Na Bibele e na le Matšoao a Nang le Moelelo o Patehileng?
LILEMO tse ka bang peli ka mor’a hore Tona-khōlō ea Iseraele Yitzhak Rabin a bolaoe ka tšohanyetso ka 1995, moqolotsi e mong oa litaba o ile a bolela hore ka thuso ea theknoloji ea lik’homphieutha, o fumane boitsebiso bo boletseng ketsahalo eo esale pele bo patiloe tabeng e ngotsoeng mathomong ea Bibele ea Seheberu. Moqolotsi enoa oa litaba, e leng Michael Drosnin, o ile a ngola hore o lekile ho lemosa tona-khōlō enoa ka nako e fetang selemo pele a bolaoa ka tšohanyetso empa a se ke a amohela temoso eo.
Hona joale, ho ’nile ha ngoloa libuka le lihlooho tse ling tse bolelang hore matšoao ana a nang le moelelo o patehileng a fana ka bopaki bo feletseng ba hore Bibele e bululetsoe ke Molimo. Na ho na le matšoao a joalo? Na matšoao ao moelelo oa ’ona o patehileng e lokela ho ba motheo oa ho lumela hore Bibele e bululetsoe ke Molimo?
Na ke Khopolo e Ncha?
Khopolo ea matšoao a nang le moelelo o patehileng tabeng e ngotsoeng ea Bibele ha e ncha. Ke khopolo e ka sehloohong ea Cabala, kapa khopolo-taba ea neano ea Sejuda. Ho latela mesuoe ea Cabala, moelelo o ka sehloohong oa taba e ngotsoeng ea Bibele hase moelelo oa eona oa sebele. E lumela hore Molimo o sebelisitse litlhaku ka bomong tsa taba e ngotsoeng ea Bibele ea Seheberu e le matšoao, ao ha a utloisisoa hantle a senolang ’nete e khōloanyane. Ho latela pono ea eona, tlhaku e ’ngoe le e ’ngoe ea Seheberu le sebaka seo e leng ho sona tabeng e ngotsoeng ea Bibele e behiloe ke Molimo a nahanne ka morero o tobileng.
Ho latela Jeffrey Satinover, mofuputsi oa matšoao a Bibele, Bajuda bana ba buellang khopolo-taba ba lumela hore litlhaku tsa Seheberu tse sebelisitsoeng ho ngola tlaleho ea pōpo ho Genese li na le matla a hlollang a phahametseng kutloisiso ea motho. Oa ngola: “Ka bokhutšoanyane, Genese hase tlhaloso feela tjee; ke kofuto ea pōpo ka boeona, polane e ka kelellong ea Molimo e senotsoeng ka tsela e bonahalang.”
Rabi oa Cabala oa lekholong la bo13 la lilemo, Bachya ben Asher oa Saragossa, Spain, o ile a ngola ka boitsebiso bo itseng bo patehileng boo a ileng a bo senoleloa ka ho bala tlhaku e ’ngoe le e ’ngoe ea bo42 karolong e itseng ea Genese. Mokhoa ona oa ho tlōla litlhaku ka tatellano e itseng ka boiteko ba ho fumana melaetsa e patehileng ke motheo oa khopolo ea kajeno ea matšoao a Bibele.
Lik’homphieutha li “Senola” Matšoao Ana
Pele ho mehla ea lik’homphieutha, matla a hore motho a hlahlobe taba e ngotsoeng ea Bibele ka tsela ena a ne a lekanyelitsoe. Leha ho le joalo, ka August 1994, koranta ea Statistical Science e ile ea hatisa sehlooho seo ho sona Eliyahu Rips oa Univesithi ea Seheberu ea Jerusalema le bafuputsi-’moho le eena ba ileng ba bua lipolelo tse makatsang. Ba ile ba hlalosa hore ka ho kopanya mantsoe ’me ba sebelisa mokhoa oa ho arola litlhaku ka ho lekana tabeng e ngotsoeng ea Seheberu ea Genese, ba ile ba fumana mabitso a 34 a bo-rabi ba tummeng a neng a ngotsoe ka matšoao moo, hammoho le boitsebiso bo bong, bo kang matsatsi a bona a tsoalo kapa a lefu, a le haufi-ufi le mabitso a bona.a Ka mor’a ho etsa liteko khafetsa, bafuputsi bana ba ile ba ngola qeto ea bona ea hore, ho latela lipalo-palo, boitsebiso bona bo ngotsoeng ka matšoao ho Genese ha bo na monyetla oa ho ba taba ea tšohanyetso feela—e ne e le bopaki ba boitsebiso bo bululetsoeng bo patiloeng ka boomo ka matšoao ho Genese lilemong tse likete tse fetileng.
A thehile taba ea hae mokhoeng ona, mongoli Drosnin o ile a etsa liteko tsa hae, a batla boitsebiso bo patehileng libukeng tse hlano tse qalang tsa Bibele ea Seheberu. Ho latela Drosnin, o ile a fumana hore tabeng e ngotsoeng ea Bibele lebitso la Yitzhak Rabin le patiloe ke litlhaku tse ling le tse ling tse latellanang tse 4 772. Ka taba e ngotsoeng ea Bibele e hlophisitsoeng ka mela ea litlhaku tse 4 772 moleng ka mong, o ile a bona hore lebitso la Rabin (ha ho baloa ho theosoa) le ne le kopana le mola o mong (Deuteronoma 4:42, o tšekaletseng) oo Drosnin a ileng a o fetolela e le “’molai ea tla bolaea ka tšohanyetso.”
Ha e le hantle Deuteronoma 4:42 e bua ka ’molai ea bolaileng a sa ikemisetsa. Kahoo, ba bangata ba nyatsitse mehato ea Drosnin e thehiloeng khethong ea hae, ba bolela hore mekhoa ea hae e sa lumellaneng le saense e ne e ka sebelisoa ho fumana melaetsa e tšoanang tabeng efe kapa efe e ngotsoeng. Empa Drosnin o ile a ema a tiile, a phephetsa ba mo nyatsang a re: “Ha batho ba ’nyatsang ba fumana molaetsa o buang ka polao ea tšohanyetso ea Tona-khōlō o ngotsoe ka matšoao [bukeng ea lipale ea] Moby Dick, ke tla ba lumela.”
Na ke Bopaki ba Hore e Bululetsoe?
Moprofesa Brendan McKay, oa Lefapha la Saense ea Lik’homphieutha Univesithing ea Sechaba ea Australia, o ile a amohela phephetso ea Drosnin ’me a fuputsa ka mokhoa o pharaletseng ka lik’homphieutha taba e ngotsoeng ea Senyesemane ea Moby Dick.b Ha a sebelisa oona mokhoa oo o hlalositsoeng ke Drosnin, McKay o bolela hore o fumane “litaba tse boletsoeng esale pele” tsa polao ea tšohanyetso ea Indira Gandhi, Martin Luther King, e Monyenyane, John F. Kennedy, Abraham Lincoln le ba bang. Ho latela McKay, o ile a fumana hore Moby Dick le eona “e ile a profeta” polao ea Yitzhak Rabin.
Ha Moprofesa McKay le basebetsi-’moho le eena ba khutlela tabeng e ngotsoeng ea Seheberu ea Genese, ba ile ba boela ba phephetsa liphello tsa liteko tsa Rips le basebetsi-’moho le eena. Ba ile ba belaela ka hore liphello ha li amane hakaalo le molaetsa o bululetsoeng o ngotsoeng ka matšoao, li amana le mokhoa oo bafuputsi ba o sebelisang le mehato eo ba e nkang—ho hlophisoa ha boitsebiso hoo ka ho khethehileng ho etsoang ho latela khetho ea bafuputsi. Khang ea litsebi e mabapi le taba ena e ntse e tsoela pele.
Bothata bo bong bo hlaha ha ho thoe melaetsa e joalo e ngotsoeng ka matšoao e ne e patiloe ka boomo tabeng e ngotsoeng ea Seheberu “se tloaelehileng” kapa “sa pele.” Rips le bafuputsi-’moho le eena ba bolela hore ba entse phuputso ea bona ka “taba e ngotsoeng e tloaelehileng, e amoheloang ka kakaretso ea Genese.” Drosnin oa ngola: “Libibele tsohle tsa Seheberu sa pele tse leng teng hona joale li tšoana hantle tlhaku ka tlhaku.” Empa na ho joalo? Ho e-na le hore ho sebelisoe taba e ngotsoeng “e tloaelehileng,” kajeno ho sebelisoa likhatiso tse fapa-fapaneng tsa Bibele ea Seheberu, tse thehiloeng libukeng tse fapa-fapaneng tse ngotsoeng ka letsoho tsa boholo-holo. Le hoja molaetsa oa Bibele o sa fapana, libuka tse ngotsoeng ka letsoho ha li tšoane tlhaku ka tlhaku.
Kajeno liphetolelo tse ngata li thehiloe ho Codex ea Leningrad—e leng buka e ngotsoeng ka letsoho e feletseng ea khale-khale ea Seheberu ea Bamasorete—e ileng ea kopitsoa hoo e ka bang selemong sa 1000 C.E. Empa Rips le Drosnin ba ile ba sebelisa taba e ngotsoeng e fapaneng, e bitsoang Koren. Shlomo Sternberg, eo e leng rabi oa Orthodox le setsebi sa thuto ea lipalo Univesithing ea Harvard, o hlalosa hore Codex ea Leningrad “e fapana le khatiso ea Koren e sebelisoang ke Drosnin ka litlhaku tse 41 ho Deuteronoma feela.” Meqolo ea Leoatle le Shoeleng e akarelletsa le likarolo tsa taba e ngotsoeng ea Bibele e ileng ea kopitsoa lilemong tse fetileng tse fetang 2 000. Mopeleto oa mantsoe meqolong ena hangata o fapana haholo le mopeleto o tabeng e ngotsoeng ea Bamasorete ea morao tjena. Meqolong e meng, litlhaku tse itseng li ne li kentsoe ka bongata ho bontša melumo ea liluma-nosi, kaha ho ne ho e-s’o fumanoe hore na liluma-nosi li kenngoa hokae. Meqolong e meng, ho ne ho sebelisitsoe litlhaku tse fokolang. Ha ho bapisoa meqolo eohle ea Bibele e teng e ngotsoeng ka letsoho, ho bonahala hore moelelo oa taba e ngotsoeng ea Bibele o lula o sa fetoha. Empa, e boetse e bontša ka ho hlaka hore mopeleto oa mantsoe le palo ea litlhaku li fapana haholo litabeng tse ngotsoeng tse sa tšoaneng.
Ho batla hoo ho nahanoang hore ke molaetsa o patehileng ho itšetlehile ka taba e ngotsoeng e sa fetoheng ho hang. Tlhaku e le ’ngoe e fetotsoeng e ka fetola tatellano ka ho feletseng—ea ba ea khopamisa molaetsa haeba o ne o le teng. Molimo o bolokile molaetsa oa hae ka Bibele. Empa ha aa boloka tlhaku ka ’ngoe hore e se ke ea fetoloa, joalokaha eka o ne a amehile haholo ka lintho tse se nang taba tse kang ho fetoloa ha mopeleto oa mantsoe ho theosa le makholo a lilemo. Na see ha se bontše hore ha aa koahela molaetsa o patehileng ka Bibeleng?—Esaia 40:8; 1 Petrose 1:24, 25.
Na re Hloka Matšoao a Bibele a Nang le Moelelo o Patehileng?
Moapostola Pauluse o ile a ngola ka ho hlaka hore “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka, e le hore motho oa Molimo a ka tšoaneleha ka botlalo, a hlomelloa ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.” (2 Timothea 3:16, 17) Molaetsa o hlakileng le o tobileng o ka Bibeleng ha o thata haholo hore o ka utloisisoa kapa oa sebelisoa, empa batho ba bangata ba khetha ho o hlokomoloha. (Deuteronoma 30:11-14) Boprofeta bo sa patoang ka Bibeleng bo fana ka motheo o tiileng oa ho lumela hore e bululetsoe.c Ho fapana le matšoao a nang le moelelo o patehileng, boprofeta ba Bibele ha boa itšetleha ka khetho ea motho, ’me ha bo ‘hlahe tlhalosong leha e le efe ea botho.’—2 Petrose 1:19-21.
Moapostola Petrose o ile a ngola hore, “e ne e se ka ho latela lipale tsa bohata tse qapiloeng ka bomene-mene re ileng ra le tsebisa matla le ho ba teng tsa Morena oa rōna Jesu Kreste.” (2 Petrose 1:16) Khopolo ea matšoao a Bibele e simolohile khopolo-tabeng ea Sejuda, e sebelisang mekhoa ea ‘bohata e qapiloeng’ e patang le ho khopamisa moelelo o hlakileng oa taba e ngotsoeng e bululetsoeng ea Bibele. Mangolo a Seheberu ka booona ka ho hlakileng a ile a nyatsa katamelo e joalo e sekametseng khopolo-tabeng.—Deuteronoma 13:1-5; 18:9-13.
Re thabile hakaakang hore ebe re na le molaetsa le thuto ea Bibele tse hlakileng, tse ka re thusang ho tseba Molimo! Sena se molemo haholo ho feta ho leka ho ithuta ka ’Mōpi ka ho batla melaetsa e patehileng eo e leng litholoana tsa tlhaloso ea motho ea itseng le mehopolo e fumanoeng ka thuso ea k’homphieutha.—Matheu 7:24, 25.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka Seheberu, lipalo li ka boela tsa emeloa ke litlhaku. Ka lebaka leo, matsatsi ana a ile a lekanyetsoa ka litlhaku tabeng e ngotsoeng ea Seheberu ho e-na le ho lekanyetsoa ka lipalo.
b Seheberu ke puo e se nang liluma-nosi. Liluma-nosi li kenngoa ke ’mali ho latela moelelo oa taba. Haeba moelelo oa taba o hlokomolohuoa, moelelo oa lentsoe o ka fetoloa ka ho feletseng ka ho kenya liluma-nosi tse nang le melumo e fapaneng. Senyesemane se na le liluma-nosi tse sa fetoheng, ’me se etsa hore phuputso e joalo ea mantsoe e be thata haholo ’me e be le meeli.
c Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng tabeng ea ho bululeloa ha Bibele le boprofeta ba eona, bona bukana eo sehlooho sa eona se reng Buka ea Batho Bohle, e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.