Re ka Lebella Hore Molimo a Kenelle Joang?
EKHOLONG la borobeli la lilemo B.C.E., Morena Ezekiase oa Juda ea lilemo li 39 o ile a tseba hore o kulela lefu. A sithabelitsoe ke litaba tsena, Ezekiase o ile a kōpa Molimo ka thapelo hore a mo folise. Molimo o ile a arabela ka moprofeta oa hae a re: “Ke utloile thapelo ea hao. Ke bone meokho ea hao. Bona! ke eketsa lilemo tse leshome le metso e mehlano matsatsing a hao.”—Esaia 38:1-5.
Ke hobane’ng ha Molimo a ile a kenella ketsahalong ee e khethehileng? Lilemo tse makholo pejana ho moo, Molimo o ne a ile a tšepisa Morena Davida ea lokileng a re: “Ntlo ea hao le ’muso oa hao e tla ba tse tiileng ka pel’a hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang; terone ea hao e tla tiisoa ka thata ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” Hape, Molimo o ile a senola hore Mesia o ne a tla tsoalloa lesikeng la Davida. (2 Samuele 7:16; Pesaleme ea 89:20, 26-29; Esaia 11:1) Ha Ezekiase a kula, o ne a e-s’o be le mora. Kahoo, lesika la borena la Davida le ne le le kotsing ea ho fela. Ho kenella ha Molimo tabeng ea Ezekiase ho ile ha phetha morero o khethehileng oa ho boloka lesika leo Mesia a neng a tla tsoa ho lona.
Mehleng ea pele ho Bokreste Jehova o ile a susumelletseha ho namolela batho ba hae ka makhetlo a mangata e le hore a phethahatse litšepiso tsa hae. Mabapi le ho lopolloa ha Baiseraele bokhobeng Egepeta, Moshe o ile a re: “Ke kahobane Jehova a le ratile, le kahobane a bolokile polelo ea hae eo a e hlapanyelitseng baholo-holo ba lōna, Jehova a le ntšitseng ka letsoho le matla.”—Deuteronoma 7:8.
Ka tsela e tšoanang, lekholong la pele la lilemo, ho kenella ha Molimo ho ile ha ntšetsa pele morero oa Hae. Ka mohlala, ha a le tseleng e eang Damaseka, ka mohlolo Mojuda ea bitsoang Saule o ile a bontšoa pono e le ho mo thibela ho hlorisa barutuoa ba Kreste. Ho sokoloha ha monna enoa, ea ileng a fetoha moapostola Pauluse, ho ile ha phetha karolo ea bohlokoa ho haseng litaba tse molemo lichabeng.—Liketso 9:1-16; Baroma 11:13.
Na Molimo o ne a Kenella Kamehla?
Na Molimo o ne a kenella kamehla kapa ka linako tse itseng? Mangolo a bontša ka ho hlaka hore o ne a sa kenelle kamehla. Le hoja Molimo a ile a lopolla bahlankana ba bararo ba Baheberu hore ba se ke ba shoela ka sebōping sa mollo a ba a lopolla moprofeta Daniele hore a se ke a shoela ka sekoting sa litau, ha aa ka a nka khato ea ho pholosa baprofeta ba bang lefung. (2 Likronike 24:20, 21; Daniele 3:21-27; 6:16-22; Baheberu 11:37) Petrose o ile a lopolloa ka mohlolo chankaneng eo Heroda Agripa I a neng a mo koaletse ho eona. Empa eena morena enoa o ile a bolaea moapostola Jakobo, ’me Molimo ha aa ka a kenella ho thibela tlōlo ena ea molao. (Liketso 12:1-11) Le hoja Molimo a ne a file baapostola matla a ho folisa ba kulang esita le a ho tsosa bafu, ha aa ka a lumela ho tlosa “moutloa nameng” o neng o hlorisa moapostola Pauluse oo e ka ’nang eaba e ne e le boloetse bo itseng ba ’mele.—2 Bakorinthe 12:7-9; Liketso 9:32-41; 1 Bakorinthe 12:28.
Molimo ha aa ka a kenella ho thibela mahloriso a tšohanyetso ao Moemphera Nero oa Roma a ileng a a bakela barutuoa ba Kreste. Bakreste ba ile ba hlorisoa, ba chesoa ba ntse ba phela, ba ba ba lahleloa ka liphoofolong tse hlaha. Leha ho le joalo, khanyetso ena ha ea ka ea makatsa Bakreste ba pele, ’me ka sebele ha ea ka ea fokolisa tumelo ea bona ea hore Molimo o teng. Ha e le hantle, Jesu o ne a hlokomelisitse barutuoa ba hae hore ba tla isoa ka pel’a makhotla le hore ba itokisetse ho utloa bohloko le ho shoela tumelo ea bona.—Matheu 10:17-22.
Joalokaha Molimo a ile a etsa nakong e fetileng, ka sebele kajeno o khona ho lopolla bahlanka ba hae maemong a kotsi, ’me ba nahanang hore ba ruile molemo tšireletsong ea hae ha baa lokela ho tšoauoa phoso. Leha ho le joalo, ho thata ho bolela ka tieo hore na Molimo o ile a kenella liketsahalong tse joalo kapa che. Bahlanka ba bangata ba Jehova ba tšepahalang ba ile ba lematsoa ke ho phatloha ho ileng ha etsahala Toulouse, ’me Bakreste ba likete ba tšepahalang ba ile ba shoela likampong tsa mahloriso tsa Nazi le tsa Makomonisi kapa maemong a mang a sehlōhō Molimo a sa kenelle ho a thibela. Ke hobane’ng ha Molimo a sa namolele bohle bao a ba amohelang ka linako tsohle?—Daniele 3:17, 18.
“Nako le Ketsahalo e sa Lebelloang”
Ha tlokotsi e hlaha, mang le mang a ka ameha, ’me ho tšepahala ho Molimo ha ho hlile ha ho fetole maemo. Ho phatloha ho ileng ha etsahala Toulouse, hoo Alain le Liliane ba ileng ba ho pholoha, ho ile ha bolaea batho ba 30 ’me ha lematsa ba bangata, le hoja e ne e se molato oa bona. Ho feta moo, batho ba mashome a likete baa shoa kapa baa lemala ka lebaka la tlōlo ea molao, ho khanna ka bohlasoa, kapa lintoa, ’me re ke ke ra re ke Molimo ea ikarabellang bomalimabeng ba bona. Bibele e re hopotsa hore “bohle ba hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.”—Moeklesia. 9:11.
Ho feta moo, batho baa kula, baa tsofala, ebile baa shoa. Esita le ba bang ba ’nileng ba nahana hore Molimo o pholositse bophelo ba bona ka mohlolo kapa ba ileng ba re ke eena ea ba folisitseng ba sa lebella, qetellong ba ile ba shoa. Nako ea ho felisoa ha ho kula le ho shoa, le ea ‘ho hlakoloa ha meokho eohle’ mahlong a batho, ke hona e sa ntseng e tla.—Tšenolo 21:1-4.
E le hore sena se etsahale, ho hlokahala ho hong ho hoholoanyane le ho phethahetseng ho fetang ho kenella feela ka linako tse itseng. Bibele e bua ka ketsahalo e bitsoang “letsatsi le leholo la Jehova.” (Sofonia 1:14) Ha Molimo a kenella nakong ena ea makhaola-khang, o tla felisa bokhopo bohle. Moloko oa batho o tla fuoa monyetla oa ho phela ka ho sa feleng maemong a phethahetseng, ao ho ’ona ‘lintho tsa pele li ke keng tsa hopoloa, kapa tsa fihla ka pelong.’ (Esaia 65:17) Esita le bafu ba tla tsosoa, ka tsela eo ho tlosoe tlokotsi e khōlō ho feta tsohle tse hlahelang batho. (Johanne 5:28, 29) Ka nako eo, ka lerato la hae le ka molemo oa hae o ke keng oa lekanngoa, Molimo o tla rarolla mathata a batho ka ho feletseng.
Kamoo Molimo a Kenellang Kateng Kajeno
Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore hajoale Molimo o shebeletse feela ha pōpo e ntse e utloa bohloko. Kajeno, Molimo o fa batho bohle monyetla oa ho mo tseba le oa ho ntlafatsa kamano ea bona le eena ho sa tsotellehe hore na ke ba morabe ofe kapa hore na boemo ba bona ke bofe sechabeng. (1 Timothea 2:3, 4) Jesu o hlalositse mohato ona ka mantsoe ana: “Ha ho motho ea ka tlang ho ’na ntle leha a huloa ke Ntate ea nthomileng.” (Johanne 6:44) Molimo o hulela batho ba tšepahalang ho eena ka molaetsa oa ’Muso o boleloang ke bahlanka ba hae lefatšeng lohle.
Ntle ho moo, Molimo o susumetsa ka ho toba bophelo ba batho ba ratang hore a ba tataise. Molimo o ‘bula lipelo tsa bona’ ka moea oa hae o halalelang hore ba utloisise thato ea hae le hore ba etse lintho tseo a li batlang. (Liketso 16:14) E, ka ho fana ka monyetla oa ho mo tseba, le oa ho tseba Lentsoe la hae le merero ea hae, Molimo o bontša hore ka lerato o thahasella e mong le e mong oa rōna.—Johanne 17:3.
Qetellong, kajeno Molimo ha a lopolle bahlanka ba hae ka mohlolo, empa o ba fa moea oa hae o halalelang le “matla a fetang se tloaelehileng” e le hore ba ka sebetsana ka katleho le boemo leha e le bofe bo ka ba hlahelang. (2 Bakorinthe 4:7) Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la [Jehova Molimo] ea mphang bonatla.”—Bafilipi 4:13.
Ka lebaka leo, re na le mabaka a feletseng a ho leboha Molimo letsatsi le leng le le leng ka bophelo le ka tšepo eo a re fileng eona ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le se nang mahlomola. Mopesaleme o ile a botsa: “Ke tla buseletsa eng ho Jehova bakeng sa melemo eohle ea hae ho ’na? Ke tla nka senoelo sa poloko e khōlō, ke tla ipiletsa lebitsong la Jehova.” (Pesaleme ea 116:12, 13) Ho bala makasine ena kamehla ho tla u thusa ho utloisisa seo Molimo a se entseng, seo a ntseng a se etsa le seo a sa ntsaneng a tla se etsa se tla u thabisa hona joale se be se u fe tšepo e tiileng bakeng sa bokamoso.—1 Timothea 4:8.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
“Lintho tsa pele li ke ke tsa hopoloa, kapa tsa fihla ka pelong.”—Esaia 65:17
[Litšoantšo tse leqepheng la 5]
Mehleng ea Bibele, Jehova ha aa ka a thibela hore Zakaria a se ke a tlepetsoa ka majoe . . .
ebile ha aa ka a thibela Heroda ho bolaea batho ba bangata ba se nang molato
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Nako e haufi ea ha mahlomola a tla fela; le bafu ba tla phela hape