Ho Hlorisetsoa ho Loka
“Ho thaba ba hlorisitsoeng ka lebaka la ho loka.”—MATHEU 5:10.
1. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a le ka pel’a Ponse Pilato, ’me Jesu o ile a re’ng?
“KE TSOALETSOE sena, ’me ke tletse sena lefatšeng, hore ke pakele ’nete.” (Johanne 18:37) Ha Jesu a bua mantsoe ana, o ne a le ka pel’a Ponse Pilato, ’Musisi oa Judea oa Moroma. Jesu o ne a sa ikisa moo ebile o ne a sa mengoa ke Pilato. Ho e-na le hoo, o ne a le moo hobane baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ne ba mo qositse ka bohata ka hore ke mofosi ea lokelang ho bolaoa.—Johanne 18:29-31.
2. Ke eng seo Jesu a ileng a se etsa, hona se ile sa fella ka eng?
2 Jesu o ne a tseba hantle hore Pilato o na le matla a ho mo lokolla kapa a ho mo bolaea. (Johanne 19:10) Empa sena ha sea ka sa mo thibela ho bua ka sebete le Pilato ka ’Muso. Le hoja bophelo ba Jesu bo ne bo le kotsing, o ile a sebelisa monyetla oo ho pakela ’musi ea phahameng ka ho fetisisa oa sebaka seo. Ho sa tsotellehe bopaki boo, Jesu o ile a ahloloa ’me a bolaoa, a shoa lefu le bohloko thupeng ea tlhokofatso e le moshoela-tumelo.—Matheu 27:24-26; Mareka 15:15; Luka 23:24, 25; Johanne 19:13-16.
Na e ne e le Paki Kapa Moshoela-tumelo?
3. Linakong tsa Bibele lentsoe “moshoela-tumelo” le ne le bolela eng, empa hona joale le bolela eng?
3 Ho batho ba bangata kajeno, ho ba moshoela-tumelo ho batla ho tšoana le ho ba motho ea chesehang ka ho fetisisa, ea fetelletsang litaba. Batho ba ikemiselitseng ho shoela seo ba se lumelang, haholo-holo bolumeling, hangata ba belaelloa ka hore ke likhukhuni kapa bonyane ka ho ba batho ba kotsi sechabeng. Leha ho le joalo, lentsoe la Senyesemane martyr (le fetoletsoeng e le moshoela-tumelo) le tsoa lentsoeng la Segerike (marʹtys) leo linakong tsa Bibele le neng le bolela “paki,” e leng motho ea fanang ka bopaki, mohlomong khotla, mabapi le ’nete eo a e lumelang. Ebile feela hamorao moo lentsoe lena le ileng la bolela “ea telang bophelo ba hae ka lebaka la ho paka,” kapa esita le ho paka ka hore motho a tele bophelo ba hae.
4. Jesu e ne e le moshoela-tumelo haholo-holo ka kutloisiso efe?
4 Jesu e ne e le moshoela-tumelo haholo-holo ka kutloisiso ea pele ea lentsoe lena. Joalokaha a ile a bolella Pilato, o ne a tletse ho tla ‘pakela ’nete.’ Ho paka ha hae ho ne ho etsa hore batho ba itšoare ka litsela tse sa tšoaneng. Ba bang ba batho ba tloaelehileng ba ile ba angoa ka botebo ke seo ba se utloang le ho se bona eaba ba lumela ho Jesu. (Johanne 2:23; 8:30) Matšoele, ’me ka ho khetheha baeta-pele ba bolumeli, le ’ona a ne a bontša boitšoaro ba ’ona ka matla—empa e le hampe. Jesu o ile a hlakisetsa beng ka eena ba sa lumeleng taba ena: “Lefatše ha le na lebaka la ho le hloea, empa ’na le ntlhoile, hobane ke paka malebana le lona hore mesebetsi ea lona e khopo.” (Johanne 7:7) Jesu o ile a halefisa baeta-pele ba sechaba ka ho pakela ’nete ’me o ile a bolaeloa sena. Ha ho pelaelo hore e ne e le “paki (moshoela-tumelo) e tšepahalang le ea ’nete.”—Tšenolo 3:14.
“Le Tla Hlouoa”
5. Jesu ha a sa tsoa qala mosebetsi oa hae, o ile a re’ng ka ho hlorisoa?
5 Hase feela hore Jesu ka boeena o ile a hlorisoa ka sehlōhō empa hape o ile a lemosa balateli ba hae esale pele hore le bona ba ne ba tla hlorisoa ka tsela e tšoanang. Jesu ha a sa tsoa qala mosebetsi oa hae, o ile a re ho bamameli ba hae Thutong ea hae ea Thabeng: “Ho thaba ba hlorisitsoeng ka lebaka la ho loka, kaha ’muso oa maholimo ke oa bona. Ho thaba lōna ha batho ba le nyelisa ’me ba le hlorisa ’me ka leshano ba bua ntho ea mofuta o mong le o mong e khopo ka lōna ka lebaka la ka. Thabang ’me le tlōle ke thabo, kaha moputso oa lōna o moholo maholimong.”—Matheu 5:10-12.
6. Jesu o ile a fana ka temoso efe ha a roma baapostola ba 12?
6 Hamorao ha Jesu a roma baapostola ba 12, o ile a re ho bona: “Itebeleng khahlanong le batho; etsoe ba tla nehelana ka lōna makhotleng a libaka, ’me ba tla le shapa ka lisynagogeng tsa bona. Le tla hulanyetsoa ka pel’a babusisi le marena ka lebaka la ka, hore e be bopaki ho bona le ho lichaba.” Empa hase baeta-pele ba bolumeli feela ba neng ba tla hlorisa barutuoa. Jesu o ile a boela a re: “Mor’abo motho o tla nehelana ka mor’abo lefung, le ntate a nehelane ka ngoana oa hae lefung, ’me bana ba tla tsohela batsoali matla ’me ba tla etsa hore ba bolaoe. Le tla hlouoa ke batho bohle ka lebaka la lebitso la ka; empa ea mameletseng ho fihlela bofelong ke eena ea tla pholoha.” (Matheu 10:17, 18, 21, 22) Lintho tse etsahaletseng Bakreste ba lekholong la pele la lilemo li paka bonnete ba mantsoe ana.
Tlaleho ea ho Mamella ka Botšepehi
7. Ke eng e ileng ea etsa hore Setefane e be moshoela-tumelo?
7 Nakoana ka mor’a lefu la Jesu, Setefane e ile ea e-ba eena Mokreste oa pele ea ileng a shoa ka lebaka la ho pakela ’nete. O ne a “tletse mosa le matla, [’me] o ne a etsa limakatso le lipontšo tse khōlō har’a batho.” Lira tsa hae tsa bolumeli ‘li ne li sa khone ho ikemela khahlanong le bohlale le moea oo a neng a bua ka oona.’ (Liketso 6:8, 10) Ka lebaka la ho qetoa ke mōna, li ile tsa hulela Setefane ka pel’a lekhotla le phahameng la Bajuda la Sanhedrine moo a ileng a tobana le baqosi ba hae ba bohata ’me a fana ka bopaki bo matla. Leha ho le joalo, qetellong lira tsa Setefane li ile tsa bolaea paki ena e tšepahalang.—Liketso 7:59, 60.
8. Barutuoa ba neng ba le Jerusalema ba ile ba itšoara joang ha ba hlorisoa ka mor’a lefu la Setefane?
8 Ka mor’a lefu la Setefane, ho ile ha “tsoha mahloriso a maholo khahlanong le phutheho e neng e le Jerusalema; bohle ntle ho baapostola ba hasana ho pholletsa le libaka tsa Judea le Samaria.” (Liketso 8:1) Na mahloriso a ile a etsa hore Bakreste ba khaotse ho paka? Che, tlaleho e re bolella hore “ba neng ba hasane ba pholletsa le naha ba bolela litaba tse molemo tsa lentsoe.” (Liketso 8:4) E tlameha ebe ba ile ba ikutloa joaloka moapostola Petrose eo pejana a neng a ile a re: “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.” (Liketso 5:29) Ho sa tsotellehe mahloriso, barutuoa bana ba tšepahalang le ba sebete ba ile ba phehella mosebetsing oa ho pakela ’nete, le hoja ba ne ba tseba hore sena se tla eketsa mathata.—Liketso 11:19-21.
9. Balateli ba Jesu ba ile ba ’na ba hlorisoa joang?
9 Ka sebele mathata a ile a ’na a roalellana ho ea pele. Taba ea pele, re ithuta hore Saule—monna ea neng a shebeletse ka kananelo ha Setefane a tlepetsoa ka majoe—“a sa ntse a tletse tšokelo le polao khahlanong le barutuoa ba Morena, [o ile] a ea ho moprista ea phahameng ’me a mo kōpa mangolo a eang lisynagogeng tsa Damaseka, e le hore leha e le bafe bao a neng a ba fumana bao e neng e le ba Tsela Eo, banna le basali, a ka ba tlisa ba tlamiloe Jerusalema.” (Liketso 9:1, 2) Joale, hoo e ka bang ka selemo sa 44 C.E., “Morena Heroda a sebelisa matsoho a hae ho sotla ba bang ba phutheho. A bolaea Jakobo mor’abo Johanne ka sabole.”—Liketso 12:1, 2.
10. Re fumana tlaleho efe ea mahloriso bukeng ea Liketso le ea Tšenolo?
10 Buka eohle ea Liketso e na le tlaleho e ke keng ea hlakoloa ea liteko, ho koalloa chankaneng le mahloriso a ileng a mamelloa ke batho ba tšepahalang ba kang Pauluse, mohlorisi ea ileng a fetoha moapostola, eo ho ka etsahalang hore ebe ka 65 C.E o ile a shoela tumelo ka taelo ea Moemphera Nero oa Roma. (2 Bakorinthe 11:23-27; 2 Timothea 4:6-8) Qetellong, bukeng ea Tšenolo, e ngotsoeng ho elella qetellong ea lekholo la pele la lilemo, re bolelloa ka moapostola Johanne ea tsofetseng ea kentsoeng chankaneng sehlekehlekeng sa Patmose “ka lebaka la ho bua ka Molimo le ho paka ka Jesu.” Tšenolo e boetse e bua ka “Antipase, paki ea ka, ea tšepahalang, ea ileng a bolaoa” Pergame.—Tšenolo 1:9; 2:13.
11. Bophelo ba Bakreste ba pele bo ile ba paka joang hore mantsoe a Jesu mabapi le mahloriso e ne e le ’nete?
11 Sena sohle se ile sa paka hore mantsoe ao Jesu a a buileng ho barutuoa ba hae e ne e le ’nete ha a re: “Haeba ba ntlhorisitse, le lōna ba tla le hlorisa.” (Johanne 15:20) Bakreste ba pele ba tšepahalang ba ne ba ikemiselitse ho tobana le teko e matla ka ho fetisisa e leng ho shoa—ka ho hlokofatsoa, ka ho lahleloa har’a libata, kapa ka tsela leha e le efe—e le hore ba phethe thōmo ea Morena Jesu Kreste e reng: “Le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema le Judea le Samaria kaofela le ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.”—Liketso 1:8.
12. Ke hobane’ng ha ho hlorisoa ha Bakreste e se feela ntho ea nakong e fetileng?
12 Haeba motho a ne a ka nahana hore e ne e le nakong e fetileng feela ha balateli ba Jesu ba ne ba tšoaroa ka sehlōhō joalo, o ne a tla be a fositse hampe. Pauluse, eo joalokaha re bone a ileng a mamella mathata a maholo, o ile a ngola a re: “Bohle ba lakatsang ho phela ka boinehelo ba bomolimo kamanong le Kreste Jesu le bona ba tla hlorisoa.” (2 Timothea 3:12) Ha Petrose a bua ka mahloriso, o ile a re: “Ha e le hantle, le bitselitsoe tsela ena, hobane esita le Kreste o ile a utloa bohloko bakeng sa lōna, a le siela mohlala hore le latele mehato ea hae haufi-ufi.” (1 Petrose 2:21) Ho tla fihlela ‘matsatsing ana a ho qetela’ a tsamaiso ena ea lintho, batho ba Jehova ba ntse ba hloiloe ebile ba tšoeroe hampe. (2 Timothea 3:1) Lefatšeng lohle, mebusong ea bohatelli le linaheng tsa demokrasi, ho bile le linako tseo ka tsona Lipaki Tsa Jehova li ’nileng tsa hlorisoa e le batho ka bomong kapa e le sehlopha.
Ke Hobane’ng ha ba Hloiloe Ebile ba Hlorisoa?
13. Bahlanka ba kajeno ba Jehova ba lokela ho hopola eng ka mahloriso?
13 Le hoja ka tsela e itseng boholo ba rōna kajeno re thabela bolokolohi ba ho bolela le ho kopana ka khotso, re lokela ho nka ka botebo khopotso ena ea Bibele e reng “boemo ba lefatše lena boa fetoha.” (1 Bakorinthe 7:31) Lintho li ka fetoha ka potlako hoo haeba re sa itokisa kelellong, maikutlong le moeeng, re ka oang habonolo. Joale ebe re ka itšireletsa joang? Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho itšireletsa ke ho hopola hantle hore na ke hobane’ng ha Bakreste ba ratang khotso le ba mamelang molao ba hloiloe ebile ba hlorisoa.
14. Petrose o ile a totobatsa lebaka lefe le neng le etsa hore Bakreste ba hlorisoe?
14 Moapostola Petrose o ile a bua ka taba ena lengolong la hae la pele, leo a le ngotseng pakeng tsa 62-64 C.E., ha Bakreste ba ne ba lekoa ebile ba hlorisoa hohle ’Musong oa Roma. O ile a re: “Baratuoa, le se ke la makatsoa ke ho cha ho har’a lōna, ho le etsahallang hore e be teko, joalokaha eka le hlaheloa ke ntho e sa tloaelehang.” Petrose o ile a tsoela pele ho hlalosa seo a neng a se hopotse, a re: “Ho se ke ha e-ba le ea mong oa lōna ea utloang bohloko kahobane e le ’molai kapa lesholu kapa moetsi oa bobe kapa e le ea itšunya-tšunyang litabeng tsa batho ba bang. Empa haeba a utloa bohloko kahobane e le Mokreste, a se ke a ikutloa a le lihlong, empa a ke a tsoele pele ho tlotlisa Molimo ka lebitso lena.” Petrose o ile a totobatsa ntlha ea hore ba ne ba sa utloe bohloko ka lebaka la ho etsa bobe bo itseng, empa ba ne ba bo utloa ka lebaka la ho ba Bakreste. Ba ne ba tla amoheleha har’a baahisani ba bona haeba ba ne ba ile ba ’na ba ipitika “sekoting sa litšila se tlaase se tšoanang.” Empa ’nete ke hore ba ne ba utloa bohloko hobane ba ne ba ikitlaelletsa ho phethahatsa boikarabelo ba bona ba ho ba balateli ba Kreste. Bakreste ba ’nete ba boemong bo tšoanang kajeno.—1 Petrose 4:4, 12, 15, 16.
15. Kajeno re bona tšoaro ea mofuta ofe e mpe e sa lokelang Lipaki Tsa Jehova?
15 Likarolong tse ngata tsa lefatše, Lipaki Tsa Jehova li rorisoa phatlalatsa ka lebaka la bonngoe le tšebelisano eo li e bontšang likopanong tsa tsona tse khōlō le mesebetsing ea tsona ea kaho, botšepehi le ho khothala ha tsona, boitšoaro ba tsona bo behang mohlala le bophelo ba lelapa, esita le ponahalo ea tsona e ntle le chebahalo.a Ka lehlakoreng le leng, mosebetsi oa tsona o thibetsoe kapa o behetsoe meeli bonyane linaheng tse 28 hajoale, ’me Lipaki tse ngata lia hlekefetsoa ebile li nkeloa lintho ka lebaka la tumelo ea tsona. Ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova tse tummeng hantle hakaale li tšoaroa hampe tjee? Hona ke hobane’ng ha Molimo a lumella hoo?
16. Lebaka le ka sehloohong leo ka lona Molimo a lumellang hore batho ba hae ba hlorisoe ke lefe?
16 Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re lokelang ho e hopola ke mantsoe a Liproverbia 27:11 a reng: “Mora oa ka, hlalefa ’me u thabise pelo ea ka, e le hore nka araba ea ’nyelisang.” E, ke ka lebaka la tseko eo e leng khale e le teng e mabapi le puso ea bokahohleng. Ho sa tsotellehe bopaki bo bongata bo fanoeng ke bohle ba ’nileng ba tšepahala ho Jehova ka makholo a lilemo, Satane o ntse a nyelisa Jehova joalokaha a ile a etsa mehleng ea Jobo ea lokileng. (Jobo 1:9-11; 2:4, 5) Ha ho pelaelo hore Satane o entse lephehlophehlo boitekong ba hae ba ho qetela ba ho netefatsa khang ea hae hona joale ha ’Muso oa Molimo o hlomiloe ka ho tiea, ’me o e-na le bafo ba tšepahalang le baemeli lefatšeng lohle. Na ba tla tšepahala ho Molimo ho sa tsotellehe mahlomola le mathata a ka ba hlahelang? Ena ke potso eo mohlanka e mong le e mong oa Jehova a lokelang ho e araba ka liketso tsa hae.—Tšenolo 12:12, 17.
17. Jesu o ne a bolela’ng ha a ne a re “ho tla le hlahela hore e be bopaki”?
17 Ha a ne a bolella barutuoa ba hae ka liketsahalo tse neng li tla etsahala ‘qetellong ea tsamaiso ea lintho,’ Jesu o ile a bontša lebaka le leng leo ka lona Jehova a lumellang hore bahlanka ba hae ba hlorisoe. O ile a re ho bona: “[Le tla] hulanyetsoa ka pel’a marena le babusisi ka lebaka la lebitso la ka. Ho tla le hlahela hore e be bopaki.” (Matheu 24:3, 9; Luka 21:12, 13) Jesu ka boeena o ile a fana ka bopaki ka pel’a Heroda le Ponse Pilato. Moapostola Pauluse le eena o ile a “hulanyetsoa ka pel’a marena le babusisi.” Ka tataiso ea Morena Jesu Kreste, Pauluse o ne a batla ho pakela ’musi ea matla ka ho fetisisa oa mehleng eo ha a re: “Ke ipiletsa ho Cesare!” (Liketso 23:11; 25:8-12) Ka tsela e tšoanang kajeno, hangata maemo a lekang a ’nile a fella ka hore ho fanoe ka bopaki bo botle ho ba boholong esita le sechabeng.b
18, 19. (a) Ho loana ka katleho le liteko ho tla re ruisa molemo joang? (b) Sehloohong se latelang ho tla tšohloa lipotso life?
18 Qetellong, ho loana ka katleho le liteko le matšoenyeho ho ka re ruisa molemo. Joang? Morutuoa Jakobo o ile a hopotsa Bakreste-’moho le eena a re: “Ho nkeng e le thabo feela, barab’eso, ha le thulana le liteko tse sa tšoaneng, joalokaha le hlile le tseba hore tšobotsi ena e lekiloeng ea tumelo ea lōna e hlahisa mamello.” E, mahloriso a ka ntlafatsa tumelo ea rōna le ho matlafatsa mamello ea rōna. Kahoo, mahloriso ha a re tšose ebile ha re batle ho sebelisa mekhoa eo e seng ea Mangolo e le hore re a qobe kapa re a felise. Ho e-na le hoo, re mamela keletso ea Jakobo: “Mamello mosebetsi oa eona e ke e be o feletseng, e le hore le ka ba ba feletseng le ba phethahetseng ka litsela tsohle, le sa haelloe ke letho.”—Jakobo 1:2-4.
19 Le hoja Lentsoe la Molimo le re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba hlorisoa le hore na ke hobane’ng ha Jehova a lumella seo, sena ha se hlile ha se etse hore ho be bonolo ho mamella mahloriso. Ke eng e ka re matlafalletsang ho a mamella? Re ka etsa eng ha re tobane le mahloriso? Re tla tšohla litaba tsena tsa bohlokoa sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Molula-Qhooa oa December 15, 1995, leqepheng la 27-9; April 15, 1994, leqepheng la 16-17; le Tsoha! ea January 8, 1994, leqepheng la 18-29.
Na U ka Hlalosa?
• Jesu e ne e le moshoela-tumelo haholo-holo ka kutloisiso efe?
• Mahloriso a ile a e-ba le phello efe ho Bakreste ba lekholong la pele la lilemo?
• Joalokaha Petrose a ile a hlalosa, ke hobane’ng ha Bakreste ba pele ba ne ba hlorisoa?
• Ke mabaka afe a etsang hore Jehova a lumelle hore bahlanka ba hae ba hlorisoe?
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba sa utloe bohloko ka lebaka la liketso life kapa life tse mpe, empa ba ne ba utloa bohloko ka lebaka la ho ba Bakreste
PAULUSE
JAKOBO
JOHANNE
ANTIPASE
SETEFANE