Lithuto Tsa ’Nete Tse Khahlisang Molimo
E LE hore baahi ba lefatše ba tsebe lithuto tsa ’nete le ho khahlisa Molimo, Molimo o lokela ho ba senolela mohopolo oa hae. O boetse o lokela ho etsa hore tšenolo eo e finyelle batho bohle. Ho seng joalo batho ba ne ba tla tseba joang hore na Molimo o amohela thuto ea bolumeli, borapeli le boitšoaro ba mofuta ofe? Na Molimo o fane ka boitsebiso bo joalo? Haeba ho joalo, o fane ka bona ka tsela efe?
Na ho na le motho leha e le ofe ea phelang mashome a seng makae feela a lilemo ea ka buisanang le moloko oohle oa batho ’me ebe eena mocha oa puisano pakeng tsa Molimo le batho? Ha a eo. Empa seo ke se ka etsoang ke tlaleho e ngotsoeng e lulang e le teng. Ka hona, na e ne e ke ke ea e-ba ho loketseng hore tšenolo e tsoang ho Molimo e fumanehe bukeng? Bibele ke e ’ngoe ea libuka tsa khale tse bolelang hore li bululetsoe ke Molimo. E mong oa bangoli ba eona o re: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka.” (2 Timothea 3:16) A re ke re hlahlobisiseng Bibele ’me re bone hore na ehlile ke mohloli oa lithuto tsa ’nete.
Ke ea Khale Hakae?
Bibele ke e ’ngoe ea libuka tsa khale ka ho fetisisa har’a libuka tse khōlō tsa bolumeli. Likarolo tsa eona tsa pele li ngotsoe lilemo tse ka bang 3 500 tse fetileng. Buka ena e phethiloe ka 98 C.E.a Le hoja Bibele e ngotsoe ke banna ba ka bang 40 hoo e ka bang ka lilemo tse 1 600, ke pokello ea libuka tse lumellanang. Lebaka ke hobane Molimo ke eena eo ehlileng e leng Mongoli oa eona.
Bibele ke buka e ajoang le e fetoleloang haholo historing eohle. Selemo le selemo, ho ajoa Libibele tse feletseng tse ka bang limilione tse 60 kapa likarolo tsa eona. Bibele e feletseng kapa likarolo tsa eona e fetoletsoe lipuong tse khōlō le tse nyenyane tse fetang 2 300. Karolo ea 90 lekholong ea moloko oa batho e na le Bibele, kapa bonyane karolo ea eona, ka puo ea oona. Buka ena ha e thibeloe ke likarohano tsa lichaba, tsa merabe le tsa litso.
E Hlophisitsoe Joang?
Haeba u na le Bibele, ke hobane’ng ha u sa e phetle ’me u bone kamoo e hlophisitsoeng kateng?b Qala ka ho phetla lethathamong la tse ka hare. Libibele tse ngata li na le lethathamo lena qalong, le thathamisang buka ka ’ngoe le leqephe leo e fumanehang ho lona. U tla hlokomela hore ha e le hantle Bibele ke pokello e le ’ngoe e khōlō ea libuka, buka ka ’ngoe e na le lebitso la eona. Buka ea pele feela ke Genese, ’me ea ho qetela ke Tšenolo, kapa Apocalypse. Libuka tsena li arotsoe ka likarolo tse peli. Libuka tsa pele tse 39 li bitsoa Mangolo a Seheberu, kaha boholo ba tsona li ngotsoe ka puo ea Seheberu. Libuka tsa ho qetela tse 27 li ngotsoe ka puo ea Segerike kahoo ke Mangolo a Segerike. Ba bang ba bitsa likarolo tsena tse peli Testamente ea Khale le Testamente e Ncha.
Libuka tsa Bibele li na le likhaolo le litemana bakeng sa hore motho a li fumane habonolo. Ha ho ngoloa mangolo makasineng ena, lebitso la buka ea Bibele le lateloa ke nomoro ea khaolo ea buka eo ’me nomoro e latelang ke ea temana. Ka mohlala, ha ho qotsitsoe “2 Timothea 3:16” ho boleloa hore ke buka ea Timothea oa Bobeli, khaolo ea 3, temana ea 16. Bona haeba u ka fumana temana ena ka Bibeleng.
Na ha u lumele hore tsela e molemohali ea ho tseba se ka Bibeleng ke hore u e bale kamehla? Ba bang ba fumane ho le molemo ho bala Mangolo a Segerike pele, ba qala ka buka ea Matheu. Haeba u bala likhaolo tse tharo ho isa ho tse hlano ka letsatsi, u ka qeta Bibele eohle ka selemo. Empa u ka kholiseha joang hore seo u se balang ka Bibeleng se hlile se bululetsoe ke Molimo?
Na U ka Tšepa Bibele?
Na buka e bululetsoeng ke Molimo ha ea lokela ho ba le keletso e sa fetoheng e mabapi le kamoo re lokelang ho phela kateng? Bibele e utloisisa tsela eo batho ba entsoeng ka eona ’me kutloisiso eo e ama moloko o mong le o mong oa batho, ’me melao-motheo ea eona e ntse e sebetsa le kajeno ho tšoana le kamoo e neng e sebetsa kateng ha e ne e ngoloa ka lekhetlo la pele. Sena se ka bonoa habonolo puong e tsebahalang e ileng ea fanoa ke Jesu Kreste, Mothehi oa Bokreste. E tlalehiloe ho Matheu khaolo ea 5 ho ea ho ea 7. Puo ena, e tsejoang e le Thuto ea Thabeng, ha e re bontše feela tsela ea ho fumana thabo ea sebele empa e boetse e re bontša kamoo re ka lokisang liqabang kateng, kamoo re ka rapelang kateng, kamoo re lokelang ho talima litlhoko tsa lintho tse bonahalang kateng, le lintho tse ling tse ngata. Puong ena, le maqepheng a eona kaofela, Bibele e bontša ka ho hlaka hore na ke eng seo re lokelang ho se etsa le seo re sa lokelang ho se etsa e le hore re khahlise Molimo le ho ntlafatsa maemo a rōna bophelong.
Lebaka le leng leo u ka tšepang Bibele ka lona ke hore litabeng tsa saense, seo buka ena ea boholo-holo e se buang se nepahetse. Ka mohlala, nakong ea ha batho ba bangata ba ne ba lumela hore lefatše le bataletse, Bibele eona e buile ka “selika-likoe [kapa, phikoloho ea] . . . lefatše.”c (Esaia 40:22) ’Me lilemo tse fetang 3 000 pele rasaense ea tummeng Mohlomphehi Isaac Newton a hlalosa hore lipolanete li leketla sepakapakeng se se nang letho li tšoeroe ke matla a khoheli, ka tsela ea thothokiso Bibele e ile ea re ‘lefatše le leketlile holim’a lefeela.’ (Jobo 26:7) Hape nahana ka tlhaloso ena ea thothokiso ea potoloho ea metsi a lefatše, e tlalehiloeng lilemo tse ka bang 3 000 tse fetileng: “Linōka tsohle li phallela leoatleng, empa leoatle ha le ke le tlala. Moo linōka li phallelang teng, ke moo li phallelang teng kamehla.” (Moeklesia 1:7, Bibele—Phetolelo e Ncha) Ka sebele, ’Mōpi oa bokahohleng e boetse ke Mongoli oa Bibele.
Ho nepahala ha Bibele historing ho lumellana le ’nete ea hore e bululetsoe ke Molimo. Liketsahalo tse boletsoeng ka Bibeleng hase litšōmo feela. Li amana ka ho toba le matsatsi, batho le libaka tse itseng. Ka mohlala, ka nepo Luka 3:1 e bua ka “selemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ea Tiberiuse Cesare, ha Ponse Pilato e ne e le ’musisi oa Judea, ’me Heroda e le ’musi oa setereke oa Galilea.”
Le hoja hoo e ka bang kamehla bo-rahistori ba boholo-holo ba tlalehile feela ka katleho le makhabane a babusi, bangoli ba Bibele bona ba ne ba tšepahala, ba lumela liphoso tsa bona pepenene. Ka mohlala, Morena Davida oa Iseraele o ile a ipolela a re: “Ke entse sebe haholo ka seo ke se entseng. . . . Ke entse booatla bo boholo.” Mantsoe ana a ngotsoe ka botšepehi ka Bibeleng. (2 Samuele 24:10) ’Me Moshe ka boeena, e leng mongoli e mong oa Bibele, o ile a tlaleha ketsahalo e ’ngoe eo ho eona a ileng a bontša ho se tšepe Molimo oa ’nete.—Numere 20:12.
Bibele e na le bopaki bo bong hape ba hore e bululetsoe ke Molimo. Bopaki boo ke boprofeta ba eona bo phethahetseng—histori e ngotsoeng esale pele. Bo bong ba boprofeta bona bo mabapi le Jesu Kreste. Ka mohlala, lilemo tse fetang 700 pele Jesu a tsoaloa, Mangolo a Seheberu a ile a profeta ka nepo hore enoa Ea Tšepisitsoeng o ne a tla tsoalloa “Bethlehema ea Judea.”—Matheu 2:1-6; Mikea 5:2.
Nahana ka mohlala o mong. Ho 2 Timothea 3:1-5, Bibele e re: “Matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona. Etsoe batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, banyefoli, ba sa mameleng batsoali, ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng, ba se nang lerato la tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho li thata, ba ikhohomosang ka boikakaso, ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo, ba nang le ponahalo ea boinehelo ba bomolimo empa ba se na ’nete matleng a bona.” Na mantsoe aa ha a hlalose boikutlo ba batho ka kakaretso? Mantsoe ana a ile a ngoloa ka selemo sa 65 C.E., lilemo tse fetang 1 900 tse fetileng!
Bibele e re Ruta Eng?
Ha u ntse u bala molaetsa oa eona, u tla hlokomela hore Bibele ke mohloli oa bohlale bo phahameng. E fana ka likarabo tse khotsofatsang lipotsong tse kang tsena: Molimo ke mang? Na Diabolose o teng? Jesu Kreste ke mang? Ke hobane’ng ha ho e-na le mahlomola? Ho etsahala’ng ha re e-shoa? Likarabo tseo ba bang ba ka ’nang ba u fa tsona ha li tšoane, feela joalokaha litumelo le meetlo ea bona e sa tšoane. Empa Bibele e senola ’nete ka litaba tsena le tse ling tse ngata. Ho feta moo, tabeng ea boitšoaro le ea boikutlo ba rōna ka batho ba bang le ka balaoli ba phahameng, tataiso ea Bibele ea ipabola.d
Bibele e senola eng ka morero oa Molimo ka lefatše le ka moloko oa batho? Ea tšepisa: “Ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng . . . Empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.” (Pesaleme ea 37:10, 11) “Molimo o tla ba le [moloko oa batho]. O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.” (Tšenolo 21:3, 4) “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29.
Bibele e boetse e bolela esale pele hore haufinyane ntoa, tlōlo ea molao, pefo le bokhopo li tla fela. Ho kula, botsofali le lefu li ke ke tsa hlola li e-ba teng. Bophelo bo sa feleng bo tla ba teng lefatšeng la paradeise. Eo ke tebello e thabisang hakaakang! ’Me ka sebele sena sohle se bontša kamoo Molimo a ratang moloko oa batho kateng!
U Tla Etsa’ng?
Bibele ke mpho e babatsehang e tsoang ho ’Mōpi. U lokela ho etsa’ng ha buka ee e bua? Monna e mong ea hōliselitsoeng Bohindung o ne a lumela hore, e le hore tšenolo e tsoang ho Molimo e tsoele batho bohle molemo, e lokela ho tloha qalong ea moloko batho. Ka mor’a hore a hlokomele hore likarolo tse ling tsa Bibele ke tsa khale ho feta lingoliloeng tse ling tsa Sehindu, e leng li-Veda—o ile a etsa qeto ea ho bala Bibele le ho hlahloba seo e se fupereng.e Moprofesa e mong oa univesithi oa United States le eena o ile a bona bohlokoa ba ho bala buka ena e abiloeng haholo lefatšeng pele a ka ba le maikutlo a itseng ka eona.
Ho bala Bibele le ho sebelisa seo e se rutang ho tla u tlisetsa litlhohonolofatso tse ngata. Bibele e re: “Ho thaba motho ea . . . [thabelang] molao oa Jehova, molao oa hae [a] o bala ka lentsoe le tlaase bosiu le motšehare. Ka sebele o tla ba joaloka sefate se lenngoeng haufi le melapo ea metsi, se fanang ka litholoana tsa sona nakong ea tsona le seo makhasi a sona a sa poneng, ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang e tla atleha.”f (Pesaleme ea 1:1-3) Ho ithuta Bibele le ho thuisa ka seo e se buang ho tla u thabisa hobane ka ho etsa joalo u tla khotsofatsa tlhoko ea hao ea moea. (Matheu 5:3) Bibele e tla u bontša kamoo u ka phelang bophelo bo atlehileng kateng le kamoo u ka hlōlang mathata kateng. Ka sebele, “ho . . . boloka [Melao ea Molimo e ka Bibeleng] ho na le moputso o moholo.” (Pesaleme ea 19:11) Ho feta moo, ho tšepa litšepiso tsa Molimo ho tla u tlisetsa litlhohonolofatso hona joale ebile ho tla etsa hore u be le tšepo e khanyang ka bokamoso.
Bibele e re fa khothatso e latelang: “Joaloka masea a sa tsoa tsoaloa, le hlaolele tabatabelo ea lebese le sa tsoakoang la lentsoe.” (1 Petrose 2:2) Lesea le itšetlehile ka phepo e ntle ’me ha le khotsofale ho fihlela le fepuoe. Ka ho tšoanang, le rōna re hlile re itšetlehile ka tsebo e tsoang ho Molimo. Kahoo ‘hlaolela tabatabelo,’ kapa takatso e matla, bakeng sa Lentsoe la hae. Bibele ke buka ea lithuto tsa ’nete tse tsoang ho Molimo. Iketsetse pakane ea ho e bala kamehla. Lipaki Tsa Jehova tsa sebakeng sa heno li tla thabela ho u thusa hore u rue molemo o moholo ho seo u ithutang sona. Re u mema ka mofuthu hore u iteanye le tsona. Kapa u ka ’na ua ngolla bahatisi ba makasine ena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a C.E. e bolela “Mehla e Tloaelehileng,” eo hangata e bitsoang A.D., bakeng sa Anno Domini, e bolelang “selemong sa Morena.” B.C.E. e bolela “Pele ho Mehla e Tloaelehileng.”
b Haeba u se na Bibele, Lipaki Tsa Jehova li tla thabela ho u fumanela eona.
c Lentsoe la puo ea mathomo le fetoletsoeng e le “selika-likoe” ho Esaia 40:22 le ka boela la fetoleloa e le “phikoloho.” Liphetolelo tse ling tsa Bibele li re, “qitikoe ea lefatše” (Douay Version) le “lefatše le chitja.”—Moffatt.
d Litaba tsena li tšohloa bukeng e bitsoang Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
e Ho lumeloa hore lifela tsa boholo-holo tsa li-Veda li qapiloe lilemong tse ka bang 3 000 tse fetileng ’me tsa fetisoa ka molomo. P. K. Saratkumar bukeng ea hae e bitsoang A History of India o re: “Veda e ile ea qala ho ngoloa lekholong la bo14 la lilemo A.D.”
f Lebitso la Molimo oa Bibele ke Jehova. Liphetolelong tse ngata tsa Bibele, le ka fumanoa ho Pesaleme ea 83:18.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
‘Hlaolela tabatabelo’ bakeng sa Lentsoe la Molimo. Ithute Bibele kamehla
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 5]
NASA photo