Lentsoe la Molimo la Boprofeta le Fana ka Tšepo Bakeng sa Bokamoso
KA LEBAKA la Lentsoe la Molimo, Bibele e Halalelang, Bakreste ba ’nete ba talima bokamoso ka tumelo, tšepo le kholiseho. Ka lebaka la ho sireletseha kamanong ea bona le Jehova Molimo, ba lebeletse nako e tlang ka thabo. Joalokaha puo e bulang Likopanong tsa Setereke tsa “Lentsoe la Molimo la Boprofeta” e hlalositse, Lipaki tsa Jehova e ’nile ea e-ba liithuti tse mafolofolo tsa boprofeta ba Bibele ka lilemo tse ngata. Kahoo, Jehova o ne a boloketse batho ba hae eng likopanong tsee? Ba tšoere Libibele tsa bona, bohle ba neng ba le teng ba ne ba labalabela ho ithuta. Sehlooho sa letsatsi ka leng la kopano se hlahisitsoe e le sehloohoana se ikemetseng.
LETSATSI LA PELE: Ho Tsamaea Leseling la Lentsoe la Molimo
Puo e reng “Lentsoe la Molimo le re Tataisitse” e ile ea hlalosa hore batho ba Jehova ba tšoana le motho ea qalisang leeto lefifing la bosiu. Ha letsatsi le chaba, o bonela lintho leroothong, empa ha letsatsi le le hloohong tsa mengala, o bona lintho ka ho hlaka. Joalokaha ho boletsoe esale pele ho Liproverbia 4:18, batho ba Jehova ba se ba bona tsela ea bona ka ho hlaka khanyeng ea ’nete e tsoang lentsoeng la Molimo la boprofeta. Ha baa tlohelloa hore ba khoptjoe lefifing la moea.
Puo ea sehlooho e reng, “Ela Hloko Lentsoe la Molimo la Boprofeta,” e ile ea hopotsa bamameli hore ba tšepileng Jehova ba lokolohile masoabing le thetsong tseo batho ba latelang bo-mesia ba bohata le baprofeta ba bohata ba li latsoang. Se fapaneng ka ho hlakileng ke hore bopaki ba hore Jesu Kreste ke Mesia oa ’nete, bo bongata haholo! Ka mohlala, mohlolo oa hore Jesu a fetohele boemong bo phahameng bo khanyang o entse hore a bonoe ka mahlo a kelello e le Morena oa ’Muso oa Molimo ea lutseng teroneng. Esale a e-ba matleng a ’Muso ka 1914, Jesu e boetse ke “naleli ea motšehare” eo ho buuoang ka eona ho 2 Petrose 1:19. Sebui se ile sa re: “E le Naleli ea Motšehare ea Bomesia, o bontša ho qaleha ha letsatsi le lecha, kapa mehla, le tlang ho qaleha bakeng sa moloko oohle oa batho ba mamelang.”
Ha puo e reng “Ho Khanya Joaloka Maseli” e ne e qalisa lenaneo la motšehare oa mantsiboea, e ile ea atolosa Baefese 5:8, moo moapostola Pauluse a re eletsang hore re ‘tsoele pele ho tsamaea joaloka bana ba leseli.’ Bakreste ke maseli, eseng feela ka ho abela ba bang Lentsoe la Molimo empa hape ka ho sebelisa Bibele bophelong ba bona, ba etsisa Jesu.
E le hore re ka ba maseli a mofuta ona, re lokela ho “Thabela ho Bala Lentsoe la Molimo.” Sehlooho sena se ile sa hōlisoa ka neheletsano ea likarolo tse tharo. Ka mor’a ho qotsa Abraham Lincoln, ea ileng a re Bibele ke “mpho e molemohali eo Molimo a kileng a e fa motho,” sebui sa pele se ile sa botsa bamameli hore na mekhoa ea bona ea ho bala e senola eng ka botebo ba kananelo ea bona ea Lentsoe la Jehova. Bamameli ba ile ba khothalletsoa ho bala Bibele ka hloko, ho ipha nako ea ho bona litlaleho tsa Mangolo ka mahlo a kelello le ho amahanya lintlha tse ncha le lintho tseo ba seng ba ntse ba li tseba.
Karolo e latelang ea neheletsano e ile ea hatisa tlhokahalo ea ho ithuta, eseng feela ho balla ho fetisa nako, e le hore re tle re monye “lijo tse tiileng.” (Baheberu 5:13, 14) Sebui se ile sa re ho ithuta, ka ho khetheha hoa haha haeba re ‘lokisa lipelo tsa rōna’ esale pele, joaloka moprista oa Moiseraele Esdrase. (Esdrase 7:10, NW) Empa ke hobane’ng ha ho ithuta e le habohlokoa hakaale? Hobane ho amana ka ho toba le kamano ea rōna le Jehova. Kahoo, ho ithuta Bibele e lokela ho ba ntho ea bohlokoa, e thabisang le e khathollang, le hoja ho akarelletsa ho laea kelello le ho etsa boiteko. Ke joang re fumanang nako ea thuto e nang le morero? Ka ho “ithekela nako e loketseng” mesebetsing eo eseng ea bohlokoa hakaalo, e leng kamoo sebui sa ho qetela neheletsanong ena se ileng sa bolela kateng. (Baefese 5:16) E, senotlolo sa ho fumana nako ke ho sebelisa nako eo re nang le eona hamolemohali.
Puo e reng “Molimo o fa ea Khathetseng Matla” e ile ea bontša hore batho ba bangata ba khathetse mehleng ena. E le hore re ka ba le “matla a ka ’nģane ho se tloaelehileng” a ho etsa tšebeletso ea Bokreste, ho hlokahala hore re tšepe Jehova, ea ‘fang ea khathetseng matla.’ (2 Bakorinthe 4:7; Esaia 40:29) Lithuso tse matlafatsang li akarelletsa Lentsoe la Molimo, thapelo, phutheho ea Bokreste, ho ba tšebeletsong kamehla, balebeli ba Bakreste le mohlala o bontšang botšepehi oa ba bang. Sehlooho se reng “Le be Mesuoe ka Lebaka la Nako” se ile sa totobatsa hore ho hlokahala hore Bakreste e be mesuoe le baboleli ’me ba sebetse ka thata ho hlaolela “tsebo ea ho ruta.”—2 Timothea 4:2.
Puong ea ho qetela letsatsing leo e reng, “Ba Loantšang Molimo ba ke ke ba Hlōla,” ho ile ha buuoa ka boiteko bo tsoileng tseleng bo sa tsoa etsoa linaheng tse ling ba hore Lipaki tsa Jehova li bitsoe sehlotšoana sa borapeli sa bokhelohi se kotsi. Empa ha ho hlokahale hore re tšabe, hobane Esaia 54:17 e re: “Lerumo le leng le le leng le teetsoeng ho u loantša, le ke ke la etsa letho; leleme le leng le le leng le tlang ho u tsohela matla ho u tsekisa, u tla le tsoa. Ke lona lefa la bahlanka ba Jehova, le ho loka ha bona ho tsoang ho ’na, ho bolela Jehova.”
LETSATSI LA BOBELI: Lintho Tse Tsebahalitsoeng ka Mangolo a Boprofeta
Ka mor’a ho hlahloba temana ea letsatsi, ba bokaneng ba ile ba thabela neheletsano ea bobeli kopanong ena, e neng e na le sehlooho se reng “Ho Tlotlisa Jehova re le Bajari ba Leseli.” Puo ea pele e ile ea bontša hore pakane ea Mokreste ke ho tlotlisa Jehova ka ho bolela hohle. Karolo e latelang e ile ea bua ka tlhokahalo ea ho lebisa ba arabelang mokhatlong o hlophisitsoeng oa Molimo. Joang? Ka hore re nke metsotso e mehlano kapa e leshome pele kapa ka mor’a thuto e ’ngoe le e ’ngoe ea lehae ea Bibele re bontša kamoo mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo o sebetsang kateng. Puo ea boraro neheletsanong ena e ile ea hatisa hore ho hlokahala hore Molimo a tlotlisoe ka mesebetsi e metle.
Puo e reng “Rata Likhopotso Tsa Jehova ka ho Fetisisa” e ile ea akaretsa litemana tse khethiloeng tsa Pesaleme ea 119. Ka sebele, re hloka likhopotso, hobane kaofela re sekametse ho lebaleng. Ka hona, ke habohlokoa hakaakang hore re rate likhopotso tsa Jehova, feela joalokaha mopesaleme a ile a li rata!
Eaba ho latela se thabisang ka ho khethehileng—e leng puo ea kolobetso eo sehlooho sa eona se neng se re, “Ho Ela Hloko Lentsoe la Boprofeta ho Lebisa Kolobetsong.” Ba eang kolobetsong ba ile ba hopotsoa hore ba etsisa Kreste eseng feela ka ho kolobetsoa empa hape ka ho latela mehato ea hae haufi-ufi. (1 Petrose 2:21) Ke tokelo e kaakang eo bana ba bacha ba nang le eona ea ho kopanela phethahatsong ea Johanne 10:16, moo Jesu a boletseng esale pele hore o ne a tla bokella “linku tse ling” hore li sebeletse haufi le barutuoa ba hae ba tlotsitsoeng ka moea!
Ha e qalisa lenaneo la motšehare oa mantsiboea, puo e reng “Utloa Seo Moea o se Bolelang” e ile ea hlalosa hore moea oa Jehova o bua le rōna ka Bibele, “lekhoba le tšepahalang le le masene” le ka matsoalo a rōna a koetlisitsoeng ka Bibele. (Matheu 24:45) Kahoo, ha ho hlokahale hore Bakreste ba utloe lentsoe la sebele le tsoang leholimong e le hore ba tsebe kamoo ba ka thabisang Molimo. Puisano e latelang e reng, “Ho Tšehetsa ka Tieo Thuto e Lumellanang le Boinehelo ba Bomolimo,” e ile ea khothatsa Bakreste ka matla hore ba se ke ba hlahloba likhopolo tse hlephisang boitšoaro tse buelloang ke lefatše lena. Ka sebele, bohelehele bo sa laoloeng bo ka re pepesetsa boitsebiso bo lematsang bo jetsoeng ke bakoenehi le mahlahana a mang a Satane. Ho molemo hakaakang ho bala Bibele kamehla hammoho le lihlooho tsohle tsa Molula-Qhooa le Tsoha!
Puo e latelang eo sehlooho sa eona se neng se re “Tsoelang Pele le Tšoareletse Mohlaleng oa Mantsoe a Phelisang Hantle,” e ile ea hatisa bohlokoa ba ho tloaelana ka ho feletseng le “mohlala” oa Mangolo, kapa motheo oa ’nete. (2 Timothea 1:13) Ho utloisisa mohlala ona hase senotlolo sa ho ba le boinehelo ba bomolimo feela empa e boetse ke senotlolo sa ho hlokomela se sa lumellaneng le ’nete.
Ak’u inahane u se u talingoa ke Jehova u le ea lakatsehang. Ke tlotla e kaakang! Puo e thehiloeng boprofeteng ba Haggai e reng “‘Lintho Tse Lakatsehang’ li Tlala ka Tlung ea Jehova” e ne e khothatsa haholo hobane e ile ea kholisa bamameli hore setho ka seng sa “bongata bo boholo” ka sebele sea lakatseha ho Jehova. (Tšenolo 7:9) Ka lebaka leo, Jehova o tla ba sireletsa ha a “sisinya” lichaba ka lekhetlo la ho qetela nakong ea “matšoenyeho a maholo.” (Haggai 2:7, 21, 22; Matheu 24:21) Leha ho le joalo, ka nako e tšoanang, batho ba Jehova ba lokela ho lula ba lebetse moeeng, joalokaha ho ile ha hlalosoa karolong e reng “Mangolo a Boprofeta a re Etsa ba Falimehileng.” Sebui se ile sa qotsa mantsoe a Jesu a reng: “Ka hona, le lule le lebetse, hobane ha le tsebe hore na Morena oa lōna o tla ka letsatsi lefe.” (Matheu 24:42) Re ka lula re falimehile joang moeeng? Ka ho lula re tšoarehile tšebeletsong ea Jehova, re rapela re sa khaotse re bile re lula re lebeletse letsatsi la Jehova le leholo.
Sehlooho sa puo ea ho qetela letsatsing leo se ne se re “Lentsoe la Boprofeta Nakong ea Bofelo.” E tla hopoloa lilemong tse ngata tse tlang. Hobane’ng? Hobane sebui se ile sa phatlalatsa ho lokolloa ha buka e ncha—Ela Hloko Boprofeta ba Daniele! Sebui se ile sa re “Khatiso ena e nang le litšoantšo tse ntle e maqephe a 320 e akaretsa karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea buka ea Daniele.” Ke bopaki bo matlafatsang tumelo hakaakang ba hore Jehova o khantša leseli Lentsoeng la hae la boprofeta!
LETSATSI LA BORARO: Lentsoe la Molimo la Boprofeta ha le Hlōlehe le ka Mohla
Letsatsi la ho qetela la kopano le ile la qala ka neheletsano eo sehlooho sa eona se neng se re “Mantsoe a Boprofeta Bakeng sa Nako e Behiloeng.” Likarolo tsena tse tharo li ile tsa hlahloba liphatlalatso tse tharo tsa moprofeta Habakuke tsa likahlolo tsa Jehova. Ea pele e ne e le khahlanong le Juda e tsoileng tseleng ’me ea bobeli e le khahlanong le Babylona e hatellang. Ea ho qetela, eo e leng hona e tla phethahatsoa, e amana le timetso e haufi ea batho bohle ba khopo. Ha a bua ka Armagedone, mor’abo rōna ea ileng a lihela likhala neheletsanong ena o ile a susumetsa tšabo ea bomolimo ka tekanyo e khōlō bamameling ba hae ha a ne a re: “Ke ’nete hore ho tla tšosa ha Jehova a lokolla ka sekhahla matla a feletseng a hae.”
“Ho Ananela Lefa la Rōna la Moea” e ne e le sehlooho sa tšoantšiso ea Bibele e amang maikutlo kopanong ena. Nehelano ena e fatang maikutlo e ile ea bapisa boikutlo ba Jakobo le Esau mabapi le lintho tsa moea. Esau o ile a nyelisa lefa la hae la moea, ka lebaka leo la fuoa Jakobo ea neng a le ananela. Ba leng teng kopanong ba ile ba botsoa: “Jehova o re file [lefa lefe la moea]?” Sebui se ile sa araba: “’Nete ea Lentsoe la hae, Bibele; tšepo ea bophelo bo sa feleng; le tlotla ea ho mo emela re le baboleli ba litaba tse molemo.”
Sehlooho se latelang se ne se re “Lefa la Rōna la Bohlokoa le Bolela’ng ho Uena?” Re bontša boikutlo bo nepahetseng mabapi le lefa la rōna la moea ka ho etelletsa pele tšebeletso ea Jehova le litokelo tsa moea ka pel’a lithahasello tsa rōna kapa tsa lintho tse bonahalang. Ka tsela ena, re etsa hore bophelo ba rōna bo likolohe kamanong ea rōna le Jehova, re fapane hōle le Adama, Esau le Baiseraele ba sa tšepahaleng.
Puo ea phatlalatsa e neng e e-na le sehlooho se reng “Ho Etsa Lintho Tsohle li be Ncha—Joalokaha ho Boletsoe Esale Pele,” e ile ea lohella hammoho lintlha tse ’nè tsa boprofeta mabapi le “maholimo a macha” le “lefatše le lecha.” (Esaia 65:17-25; 66:22-24; 2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:1, 3-5) Ho hlakile hore Jehova o ne a nahanne ka phethahatso e khōloanyane ea boprofeta bona ho feta e ileng ea etsahala ho sechaba sa hae se tsosolositsoeng ka 537 B.C.E. E, o ne a nahanne ka puso ea hae ea ’Muso (“maholimo a macha”) le bafo ba ’ona ba lefatšeng (“lefatše le lecha”), ba neng ba tla lula paradeiseng e khanyang lefatšeng lohle.
Puo e lihelang likhala ka tsela e thabisang le e susumetsang e ne e e-na le sehlooho se reng “Tebello ea Rōna ha re Ntse re Tataisoa ke Lentsoe la Molimo.” E ile ea hopotsa bohle hore “nako e setseng e fokotsehile” bakeng sa ho phetha mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso. (1 Bakorinthe 7:29) E, re eme lintšing tsa ho phethahala ha kahlolo ea Jehova khahlanong le Satane le tsamaiso eohle ea hae e khopo. E se eka boikutlo ba rōna bo ka tšoana le ba mopesaleme ea ileng a bina: “Meea ea rōna e itšepetse Jehova: ke eena thuso ea rōna le thebe ea rōna.” (Pesaleme ea 33:20) Ke tebello e khanyang hakaakang e larileng ka pele ho bao litebello tsa bona li thehiloeng lentsoeng la Molimo la boprofeta!
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Tšoantšiso e susumetsang e ile ea eketsa kananelo ea bahlanka ba Jehova bakeng sa lefa la moea
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ba bangata ba ileng ba ela hloko lentsoe la Molimo la boprofeta ba ile ba kolobetsoa