Le Eme le Feletse le ka Kholiseho e Tiileng
Mosebetsi o Tsoileng Matsoho”
HO TLOHA qalong ea histori ea tsona ea mehleng ena, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa thahasella ka matla boprofeta bo bong ba Jesu Kreste bo reng: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (Matheu 24:14) Ha ho atamela selemo sa 1914 seo ‘matsatsi a ho qetela’ a qalileng ka sona, Liithuti tsa Bibele tse tšepahalang li ile tsa kena ka kholiseho e tiileng letšolong le lecha la thuto la lefatše ka bophara le thehiloeng Mangolong a Halalelang.—2 Timothea 3:1.
E le hore bahlanka bana ba Jehova ba finyelle pakane ea bona ea ho bolela litaba tse molemo lefatšeng ka bophara, ba ile ba sebelisa mokhoa o neng o le mocha, o bontšang sebete le o hlakileng. E le hore re ithute oona haholoanyane, a re khutleleng mehleng e fetileng.
Mokhoa o Mocha oa ho Bolela Litaba Tse Molemo
Ke January selemong sa 1914. Ipone u lutse har’a batho ba 5000 ka holong e fifalitsoeng New York City. Ka pel’a hao ho na le lesira le leholo la libaesekopo. Monna ea moriri o moputsoa ea apereng jase o hlaha lesireng leo. U ’nile ua bona libaesekopo tsa batho ba sa bueng, empa monna enoa oa bua, ’me u utloa mantsoe a hae. U pontšong ea pele ea ntho e ’ngoe e ncha ho tsa theknoloji, ’me molaetsa o khethehile. Sebui ke Charles Taze Russell, mopresidente oa pele oa Mokhatlo oa Watch Tower, ’me ho bontšoa “Photo-Drama of Creation.”
C. T. Russell o ile a lemoha hore ho ka ba le monyetla oa ho buisana le batho ba bangata ka libaesekopo. Kahoo, ka 1912, o ile a qala ho hlophisa “Photo-Drama of Creation.” Qetellong, e ile ea e-ba baesekopo ea lihora tse robeli ea li-slide le litšoantšo tse tsamaeang, ea mebala e mene le molumo oa mantsoe.
“Photo-Drama” e ne e lokiselitsoe hore e bontšoe ka likarolo tse ’nè, ’me bashebelli ba ne ba bontšoa litaba ho tloha pōpong ho theosa le histori ea motho ho fihlela tlhōrōng ea morero oa Jehova Molimo ka lefatše le moloko oa batho qetellong ea Puso ea Lilemo tse Sekete ea Kreste. Ho ne ho tla feta lilemo tse ngata pele tšebeliso eo ea theknoloji e ka atleha khoebong. Empa, ba limilione ba ile ba bona “Photo-Drama of Creation” mahala!
Ho ne ho lokiselitsoe ’mino o khethehileng o rekotiloeng hammoho le lipuo tse 96 tse lirekotong tsa keramafono bakeng sa “Photo-Drama.” Li-slide e ne e le tsa lifoto tse entsoeng ka makhethe tse bontšang histori ea lefatše. Ho ne ho boetse ho hlokahala hore ho etsoe litšoantšo tse ngata tse ncha tse pentiloeng. Li-slide tse ling le linekethife li ne li pentiloe ka kelo-hloko ka letsoho. Sena se ile sa phetoa hangata hobane, ka mor’a nako, ho ile ha etsoa lihlopha tse 20 tseo se seng le se seng sa tsona se neng se arotsoe ka likarolo tse ’nè. Sena se ne se nolofatsa hore ka letsatsi leha e le lefe le behiloeng ho bontšoe karolo e itseng ea “Photo-Drama” metseng e sa tšoaneng e 80!
Ka Potelleng
Nakong eo ho bontšoang “Photo-Drama” ho ne ho etsahala joang ka potelleng? Seithuti sa Bibele se bitsoang Alice Hoffman se itse: “Drama ena e ne e qala ka ho hlahisa Mor’abo rōna Russell. Ha a ne a hlaha lesireng ’me a qala ho bebenya melomo, ho ne ho letsoa keramafono . . . ’me re ne re thabela ho utloa lentsoe la hae.”
Ha Zola Hoffman a bua ka tsebo ea ho nka lifoto tse potlakisang ketsahalo, o ile a hopola: “Ke ile ka lula moo ke ntse ke tsota ha re shebeletse pontšo ea matsatsi a pōpo. Likhahla li ne li buleha butle-butle re ntse re li shebeletse.”
Serati sa ’mino Karl F. Klein oa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova o phaella ka ho re: “Nakong eo ho ntseng ho bontšoa litšoantšo tsena, ho ne ho letsoa ’mino o monate haholo, meloli ea lipina tse kang Narcissus le Humoreske.”
Ho ne ho boetse ho e-na le liketsahalo tse ling tse sa lebaleheng. Clayton J. Woodworth, e monyenyane, o ile a hopola: “Ka linako tse ling ho ne ho etsahala liphoso tse tšehisang. Ketsahalong e ’ngoe rekoto e ne e letsa pina e reng ‘Flee as a Bird to Your Mountain [Balehela Thabeng ea Hao Joaloka Nonyana],’ empa lesireng teng ha hlaha setšoantšo sa phoofolo e ’ngoe ea tonanahali ea pele ho Moroallo e bitsoang gigantosaurus”!
Ntle ho “Photo-Drama of Creation” e tloaelehileng, kapele feela ho ile ha e-ba le likarolo tsa “Eureka Drama.” (Bona lebokose.) E ’ngoe e ne e le lipuo tse rekotiloeng, le ’mino o rekotiloeng. E ’ngoe e ne e le lirekoto le li-slide. Le hoja “Eureka Drama” e ne e se na litšoantšo tse tsamaeang, ho ne ho e-ba le katleho e khōlō ha e bontšoa libakeng tse se nang baahi ba bangata.
Kofuto e Matla ea ho Paka
Qetellong ea 1914, “Photo-Drama” e ne e bontšitsoe mokhopi oa ba ka holimo ho 9 000 000 Amerika Leboea, Europe le Australia. Le hoja Liithuti tsa Bibele li ne li fokola ka palo, li ne li kholisehile ka tieo, e leng se neng se hlokahala hore li bolele litaba tse molemo ka kofuto ena e ncha. E le hore e bontšoe, li ne li thabela ho fana ka chelete e hlokahalang ho hira libaka tse tšoanelehang. Ka tsela eo, “Photo-Drama of Creation” e ile ea etsa mosebetsi o moholo oa ho tsebisa bashebelli Lentsoe la Molimo le merero ea hae.
Lengolong le neng le e-ea ho C. T. Russell, motho e mong o ile a ngola: “Bophelo ba ka bo ile ba fetoha ketelong ea ka ea pele ea ho ea bona Drama ea lōna; kapa nka re, tsebo ea ka ea Bibele e ile ea fetoha hona moo.” E mong eena o ile a re: “Ke ne ke le makhatheng a ho felloa ke tumelo ’me ke ikutloa hore ke pholositsoe ke ‘Photo-Drama of Creation’ e bontšitsoeng mona lehlabuleng le fetileng. . . . Hona joale ke na le khotso eo lefatše le ke keng la fana ka eona le eo nke keng ka arohana le eona ka lebaka la melemo eohle ea eona.”
Demetrius Papageorge, eo e leng khale e le e mong oa litho tsa basebetsi ba Mokhatlo ba ntlo-khōlō, o ile a re: “‘Photo-Drama’ e ne e le mosebetsi o tsoileng matsoho, ha re nahana ka palo e nyenyane ea Liithuti tsa Bibele le chelete e nyenyane e neng e le teng. E ne e hlile e tšehelitsoe ke moea oa Jehova!”
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]
“Eureka Drama”
Likhoeli tse robeli ka mor’a pontšo ea pele ea “Photo-Drama,” Mokhatlo o ile oa bona tlhokahalo ea ho etsa ngoan’abo eona ea bitsoang “Eureka Drama.” Ha “Photo-Drama” e feletseng e ntse e bontšoa ho ea pele litoropong tse khōlō, likarolo tsa “Eureka” li ne li fana ka molaetsa o tšoanang metseng le libakeng tsa mahae. Ho ne ho hlalosoa hore karolo e ’ngoe ea “Eureka Drama” e fa “baralib’abo rōna monyetla o motle” oa ho bolela litaba tse molemo. Hobane’ng? Hobane boima ba lebokose la lirekoto tsa eona tsa keramafono e ne e le lik’hilograma tse 14 feela. Ho hlakile hore ha ho il’o etsoa pontšo ho ne ho hlokahala hore ho nkoe le keramafono.