“Baboleli ba ’Muso ba Chesehang” ba Bokana ka Thabo
LEFATŠE le ferekanngoa ke mathata a boitšoaro, a moruo le a lipolotiki. Leha ho le joalo, har’a pherekano ena Lipaki Tsa Jehova li ile tsa bokana ka matsatsi a mararo a tletseng khotso bakeng sa Likopano Tsa Setereke Tsa “Baboleli ba ’Muso ba Chesehang.” Likopano tsena li ile tsa tšoaroa lefatšeng lohle ho tloha ka May 2002.
Ka sebele likopano tsena e bile liboka tsa thabo. Ka bokhutšoanyane a re hlahlobeng lenaneo le matlafatsang la Bibele.
Letsatsi la Pele le Ile la Totobatsa Cheseho ea Jesu
Sehlooho sa letsatsi la pele la kopano se ne se re “Etsisa Cheseho ea Morena oa Rōna, Jesu.” (Johanne 2:17) Puo e reng “Thabelang ho Bokana le le Baboleli ba ’Muso” e ile ea mema bamameli ka mofuthu hore ba kopanele thabong e khethollang likopano tsa batho ba Molimo kamehla. (Deuteronoma 16:15) Puo ena e ile ea lateloa ke lipuisano le baboleli ba chesehang ba litaba tse molemo.
Puong e reng “Ithabele ka ho Phethehileng ho Jehova” ho ile ha buuoa ka Pesaleme ea 37:1-11 temana ka temana. Re ile ra khothalletsoa hore re se ke ra ‘halefa’ ka lebaka la se bonahalang eka ke katleho ea ba khopo. Le hoja ba babe ba ka re etselletsa, ka nako e loketseng Jehova o tla hlakisa hore na ka sebele bao e leng batho ba hae ba tšepahalang ke bafe. Puong e reng “Iponahatseng le le ba Lebohang” ho ile ha buuoa ka tsela eo re ka lebohang Molimo ka eona. Bakreste bohle ba lokela ho nyehela “sehlabelo sa thoriso” ho Jehova. (Baheberu 13:15) Ha e le hantle, nako eo re nehelanang ka eona tšebeletsong ea Jehova e itšetlehile ka kananelo ea rōna le maemo a rōna.
Puo ea sehlooho e ne e re “Baboleli ba ’Muso ba Susumetsoang ke Cheseho.” Puong ena ho ile ha boleloa hore Jesu Kreste ke mohlala oa rōna o molemo ka ho fetisisa oa cheseho. Ka mor’a hore ’Muso oa leholimo o thehoe ka 1914, Bakreste ba ’nete ba ne ba hloka cheseho hore ba phatlalatse litaba tse molemo. Sebui se ile sa bua ka kopano ea Cedar Point, Ohio, U.S.A., ka 1922 ’me sa re hopotsa memo ea bohlokoa, e reng: “Phatlalatsang Morena le ’Muso oa hae”! Qetellong, cheseho ea bahlanka ba tšepahalang ba Molimo e ile ea ba susumelletsa ho bolela linnete tse babatsehang tsa ’Muso lichabeng tsohle.
Puong e reng “U se ke Ua Tšoha U Tsebe Hore Jehova o na le Rōna,” e ileng ea fanoa letsatsing la pele thapama, ho ile ha bontšoa hore Satane o hlasela batho ba Molimo ka ho khetheha. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe khanyetso eo re thulanang le eona, ha re nahana ka mehlala e mengata ea tumelo ea batho ba mehleng ea Bibele le ba kajeno, re ba le sebete sa ho thulana le liteko re sa tšabe.—Esaia 41:10.
Lenaneong ho ile ha latela puo ea neheletsano e likarolo li tharo ea sehlooho se reng “Boprofeta ba Mikea bo re Matlafalletsa ho Tsamaea ka Lebitso la Jehova.” Sebui sa pele se ile sa bapisa ho senyeha ha boitšoaro, bokoenehi le lerato la lintho tse bonahalang, tsa mehleng ea Mikea le tsa mehleng ea rōna. Se ile sa re: “Tšepo ea rōna ea bokamoso e tla tiea haeba re hlaolela ho ba le lipelo tse utloang ’me re tiisa hore boitšoaro ba rōna boa halalela ’me bophelo ba rōna bo tletse liketso tsa boinehelo ba bomolimo, le haeba le ka mohla re sa lebale hore letsatsi la Jehova le tla tla.”—2 Petrose 3:11, 12.
Sebui sa bobeli puong ena ea neheletsano se ile sa bua ka ho nyatsa ha Mikea baeta-pele ba Juda. Ba ne ba tlatlapa batho ba mafutsana le ba sitoang ho itšireletsa. Empa hape Mikea o ile a bolela esale pele ho hlōla ha borapeli ba ’nete. (Mikea 4:1-5) Kaha re matlafalitsoe ke moea o halalelang oa Jehova, re ikemiselitse ho phatlalatsa molaetsa ona o khathollang oa tšepo. Empa re lokela ho etsa joang haeba re nahana hore re sitisoa ke ho kula kapa ke lintho tse ling? Sebui sa boraro se ile sa re: “Litlhokahalo tsa Jehova hase tse thata-thata ’me li ka finyelloa.” Se ile sa tsoela pele ho bua ka lintlha tse sa tšoaneng tsa Mikea 6:8, e reng: “Jehova o batla eng ho uena haese hore u sebelise toka u rate mosa ’me u inyenyefatse ha u tsamaea le Molimo oa hao?”
Kaha ho senyeha ha boitšoaro lefatšeng ho ka ama Bakreste, kaofela re ile ra rua molemo puong e reng “Lula U Hloekile ka ho Sireletsa Pelo ea Hao.” Ka mohlala, ha re lula re hloekile, sena se tla re thusa hore re be le manyalo a thabileng. Joaloka Bakreste, ha rea lokela ho nahana ka ho kopanela boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate.—1 Bakorinthe 6:18.
Puong e neng e re “Itebele Khahlanong le Thetso” ho ile ha bontšoa hore ka bohlale re nka hore thuto e sothiloeng, linnete tse sa fellang le mashano a totobetseng, tse buuoang ke bakoenehi ke chefo. (Bakolose 2:8) Hape, re se ke ra ithetsa ka ho nahana hore re ka khotsofatsa litakatso tsa rōna tsa boetsalibe re sa intše kotsi.
Sehlooho sa puo ea ho qetela letsatsing leo se ne se re “Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete.” Ha maemo a lefatše a ntse a mpefala, ho khothatsa hakaakang ho tseba hore Jehova o tla tloha a tlisa lefatše la hae le lecha la ho loka! Ke bo-mang ba tla phela ho lona? Ke feela ba rapelang Jehova. Ho thusa rōna, bana ba rōna le liithuti tsa rōna tsa Bibele hore re finyelle pakane ena, sebui se ile sa lokolla buka e ncha ea ho ithuta ea Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete. Re ile ra thabela ho e fumana hakaakang! Letsatsi la Bobeli le Ile la Totobatsa ho Chesehela se Molemo
Sehlooho sa letsatsi la bobeli la kopano se ne se re “Chesehelang se Molemo.” (1 Petrose 3:13) Sebui sa pele se ile sa tšohla temana ea letsatsi ea Bibele. Se ile sa totobatsa hore ho hlahloba temana ea letsatsi kamehla le ka tsela e nang le morero, ho eketsa cheseho ea rōna.
Ka mor’a moo ho ile ha latela puo ea neheletsano e reng “Baboleli ba ’Muso ba Tlotlisang Tšebeletso ea Bona.” Karolo ea pele e ile ea hatisa bohlokoa ba ho tšoara Lentsoe la Molimo ka nepo. (2 Timothea 2:15) Ha re sebelisa Bibele ka katleho, ho tla bula tsela ea hore e ‘fane ka matla’ bophelong ba batho. (Baheberu 4:12) Re lokela ho lebisa batho Bibeleng le ho beha mabaka ka eona ka tsela e kholisang. Karolo ea bobeli ea puo ena ea neheletsano e ile ea re khothalletsa ho khutlela khafetsa ho batho ba thabelang. (1 Bakorinthe 3:6) Ho hlokahala tokisetso le sebete ho khutlela kapele ho batho bohle ba thabelang. Karolo ea boraro e ile ea re khothalletsa hore re nke motho e mong le e mong eo re buisanang le eena e le eo e tla ba morutuoa ’me ea bontša hore ho buella thuto ea Bibele ketelong ea pele ho ka tlisa thabo ea ho thusa batho hore e be barutuoa.
Sehlooho sa puo e latelang se ne se re “Lebaka la Hore re ‘Rapele re sa Phetse.’” Bibele e khothalletsa Bakreste hore ba batle tataiso ho Molimo maemong ’ohle a bophelo. Re lokela ho behella ka thōko nako ea ho rapela boinotšing. Ho feta moo, re lokela ho phehella thapelong, hobane Jehova a ka ’na a re tlohella hore re rapele ka nakoana pele a re araba.—Jakobo 4:8.
Puong e reng “Moqoqo o Likolohang Linthong Tsa Moea oa Haha” re ile ra khothalletsoa ho sebelisa mpho ea rōna ea ho bua e le hore re itsoele molemo re be re tsoele le ba bang molemo. (Bafilipi 4:8) Ho hlokahala hore banyalani le bana ba qoqe ka lintho tsa moea letsatsi le leng le le leng. Malapa a ka etsa sena ka hore a leke ho ja hammoho bonyane hang ka letsatsi, e le hore a ka ba le moqoqo o hahang.
Lenaneo la hoseng le ile la koaloa ka puo e thabisang e reng “Kamoo Boinehelo le Kolobetso li Lebisang Polokong.” Ba eang kolobetsong ba ne ba se ba ruile tsebo, ba sebelisitse tumelo, ba bakile, ba sokolohile ’me ba inehetse ho Molimo. Sebui se ile sa re ka mor’a ho kolobetsoa, ba lokela ho tsoela pele ba hōla moeeng le ho lula ba ntse ba cheseha ebile ba itšoere hantle.—Bafilipi 2:15, 16.
Thapameng eo, ho ile ha totobatsoa lintlha tse khōlō tse peli puong e reng “Inyenyefatse ’me U Boloke Leihlo la Hao le Talimile Nģa e le ’Ngoe.” Ho inyenyefatsa ho bolela ho tseba mefokolo ea rōna le boemo ba rōna ka pel’a Molimo. Ho inyenyefatsa ho re thusa ho lula re e-na le leihlo ‘le talimileng nģa e le ’ngoe’—le tsepameng litabeng tsa ’Muso oa Molimo, eseng linthong tse bonahalang. Haeba re etsa seo, ho ke ke ha e-ba le lebaka la hore re tšoenyehe, kaha Jehova o tla re fa lintho tseo re li hlokang.—Matheu 6:22-24, 33, 34.
Sebui se latelang se ile sa bontša lebaka leo ka lona re lokelang ho “Tšepa Jehova ka ho Feletseng Linakong Tsa Mahlomola.” Ke joang re ka thulanang ka katleho le lintho tse kang bofokoli ba botho le mathata a lichelete kapa a bophelo? A re kōpeng Jehova hore a re fe bohlale bo ka re tsoelang molemo ’me re kōpe thuso ho ba bang. Ho e-na le ho inehella ho tšoha kapa ho tsieleha, re lokela ho matlafatsa ho tšepa ha rōna Molimo ka ho bala Lentsoe la hae.—Baroma 8:35-39.
Puo ea ho qetela ea neheletsano kopanong ena e ne e e-na le sehlooho se reng “Boleng ba Tumelo ea Rōna bo Lekoa ka Liteko Tse sa Tšoaneng.” Karolo ea pele e ile ea re hopotsa hore Bakreste bohle ba ’nete baa hlorisoa. Mahloriso ke bopaki ho ba bang, a matlafatsa tumelo ea rōna ’me a re fa monyetla oa ho bontša hore rea tšepahala ho Molimo. Le hoja re ke ke ra ipeha kotsing ntle ho mabaka, re ke ke ra sebelisa mekhoa eo e seng ea Mangolo ho qoba mahloriso.—1 Petrose 3:16.
Sebui sa bobeli puong ena ea neheletsano se ile sa lebisa tlhokomelo lipotsong tse buang ka ho se jele paate. Bakreste ba pele ba ne ba se khahlanong le ntoa ka ho feletseng, empa ba ne ba hlokomela hore ba lokela ho tšepahala ho Molimo pele. Ka ho tšoanang, kajeno Lipaki Tsa Jehova li khomaretse molao-motheo o reng: “Ha le karolo ea lefatše.” (Johanne 15:19) Kaha liteko tsa ho se jele paate li ka hlaha ka potlako, malapa a lokela ho behella ka thōko nako ea ho hlahloba tataiso ea Bibele tabeng ena. Joalokaha puo ea boraro neheletsanong ena e ile ea bontša, sepheo sa Satane hase hakaalo ho re bolaea, empa ke ho re hatella hore re se ke ra tšepahala. Ka ho mamella ka botšepehi ho songoa, likhatello tsa boitšoaro bo bobe, bohloko ba maikutlo le ho kula, re tlisa thoriso ho Jehova.
Memo e mofuthu e reng “Atamela ho Jehova” e ne e le sehlooho sa puo ea ho qetela letsatsing leo. Ho utloisisa litšobotsi tsa Jehova tse ka sehloohong ho re atametsa ho eena. O sebelisa matla a hae a se nang moeli ho sireletsa batho ba hae, haholo-holo moeeng. Toka ea hae hase e se nang boikutlo empa e mo susumelletsa ho fana ka bophelo bo sa feleng ho bohle ba sebetsang ho loka. Bohlale ba Molimo bo bonahetse tseleng eo a sebelisitseng batho ba sa phethahalang hore ba ngole Bibele. Lerato la hae le ipiletsa ka ho fetisisa, e leng lona le ileng la mo susumelletsa ho lokisetsa batho poloko ka Jesu Kreste. (Johanne 3:16) Sebui se ile sa phetha ka ho lokolla buka e ncha e ipiletsang ea Atamela ho Jehova.
Letsatsi la Boraro le Ile la Lebisa Tlhokomelo ho Cheseheleng Mesebetsi e Metle
Sehlooho sa letsatsi la boraro la kopano se ne se re “Sechaba se Chesehelang Mesebetsi e Metle.” (Tite 2:14) Lenaneo la hoseng le ile la qala ka puisano ea lelapa ea temana ea letsatsi. Ho ile ha latela puo e reng “Na Tšepo ea Hao e ho Jehova?” Lichaba li behile tšepo ea tsona hosele ka ho tšepa bohlale ba tsona le matla a tsona. Leha ho le joalo, bahlanka ba Jehova bona ba mo tšepile ka sebete le ka thabo ho sa tsotellehe mahlomola.—Pesaleme ea 46:1-3, 7-11.
Puo e nang le sehlooho se reng “Bacha—Hahang Bokamoso le Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Jehova” e ile ea lebisa tlhokomelo potsong e reng: Mocha a ka fumana se molemohali joang bophelong? Mocha a ke ke a fumana se molemohali bophelong ka ho lelekisa chelete, maruo le botumo. Ka lerato ’Mōpi oa rōna o khothalletsa bacha hore ba mo hopole ha ba sa le banyenyane. Sebui se ile sa buisana le ba bang ba ileng ba ikitlaetsa tšebeletsong ea Bokreste e sa le bacha, ’me thabo ea bona e ile ea fetela ho rōna. Ho bile molemo hakaakang ho fumana pampitšana e ncha ea Bacha—Le Tla Etsa’ng ka Bophelo ba Lōna?, e etselitsoeng ho thusa bacha ba Lipaki ho rala motheo oa bokamoso bo sa feleng mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova!
Ho ile ha latela tšoantšiso ea Bibele e hapang maikutlo e reng “Ema U Tiile Linakong Tse Thata.” E ile ea bua ka mosebetsi oa Jeremia oa nako e telele ho tloha ha a sa le mocha ho fihlela ha ho timetsoa Jerusalema, e leng seo a neng a se profetile ka cheseho. Jeremia o ne a nahana hore ha a tšoanelehele kabelo ena, empa o ile a e phetha ho sa tsotellehe khanyetso, ’me Jehova o ile a mo lopolla.—Jeremia 1:8, 18, 19.
Tšoantšiso e ile ea lateloa ke puo e reng “Etsisa Jeremia—Bolela Lentsoe la Molimo ka Sebete.” Baboleli ba ’Muso ba kajeno hangata ba hlaseloa ka liketselletso. (Pesaleme ea 109:1-3) Leha ho le joalo, joaloka Jeremia, re ka sebetsana le ho nyahama ka ho ithabela Lentsoeng la Jehova. Re kholisehile hore ba re loantšang ba ke ke ba hlōla.
Ka sebele puo ea phatlalatsa e ne e e-na le sehlooho se nakong se reng “Boemo ba Lefatše Lena Boa Fetoha.” Ho bile le liphetoho tse khōlō mehleng ea rōna. Bibele e ile ea bolela esale pele hore maemo a joalo a akarelletsang mohoo oa “khotso le tšireletseho,” a ne a tla etella pele letsatsi la Molimo le tšosang la kahlolo. (1 Bathesalonika 5:3) Le tla tlisa liphetoho tse babatsehang—ho fela ha lintoa tsohle, tlōlo ea molao, pefo esita le maloetse. Kahoo, ho e-na le ho tšepa tsamaiso ena ea lintho, ena ke nako ea ho phehella boinehelo ba bomolimo le ho lula re hloekile boitšoarong.
Kakaretso ea thuto ea Molula-Qhooa oa beke eo, e ile ea lateloa ke puo ea ho qetela ea kopano, e nang le sehlooho se reng “Ateloang ke Mesebetsi e Metle Joaloka Baboleli ba ’Muso ba Chesehang.” Sebui se ile sa bontša kamoo lenaneo le re hahileng kateng moeeng ’me sa re khothalletsa ho tšepa Jehova. Qetellong, re ile ra khothalletsoa hore re be baboleli ba ’Muso oa Molimo ba hloekileng, ba lerato le ba chesehang.—1 Petrose 2:12.
Re e-na le boikutlo bo kang ba bahlanka ba Jehova mehleng ea Nehemia, ka sebele re ile ra khutlela mahae re thabetse litlhohonolofatso tsa moea tseo re li fumaneng Likopanong Tsa Setereke Tsa “Baboleli ba ’Muso ba Chesehang.” (Nehemia 8:12) Na kopano ee e susumetsang e u tlatsitse thabo le boikemisetso ba ho tsoela pele u le ’moleli oa ’Muso ea chesehang?
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 23]
Thuso e Ncha ea ho Ithuta!
Qetellong ea letsatsi la pele la kopano, ba neng ba le teng ba ile ba thabela ho lokolloa ha buka e ncha ea Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete. E etselitsoe hore e ithutoe le ba qetileng ho ithuta buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ’me ka sebele e tla matlafatsa tumelo ea ‘ba nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.’—Liketso 13:48.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Image on book cover: U.S. Navy photo
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 24]
Thuso ea ho Atamela ho Molimo
Sebui sa ho qetela letsatsing la bobeli la kopano se ile sa phatlalatsa hore ho lokolotsoe buka e ncha ea Atamela ho Jehova. E na le likarolo tse ’nè tse khōlō, karolo ka ’ngoe e tšohla litšoaneleho tsa Jehova tse khōlō—e leng matla, toka, bohlale le lerato. Karolo ka ’ngoe ea buka ena e na le khaolo e bontšang kamoo Jesu Kreste a ileng a bontša ka ho hlakileng litšoaneleho tsa Molimo. Morero o moholo oa buka ena e ncha ke ho thusa rōna le liithuti tsa rōna tsa Bibele hore re be le kamano e haufi le e matla le Jehova Molimo.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 26]
Tataiso ea Moea Bakeng sa Bacha
Letsatsi la boraro la kopano le ile la khetholloa ka ho lokolla pampitšana e khethehileng ea Bacha—Le Tla Etsa’ng ka Bophelo ba Lōna? Pampitšana ena e ncha e etselitsoe ho thusa bacha ba Lipaki ho etsa liqeto tse nepahetseng mabapi le bokamoso ba bona, ’me e fana ka keletso ea Mangolo ea ho iketsetsa qeto ea ho sebeletsa Jehova ka ho sa feleng.