea Bibele li ile tsa lebisa tlhokomelo ea bamameli lefeng la moea le babatsehang le thabeloang ke ba ithutang lentsoe la Molimo la boprofeta le ho le sebelisa. Sehlooho se latelang se tla hlahloba lintlha tse ling tse thabisang tsa kopano eo.