Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 8/15 leq. 30
  • Na U sa Hopola?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U sa Hopola?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Complutensian Polyglot—Thuso ea Bohlokoa Phetolelong
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Bibele ea Morena e Bile ea Bohlokoahali ho Litsebi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Seo re ka Ithutang Sona ka Boikhohomoso le Boikokobetso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 8/15 leq. 30

Na U sa Hopola?

Na u thabetse ho bala litokollo tsa morao tjee tsa Molula-Qhooa? Bona hore na ebe u ka araba lipotso tse latelang:

• Complutensian Polyglot e ne e le eng, hona ke hobane’ng ha e ne e le ea bohlokoa hakaale?

E ne e le Bibele e hatisitsoeng ka lipuo tse fapa-fapaneng e neng e e-na le lik’holomo tse lekanang tse bapileng tse nang le taba e ngotsoeng e molemohali e neng e fumaneha ka nako eo ka Seheberu, Segerike le Selatine, e bile e e-na le likarolo tse itseng ka Searame. Bibele ena ea lipuo tse fapa-fapaneng e bile mohato o moholo ho hlahisoeng ha taba e ngotsoeng e ntlafalitsoeng ea lipuo tsa pele.—4/15, leqepheng la 28-31.

• Batho ba ka thabisa Molimo joang?

Joaloka motho oa sebele ea phelang, Jehova o khona ho nahana le ho nka khato, le ho bonahatsa maikutlo a itseng. Ke “Molimo ea thabileng” ebile o thabela ho phetha morero oa hae. (1 Timothea 1:11; Pesaleme ea 104:31) Ha re ntse re ithuta ka ho eketsehileng tsela eo Molimo a ikutloang ka eona, sena se tla etsa hore re ele hloko haholoanyane seo re lokelang ho se etsa hore re mo thabise pelo.—5/15, leqepheng la 4-7.

• Ke hobane’ng ha Davida a ile a lumella mosali oa hae Mikale hore a be le setšoantšo sa terafime?

Ha Morena Saule a ne a loha leano la ho bolaea Davida, Mikale o ile a mo thusa hore a phonyohe, eaba o beha setulong se kang bethe setšoantšo seo mohlomong se neng se bōpehile joaloka motho. Mohlomong o ne a e-na le terafime hobane pelo ea hae e ne e se ho Molimo ka ho feletseng. E ka ’na eaba Davida o ne a sa tsebe ka setšoantšo seo kapa o ile a se lumella hobane e ne e le morali oa Morena Saule. (1 Likronike 16:25, 26)—6/1, leqepheng la 29.

• Lebaka le ka sehloohong la melao-taelo ea Molimo ka mali e ne e le lefe?

Ho ea ka seo Molimo a ileng a se bolela ka mor’a Moroallo, Molaong oa Moshe le molao-taelong o fumanoang ho Liketso 15:28, 29, o ne a lebisa tlhokomelo sehlabelong se amang mali a Jesu a ileng a tšoloha. Ke ka mali ao feela re ka fumanang tšoarelo le ho ba le khotso le Molimo. (Bakolose 1:20)—6/15, leqepheng la 14-19.

• Ke mehlolo e mekae ea Jesu e boletsoeng ka Bibeleng?

Litlaleho tsa Kosepele li bua ka mehlolo ea Jesu e 35. Empa ha hoa boleloa hore na mehlolo ea Jesu, ho akarelletsa le e sa tlalehoang, e ne e le mekae ka palo. (Matheu 14:14)—7/15, leqephe la 5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela