Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 1/15 maq. 20-22
  • U Inka Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Inka Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Barapeli ba ’Nete ha Baa Lokoloha Boikhohomosong
  • Liphello Tse Kotsi Tsa ho Ikakasa
  • Tsela e Tsitsitseng eo re ka Inkang ka Eona
  • Litlhohonolofatso Tsa Pono e Tsitsitseng
  • Ikokobetse Hape U Inyenyefatse ha U Tsamaea le Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Ho Thabile ba Ikokobelitseng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ke Hobane’ng ha ho le Bohlokoa ho Inyenyefatsa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Boinyenyefatso—Tšoaneleho e Khothalletsang Khotso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 1/15 maq. 20-22

U Inka Joang?

E NE e le moikhohomosi. Kaha o ne a phahamiselitsoe boemong bo phahameng ’musong, o ile a matheloa hloohong ke thoriso e feteletseng le tlhompho tse ileng tsa lebisoa ho eena. Empa o ile a tšoenyeha ha ofisiri e ’ngoe e sa mo fe tlotla e joalo. Ha e iphetetsa, ofisiri ena ea moikakasi e ile ea loha mano a ho timetsa batho bohle ba morabe oa motho eo ea mo khopisitseng, ba neng ba le tlas’a ’muso oo. E ne e le boikutlo bo khopameng hakaakang ba boikakaso!

Ea neng a loha mano ao e ne e le Hamane, ofisiri e phahameng lekhotleng la Morena Assueruse oa Persia. ’Me sera sa hae e ne e le mang? E ne e le Mojuda ea bitsoang Mordekai. Le hoja khato ea Hamane ea ho batla ho timetsa morabe ’ohle e ne e feteletse, e bontša kotsi ea boikhohomoso hammoho le liphello tse tebileng tsa bona. Hase feela hore boikhohomoso ba hae bo ile ba beha ba bang maqakabetsing, empa bo ile ba boela ba etsa hore a kokobetsoe phatlalatsa, ’me ba qetella bo mo lebisitse lefung.—Esthere 3:1-9; 5:8-14; 6:4-10; 7:1-10.

Barapeli ba ’Nete ha Baa Lokoloha Boikhohomosong

Jehova o batla hore re ‘inyenyefatse ho tsamaeeng ha rōna le Molimo oa rōna.’ (Mikea 6:8, NW) Bibele e na le litlaleho tse fapaneng tsa batho ba ileng ba hlōleha ho inyenyefatsa. Sena se ile sa ba tlisetsa mathata le matšoenyeho. Ho hlahloba e meng ea mehlala ena ho ka re thusa hore re bone bothoto le kotsi ea ho hloka maikutlo a tsitsitseng.

Maikutlo a moprofeta oa Molimo, Jonase, a ne a sa tsitsa hoo a ileng a leka ho baleha ha Molimo a mo rōma hore a e’o lemosa batho ba khopo ba Ninive ka kahlolo eo Jehova a neng a tla ba tlisetsa eona. (Jonase 1:1-3) Hamorao, ha mosebetsi oa hae oa ho bolela o atlehile ho etsa hore Baninive ba bake, Jonase o ile a hlonama. O ne a amehile ka botumo ba hae e le moprofeta hoo bophelo ba Baninive ba likete bo neng bo sa bolele ho hokaalo, kapa bo neng bo hlile bo sa bolele letho ho eena. (Jonase 4:1-3) Haeba re inka re le ba bohlokoa ho tlōlisa, re ka ’na ra thatafalloa ho ba le pono e hlokang leeme le e nepahetseng ka batho le liketsahalo tse re potolohileng.

Nahana hape ka Uzia, eo e neng e ’nile ea e-ba morena ea molemo oa Juda. Ha a qala ho hloka maikutlo a tsitsitseng, ka boikakaso o ile a leka ho etsa ka likhoka mesebetsi e meng e etsoang ke baprista. Ka lebaka la liketso tsa hae tsa ho iphahamisa le tsa ho ikhohomosa ho tlōlisa, o ile a otloa ka ho kula le ho lahleheloa ke kamohelo ea Molimo.—2 Likronike 26:3, 16-21.

Maikutlo a sa tsitsang a ile a batla a tšoasa baapostola ba Jesu. Ba ile ba ameha haholo ka makhabane a bona le matla a bona. Ha nako ea teko e matla e fihla, ba ile ba furalla Jesu ’me ba baleha. (Matheu 18:1; 20:20-28; 26:56; Mareka 9:33, 34; Luka 22:24) Ho ikhohomosa ha bona le ho ikakasa ho ile ha batla ho etsa hore ba lahleheloe ke pono ea morero oa Jehova le karolo eo ba neng ba tla e phetha mabapi le thato ea hae.

Liphello Tse Kotsi Tsa ho Ikakasa

Ho se tsitse tseleng eo re italimang ka eona ho ka re utloisa bohloko ha ba ha senya kamano ea rōna le ba bang. Ka mohlala, e ka ’na eare re lutse ka phaposing, ra be re lemoha banyalani ba bang ba sebelana ha ba qeta ba tšeha. Haeba re baithati, ka phoso re ka ’na ra nahana hore ba tšeha rōna hobane feela ba buela tlaase. Likelello tsa rōna li ka ’na tsa etsa hore re se ke ra nahana ka mabaka a mang a ka ’nang a etsa hore ba itšoare joalo. Etsoe, ke mang e mong eo ba ka buang ka eena? Re ka ’na ra khopeha ’me ra etsa qeto ea hore ha re sa tla hlola re buisa banyalani bao. Ka tsela eo, ho se tsitse tseleng eo re inkang re le ba bohlokoa ka eona ho ka lebisa ho se utloisisaneng ’me ha senya kamano ea rōna le metsoalle, litho tsa lelapa hammoho le ba bang.

Ba inkang e le ba bohlokoa ho tlōlisa ba ka ’na ba ithorisa, ba lula ba ikonka ka seo ba nkang hore ke lineo tsa bona tse khethehileng, liketso tsa bona kapa matlotlo ao ba nang le ’ona. Kapa e ka ’na ea e-ba bona ba buang ho feta ba bang moqoqong, ba ipolelisa ka linako tsohle. Lipuo tse joalo li bonahatsa ho haelloa ke lerato la sebele ’me e ka ba tse tenang haholo. Ka hona, ba ikhopolang hangata ba ikarola ho ba bang.—1 Bakorinthe 13:4.

Joaloka Lipaki tsa Jehova, re ka ’na ra kopana le litšomo le ho khesoa tšebeletsong ea rōna ea phatlalatsa. Re lokela ho hopola hore khanyetso e joalo ha e le hantle ha ea lebisoa ho rōna, empa e lebisitsoe ho Jehova, Mohloli oa molaetsa oa rōna. Leha ho le joalo, boikutlo bo khopameng ba ho ikakasa bo ka ba le liphello tse mpe. Lilemong tse fetileng, mora e mong oabo rōna o ile a nka hore mong’a ntlo o ne a hlasela eena ka mantsoe a hlabang eaba o mo arabela hampe. (Baefese 4:29) Ka mor’a moo, mora eo oabo rōna ha aa ka a hlola a kopanela tšebeletsong ea ntlo le ntlo. E, boikhohomoso bo ka re susumelletsa hore re potlakele ho halefa ha re bolela. A re lekeng ka matla hore le ka mohla re se lumelle seo ho etsahala. Ho e-na le hoo, a re batleng thuso ea Jehova ka boikokobetso e le hore re ka lula re ananela ka ho loketseng tokelo eo re nang le eona ea ho kopanela tšebeletsong ea Bokreste.—2 Bakorinthe 4:1, 7; 10:4, 5.

Ho ikakasa ho ka boela ha re sitisa ho amohela keletso eo re hlileng re e hlokang. Naheng e ’ngoe ea Amerika Bohareng lilemong tsa ho feta, moshemane e mong ea lilemo li ka tlaase ho 20 o ile a fana ka puo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo phuthethong ea Bokreste. Ha molebeli oa sekolo a mo fa keletso e batlang e sa nahanele, mocha eo ea halefileng o ile a lahlela Bibele ea hae fatše ’me a tsoa ka Holong ea ’Muso a qititsa ka morero oa hore a ke ke a hlola a le beha. Empa matsatsi a ’maloa ka mor’a moo, o ile a hatella boikhohomoso ba hae ’me a lokisa litaba le molebeli oa sekolo, ’me a amohela keletso ea hae ka boikokobetso. Ka mor’a nako, mocha enoa o ile a hōla ea e-ba Mokreste ea hōlileng tsebong.

Ho ikhohomosa le ho inka re le ba bohlokoa ho tlōlisa ho ka etsa hore kamano ea rōna le Molimo e senyehe. Liproverbia 16:5 ea lemosa: “Motho ka mong ea ikhohomosang ka pelong, ke manyala ho Jehova.”

Tsela e Tsitsitseng eo re ka Inkang ka Eona

Ho hlakile hore ha rea lokela ho inka re le ba bohlokoa ho tlōlisa. Sena ha se bolele hore ha rea lokela ho nka ka botebo seo re se etsang kapa seo re se buang. Bibele e bontša hore balebeli, bahlanka ba sebeletsang—ha e le hantle, bohle ka phuthehong—ba lokela ho nka lintho ka botebo. (1 Timothea 3:4, 8, 11; Tite 2:2) Kahoo, Bakreste ba ka hlaolela joang ho ba le pono e inyenyefatsang, e tsitsitseng le ea ho nka lintho ka ho teba ka bona ka bobona?

Bibele e fana ka mehlala e mengata e khothatsang ea batho ba ileng ba ba le tsela e tsitsitseng eo ba ileng ba inka ka eona. O hlahelletseng ka ho fetisisa ke mohlala oa boikokobetso ba Jesu Kreste. Hore a etse thato ea Ntate oa hae le ho tlisetsa moloko oa batho poloko, Mora oa Molimo o ile a tloha boemong ba hae bo khanyang ba leholimo ka ho rata ’me ea e-ba motho ea tlaase mona lefatšeng. Ho sa tsotellehe lithohako, ho hlekefetsoa le lefu le lihlong, o ile a lula a e-na le boitšoaro le seriti. (Matheu 20:28; Bafilippi 2:5-8; 1 Petrose 2:23, 24) Jesu o khonne joang ho etsa see? O ne a itšetlehile ka Jehova ka ho feletseng ’me o ne a ikemiselitse ho etsa thato ea Molimo. Jesu o ne a khothalletse ho bala Lentsoe la Molimo, a rapela ka matla ’me a ikakhetse ka setotsoana tšebeletsong. (Matheu 4:1-10; 26:36-44; Luka 8:1; Johanne 4:34; 8:28; Baheberu 5:7) Ho latela mohlala oa Jesu ho ka re thusa hore re hlaolele le ho boloka tsela e tsitsitseng eo re inkang ka eona.—1 Petrose 2:21.

Nahana hape ka mohlala o motle oa Jonathane, mora oa Morena Saule. Ka lebaka la ho hloka kutlo ha ntate oa hae, Jonathane o ile a lahleheloa ke monyetla oa ho hlahlama Saule boreneng. (1 Samuele 15:10-29) Na Jonathane o ile a utloisoa bohloko ke tahlehelo eo? Na o ile a honohela Davida, mohlankana ea neng a tla nka setulo sa hae sa borena? Le hoja Jonathane a ne a le moholo haholo ho Davida ebile mohlomong a ne a e-na le phihlelo e fetang ea hae, ka boinyenyefatso le ka boikokobetso o ile a lumellana le tokisetso ea Jehova ’me a tšehetsa Davida ka botšepehi. (1 Samuele 23:16-18) Ho ba le pono e hlakileng ka thato ea Molimo le ho ikemisetsa ho ikokobelletsa eona ho tla re thusa hore ‘re se ke ra inahana borōna haholo ho feta kamoo ho hlokahalang ho nahana.’—Baroma 12:3.

Jesu o ile a ruta ka bohlokoa ba ho inyenyefatsa le ho ikokobetsa. O ile a bontša sena ka ho bolela hore ha barutuoa ba hae ba le moketeng oa lenyalo, ba se ke ba lula ‘libakeng tse hlahelletseng ka ho fetisisa’ hobane motho ea khethehileng haholoanyane a ka ’na a tla ’me eaba baa tlontloloha ha ba tlameha ho ea sebakeng se tlaase-tlaase. Hore a hlakise thuto eo haholoanyane, Jesu o ile a phaella: “Etsoe e mong le e mong ea iphahamisang o tla kokobetsoa ’me ea ikokobetsang o tla phahamisoa.” (Luka 14:7-11) Re ba bohlale ha re ela hloko keletso ea Jesu ’me re ‘ikapesa ka ho ikokobetsa kelellong.’—Bakolose 3:12; 1 Bakorinthe 1:31.

Litlhohonolofatso Tsa Pono e Tsitsitseng

Ho ba le boikutlo ba ho inyenyefatsa le ba ho ikokobetsa ho nolofalletsa bahlanka ba Jehova hore ba fumane thabo ea sebele tšebeletsong ea bona. Baholo e ba ba atamelehang habonolo haeba ka boikokobetso ba “tšoara mohlape ka bonolo.” (Liketso 20:28, 29) Joale bohle ka phuthehong ba phutholoha haholoanyane ha ba bua le bona ’me ba batla thuso ea bona. Ka lebaka leo, phutheho e ka ba bonngoeng ka ho ba le boikutlo bo lerato, bo mofuthu le ba ho tšepana.

Ho se inke re le ba bohlokoa ho tlōlisa ho ka re nolofalletsa ho ba le metsoalle e molemo. Ho inyenyefatsa le ho ikokobetsa ho tla re thusa hore re se hlaolele moea oa tlhōlisano le ho leka ho feta ba bang ka liketso kapa ka lintho tse bonahalang. Litšobotsi tsena tsa bomolimo li tla thusa ho re etsa ba nahanelang, ’me ka tsela eo, re tla ba boemong bo molemo ba ho tšelisa le ho tšehetsa ba hlokang. (Bafilippi 2:3, 4) Ha batho ba anngoe ke lerato le mosa, hangata ba arabela hantle. Hape, na kamano e se nang boithati joalo ha e ke e fetoha motheo oo ho oona botsoalle ba sebele bo thehoang? Ke tlhohonolofatso e kaakang ho se inke re le ba bohlokoa ho tlōlisa!—Baroma 12:10.

Ho ba le tsela e tsitsitseng eo re inkang ka eona ho boetse ho re nolofalletsa hore re amohele liphoso tsa rōna ha re khopisitse motho e mong. (Matheu 5:23, 24) Sena se fella ka kamano e ntle, e tlisang poelano le ho hlomphana. Haeba ba boemong ba bolebeli, joaloka baholo ba Bakreste, ba ikokobetsa ba bile ba inyenyefatsa, ba ba le monyetla oa ho etsetsa ba bang molemo o mongata. (Liproverbia 3:27; Matheu 11:29) Motho ea ikokobelitseng o tla boela a nolofalloe ke ho tšoarela ba bang ba mo siteloang. (Matheu 6:12-15) A ke ke a fetelletsa litaba ka lintho tse bonahalang li fokola ’me o tla tšepa hore Jehova o tla lokisa lintho tseo ho seng mokhoa leha e le ofe oa ho li lokisa.—Pesaleme 37:5; Liproverbia 3:5, 6.

Tlhohonolofatso e khōlō ka ho fetisisa eo re e fumanang ka ho inyenyefatsa le ho ikokobetsa ke ea ho ratoa le ho amoheloa ke Jehova. “Molimo o hanyetsa ba ikhohomosang, empa o fana ka mosa o sa tšoanelang ho ba ikokobelitseng.” (1 Petrose 5:5) E se eka le ka mohla re ke ke ra oela lerabeng la ho nahana hore re molemo ho feta kamoo re hlileng re leng kateng. Ho e-na le hoo, ka boikokobetso a re lemoheng boemo boo re leng ho bona tokisetsong ea Jehova ea lintho. Bohle ba ‘inyenyefatsang ho tsamaeeng ha bona le Molimo’ ba boloketsoe litlhohonolofatso tse hlollang.

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Jonathane o ile a tšehetsa Davida ka boikokobetso

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela