Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 9/15 leq. 3
  • Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Bokhopo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Bokhopo?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Mahlomola?
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Botle Khahlanong le Bobe—Ntoa e sa Feleng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Na Botle bo Tla ke bo Hlōle Bobe?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Hore re be Mahlomoleng?
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 9/15 leq. 3

Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Bokhopo?

HOHLE moo u shebang teng ho atile bokhopo le mahlomola. Lintoa li bolaea baahi hammoho le masole. Tlōlo ea molao le liketso tse mabifi li jele setsi. Mohlomong u sa tsoa tšoaroa ka leeme kapa ka ho hloka toka. Ka lebaka la lintho tseo u li boneng kapa tse u hlahetseng, ho ka etsahala hore u ile ua ipotsa potso ena, ‘Ke hobane’ng ha Molimo a lumella bokhopo?’

Potso eo ha e qale ho botsoa. Mohlanka oa Molimo ea tšepahalang ea phetseng lilemong tse ka bang 3 600 tse fetileng, eo lebitso la hae e neng e le Jobo, o ile a botsa potso e reng: “Ke hobane’ng ha ba khopo ba ntse ba phela?” (Jobo 21:7) Ha moprofeta Jeremia oa lekholong la bosupa la lilemo B.C.E. a ne a utloisitsoe bohloko ke bokhopo ba batho ba habo, o ile a botsa potso e reng: “Ke hobane’ng ha tsela ea ba khopo e atlehile, ha bohle ba etsang bolotsana ba sa tšoenyehe?” (Jeremia 12:1) Jobo hammoho le Jeremia ba ne ba tseba hore Molimo o lokile. Empa ba ne ba ipotsa hore na ke hobane’ng ha bokhopo bo ne bo atile hakaalo. Mohlomong le uena sena sea u makatsa.

Batho ba bang ba jarisa Molimo molato bakeng sa bokhopo le mahlomola. Ba bang ba ipotsa lipotso tsena: ‘Haeba Molimo a le matla ’ohle, a lokile, a bile a le lerato, ke hobane’ng ha a sa felise bokhopo le mahlomola? Ke hobane’ng ha a lumeletse bokhopo hore bo tsoele pele ho fihlela kajeno?’ Sehlooho se latelang se araba lipotso tsena le tse ling tsa bohlokoa.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]

AP Photo/Adam Butler

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela