Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
“Tsena ke Litaba Tse Ncha Litsebeng Tsa Ka!”
DOROTA, mosebeletsi oa nako e tletseng oa Lipaki Tsa Jehova Poland, o ile a felehetsa mora oa hae ea lilemo li 14 ho ea tlhahlobong e tloaelehileng tleliniking ea sekolo. Nakong ea tlhahlobo, ngaka e bitsoang Janinaa e ile ea botsa Dorota hore na mosebetsi oa mora oa hae ke ofe lapeng.
Dorota o ile a araba ka ho re: “Ha ke sa khone, mor’a ka o re phehela lijo tsa mantsiboea ka botšelela ba rōna lapeng. O boetse o hloekisa ntlo le ho thusa ka ho lokisa lintho tse senyehileng lapeng. O rata ho bala. Ke seithuti se hloahloa.”
Eaba Janina o re: “Ka tla ka utloa mohlolo. Haesale ke sebetsa mona ka lilemo tse 12, ke qala ho utloa ntho e tjena.”
Ha a bona hore o fumane monyetla oa ho paka, Dorota o ile a mo hlalosetsa tjena: “Batsoali ba bangata kajeno ba hlōleha ho koetlisa bana ba bona ka mokhoa o nepahetseng. Ke ka lebaka leo hangata bana ba bona ba haelloang ke boitlhompho.”
Janina a mo botsa: “Litaba tsee tsohle u li tsebella kae? Batsoali ba bangata ha ba tsebe letho ka lintho tsena.”
Dorota a mo araba ka ho re: “Bibele ke mohloli oa bohlokoa oa litaba tse joalo. Ka mohlala, ho latela Deuteronoma 6:6-9, ho ruta bana ba rōna ho qala ka hore rōna ka borōna re ithute. Na ha rea lokela ho qala ka ho kenya ka lipelong le ka likelellong tsa rōna melao-motheo ea bohlokoa eo re ratang ho e hatisa baneng ba rōna?”
Janina a khotsa: “Ka tla ka utloa mohlolo! Kannete ka tla ka utloa mohlolo!” Eaba o botsa Dorota hore na Bibele e mo thusitse joang ho hōlisa bana ba hae le ho ba ruta.
Dorota a mo hlalosetsa tjena: “Beke e ’ngoe le e ’ngoe re ithuta Bibele le bana ba rōna. Re sebelisa buka e nang le sehlooho se reng, Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang.”b Ka mor’a moo o ile a tsoela pele ho mo hlalosetsa ka buka eo eaba o mo bolella ka lihlooho tse ling tseo e li akaretsang.
Janina a khotsa: “Tsena ke litaba tse ncha litsebeng tsa ka! Na ho ka khoneha hore ke bone buka eo?”
Ka mor’a hora, Dorota o ile a khutla a nkile buka eo.
Ha Janina a ntse a hlahloba buka eo, o ile a mo botsa: “Uena u kena kereke efe?”
“Ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova.”
“Lipaki Tsa Jehova li tšoara batho ba malumeli a mang joang?”
Eaba Dorota o mo araba ka ho re: “Ka tlhompho—joalokaha ke u tšoere ka tlhompho,” ’me a phaella ka ho re: “’Nete ke hore, re lakatsa eka ba ka tseba ’nete ea Bibele.”
Janina a re, “Hona joale, ke ikutloa ke se ke ntse ke imolohile.”
Ha Dorota a se a tsamaea, o ile a khothalletsa Janina ho bala Bibele, a re: “E tla etsa hore bophelo ba hao bo be le morero le ho u thusa mosebetsing oa hao.”
Janina a lumela, a re, “Ka sebele, u mphile matla a ho e bala.”
Ka masene le ka boikemisetso, Dorota o ile a fetola ho ea ngakeng ka tsela e tloaelehileng hore e be monyetla oa ho fana ka bopaki bo botle.—1 Petrose 3:15.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lebitso leo hase la hae.
b E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.