Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 10/15 maq. 16-19
  • “Likepe Tsa Kitime” li Haola le Maoatle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Likepe Tsa Kitime” li Haola le Maoatle
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Baahi ba Cyprase le Leoatle
  • E Kenella Khoebong e Khōlō ea Machaba
  • Likepe Tsa Khoebo
  • Boprofeta ba Bibele bo Re’ng ka Likepe Tsa Ntoa Tsa “Kitime”?
  • Boprofeta bo Phethahala ka Tsela e Hlollang
  • Ho Atleha le ho oa ha “Likepe Tsa Tarshishe”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • ‘Ba Ile ba Tloha ka Sekepe ho ea Cyprase’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Ho ba “Likotsing Leoatleng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • “Ha ho Motho ea Tla Shoa”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 10/15 maq. 16-19

“Likepe Tsa Kitime” li Haola le Maoatle

HO ’NILE ha loanoa lintoa tse ngata tsa likepe karolong e ka bochabela ea Mediterranean. Ak’u leke ho nahana ka ntoa e ’ngoe e loannoeng lilemo tse makholo a mahlano pele ho Kreste. Sekepe se laolehang habonolo se bitsoang trireme se matha ka lebelo. Banna ba ka bang 170 ba sokang sekepe ba mekatong ea sona e meraro ba tiisitse mesifa, ba lutse holim’a mesangoana ea letlalo e tlameletsoeng ho bona.

Sekepe sena se phunyeletsa maqhubu ka lebelo la lik’hilomithara tse 13 ho ea ho tse 17 ka hora se jahelletse sa lireng. Ba sekepe sa lireng ba leka ho baleha. Ha ho se ho le hobe, sekepe sa bona sea tsukutleha ’me lephako la sona lea hlaha. Sekepe sa trireme se phunya sa lireng ka motsu oa boronse. Banna ba sokang sekepe sa lireng baa tšoha ha ba utloa lerata la mapolanka a robehang le metsi a leoatle a kenang ka sekhahla. Sehlotšoana sa bahlabani ba hlometseng ka matla ba sekepeng sa trireme se potlakela ho hlasela sekepe se thutsoeng. Ka sebele, likepe tse ling tsa boholo-holo li ne li tšabeha!

Liithuti tsa Bibele li ’nile tsa khahloa ke litemana tse buang ka “Kitime” le “likepe tsa Kitime,” tseo tse ling tsa tsona li amanang le boprofeta. (Numere 24:24; Daniele 11:30; Esaia 23:1) Hantle-ntle Kitime e ne e le hokae? Re tseba’ng ka likepe tsa eona? Hona ke hobane’ng ha u lokela ho thahasella ho tseba likarabo?

Rahistori oa Mojuda ea bitsoang Josephus o ile a hlalosa Kitime e le “Chethimos,” a e amahanya le sehlekehleke sa Cyprase. Motse oa Kition (kapa, Citium) o karolong e ka boroa-bochabela ea sehlekehleke seo, le oona o amahanya Kitime le Cyprase. Kaha Cyprase e ne e le mateanong a litsela tsa khoebo tsa boholo-holo, e ne e le sebakeng se setle hoo e neng e ka rua molemo hobane e le haufi le likou tse ka bochabela tsa Mediterranean. Ka lebaka la hore sebaka seo e neng e le ho sona se ne se etsa hore e jele paate lintoeng tsa lichaba, Cyprase e ile ea boela ea e-ba motšehetsi ea matla kapa tšitiso e khōlō.

Baahi ba Cyprase le Leoatle

Bopaki ba lintho tsa khale tse epolotsoeng ka tlas’a metsi le mabitleng, hammoho le boitsebiso bo ngotsoeng le litšoantšo tse takiloeng linthong tse bōpiloeng ka letsopa, bo re thusa ho utloisisa likepe tsa Cyprase. Baahi ba boholo-holo ba Cyprase e ne e le litsebi tse hloahloa tsa ho etsa likepe. Sehlekehleke sa bona se ne se e-na le meru e teteaneng le likou tsa tlhaho tse sireletsehileng. Lifate li ne li rengoa ka mabaka a mabeli, e leng la ho etsa likepe le la ho qhibilihisa koporo—e leng serafshoa se ileng sa etsa hore Cyprase e tume mehleng ea boholo-holo.

Bafoenisia ba neng ba entse likolone libakeng tse tseleng ea bona ea khoebo, ba ile ba hlokomela khoebo e khōlō ea Cyprase ea ho romella thepa linaheng tse ling. E ’ngoe ea likolone tse joalo ke Kition, Cyprase.—Esaia 23:10-12.

Ka mor’a hore Tyre e oe, ho bonahala eka baahi ba bang ba eona ba ile ba tšabela Kitime. Mohlomong bo-ralikoloni ba Bafoenisia ba nang le tsebo ea bosesisi ba likepe ba ile ba kenya letsoho haholo theknolojing ea likepe ea Cyprase. Sebaka se setle seo Kition e neng e le ho sona se ne se boetse se fana ka tšireletso e ntle haholo bakeng sa likepe tsa Foenisia.

E Kenella Khoebong e Khōlō ea Machaba

Khoebo ea mehleng ea boholo-holo karolong e ka bochabela ea Mediterranean e ne e rarahane. Thepa ea bohlokoa e tsoang Cyprase e ne e isoa ka sekepe Kreta, Sardinia, le Sicily hammoho le lihlekehlekeng tsa Aegean. Libakeng tseo ho fumanoe linkho le mepotjoana e tsoang Cyprase, ’me lintho tse ngata haholo tse ntle tse entsoeng ka letsopa tsa Mycenae (tsa Greece) li fumanoe Cyprase. Ha litsebi tse ling li hlahloba likotoana tsa koporo tse fumanoeng Sardinia, li lumela hore li ne li tsoa Cyprase.

Ka 1982 sekepe se soahlamaneng sa karolong e qetellang ea lekholo la bo14 la lilemo B.C.E. se ile sa fumanoa haufi le lebōpo le ka boroa la Turkey. Ha ho ntse ho epolloa ka tlas’a metsi ho ile ha fumanoa matlotlo a mangata—likotoana tsa koporo tseo ho nahanoang hore li tsoa Cyprase, boka, linkho tsa Kanana, lehong le thata le letšo, manaka a tlou, mabenyane a fapa-fapaneng a khauta le a silevera a Kanana, le mekhabiso e bōpehileng joaloka khola-bolokoe le lintho tse ling tse tsoang Egepeta. Ha batho ba bang ba hlahloba mangetana a lintho tse entsoeng ka letsopa tse neng li le ka sekepeng seo, ba re mohlomong sekepe seo e ne e le sa Cyprase.

Ho thahasellisang ke hore, Balame o ile a bua ka likepe tsa Kitime ‘puong ea hae ea maele’ ka nako eo ho hakanngoang hore sekepe sena se soahlamane ka eona. (Numere 24:15, 24) Kamoo ho bonahalang kateng, likepe tsa Cyprase li ne li tsebahala haholo Bochabela bo Hare. Likepe tsee li ne li le joang?

Likepe Tsa Khoebo

Likepe le liketsoana tse ngata tse bōpiloeng ka letsopa li fumanoe mabitleng a motseng oa Amathus, Cyprase. Li fana ka boitsebiso ba bohlokoa bo bontšang hore na likepe tsa Cyprase li ne li le joang, ’me tse ling tsa tsona li behiloe limusiamong.

Liketsoana tsena tse bōpiloeng ka letsopa li bontša hore likepe tsa boholo-holo li ne li sebelisetsoa merero ea khoebo e amanang le khotso. Hangata likepe tse nyenyane li ne li sokoa ke banna ba 20. Likepe tse bulehileng le tse sekoti li ne li etselitsoe ho laela thepa le bapalami ba nkang maeto a makhutšoanyane ho sika le lebōpo la Cyprase. Pliny e Moholo o re baahi ba Cyprase ba ile ba etsa sekepe se senyenyane le se bofefo se neng se tsamaisoa ka masokoana le se neng se ka laela thepa ea boima ba lithane tse 90.

Ho ne ho boetse ho e-na le likepe tse khōloanyane tsa khoebo tse tšoanang le se ileng sa fumanoa haufi le lebōpo la Turkey. Tse ling tsa tsona li ne li ka laela thepa e boima ba lithane tse 450 bolibeng ba maoatle. Likepe tse khōlō li ne li ka ’na tsa sokoa ke banna ba ka bang 50, ba 25 lehlakoreng ka leng, bolelele ba tsona e le limithara tse 30, ’me li e-na le palo e tšehetsang seile e bophahamo ba limithara tse 10.

Boprofeta ba Bibele bo Re’ng ka Likepe Tsa Ntoa Tsa “Kitime”?

Ke moea oa Jehova o ileng oa etsa hore ho phatlalatsoe ho re: “Ho tla ba le likepe tse tlohang lebōpong la Kitime, ka sebele li tla hlorisa Assyria.” (Numere 24:2, 24) Na boprofeta boo bo ile ba phethahala? Likepe tsa Cyprase li ne li amana joang le ho phethahala ha bona? “Likepe [tseo] tse tlohang lebōpong la Kitime” e ne e se likepe tsa khoebo tse amanang le merero ea khotso tse haolang le Leoatle la Mediterranean. E ne e le likepe tsa ntoa tse bakelang batho mahlomola.

Ha maoa a ntoa a ntse a fetoha, meetso ea pele ea likepe le eona e ile ea fetoloa hore e be e lebelonyana le e matlanyana. Mohlomong likepe tsa boholo-holo tsa ntoa tsa Cyprase li ne li tšoana le se setšoantšong se fumanoeng Amathus. Ke setšoantšo sa sekepe se selelele se sesesaane seo mohatla oa sona o kobehetseng ka har’a sona, joaloka sekepe sa ntoa sa Foenisia. Se na le motsu le lithebe tse chitja ka mahlakoreng a mabeli haufi le mohatla le ho elella nkong.

Lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., Greece ho ile ha etsoa likepe tsa pele tse bitsoang li-bireme (e leng likepe tse nang le banna ba sokang mekatong e ’meli). Likepe tsena li ne li le bolelele ba limithara tse ka bang 24 le bophara ba limithara tse ka bang tharo. Qalong, likepe tsena li ne li tsamaisa bahlabani, ha e le ntoa e ne e loaneloa fatše. Ka mor’a nakoana, ho ile ha hlokomeloa hore ho ka ba molemo ho eketsa mokato oa boraro oa banna ba sokang, eaba ho kenngoa motsu oa boronse nkong ea sekepe. Sekepe sena se secha se ile sa tsejoa e le trireme, joalokaha ho boletsoe qalong ea sehlooho sena. Sekepe sa mofuta ona se ile sa tuma nakong ea ntoa ea Salamise (480 B.C.E.) ha Bagerike ba ne ba hlōla sesole sa metsing sa Persia.

Hamorao, Alexandere e Moholo ea neng a nyoretsoe matla a puso, o ile a bokella likepe tsa hae tsa li-trireme ’me a leba bochabela. Likepe tse joalo li ne li etselitsoe ntoa, eseng ho nka maeto a malelele bolibeng ba leoatle, etsoe li ne li se na sebaka se lekaneng sa ho boloka thepa e hlokahalang. Ho ile ha hlokahala hore a emise lihlekehlekeng tsa Aegean hore a fumane thepa e hlokahalang le ea ho lokisa sekepe. Morero oa Alexandere e ne e le ho ripitla likepe tsa Persia. Leha ho le joalo, e le hore a atlehe, o ne a lokela ho qala ka ho hapa setšabelo se matla sa sehlekehleke sa Tyre. Cyprase e ne e le sebaka seo ho khefutsoang ho sona.

Baahi ba Cyprase ba ile ba tšehetsa Alexandere e Moholo ha a thibella Tyre (332 B.C.E.), ba mo fa likepe tse 120. Marena a mararo a Cyprase a ile a etella pele likepe tsa ’ona ho ea thusa Alexandere. A ile a ikopanya le eena ho thibella Tyre ka likhoeli tse supileng. Tyre e ile ea oa, ’me boprofeta ba Bibele ba phethahala. (Ezekiele 26:3, 4; Zakaria 9:3, 4) Alexandere o ile a leboha marena a Cyprase ka ho a fa matla a khethehileng a puso.

Boprofeta bo Phethahala ka Tsela e Hlollang

Rahistori oa lekholong la pele la lilemo ea bitsoang Strabo o re Alexandere o ile a kōpa thuso ea likepe tsa Cyprase le tsa Foenisia ha a futuhela Arabia. Likepe tsena li ne li le bofefo ’me ho le bonolo ho li qhaqha, kahoo li ile tsa fihla Thapsacus (Tifsa) karolong e ka leboea ea Syria pele ho feta matsatsi a supileng. (1 Marena 4:24) Ho tloha moo ho ile ha e-ba bonolo ho fihla Babylona.

Kahoo, polelo ea Bibele e bonahalang e sa hlaka, e ile ea phethahala ka tsela e hlollang lilemo tse ka bang makholo a leshome hamorao! Tumellanong le mantsoe a Numere 24:24, lebotho la sesole la Alexandere e Moholo le ile la tloha Macedonia la futuhela ka bochabela le sa khaotse eaba le hlōla naha ea Assyria, ’me qetellong la hlōla ’Muso o matla oa Medo-Persia.

Esita le boitsebiso bo seng bokae boo re bo tsebang ka “likepe tsa Kitime” bo bontša kamoo boprofeta ba Bibele bo phethahetseng kateng ka tsela e hlollang le e sa belaetseng. Bopaki bo joalo ba histori bo etsa hore re be le kholiseho e matla ea hore boprofeta bo ka Bibeleng bo ka tšeptjoa. Boholo ba boprofeta boo bo amana le bokamoso ba rōna, kahoo re tšoanela ho bo nka ka ho teba.

[’Mapa o leqepheng la 16, 17]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

ITALY

Sardinia

Sicily

Leoatle la Aegean

GREECE

Kreta

LIBYA

TURKEY

CYPRASE

Kition

Tyre

EGEPETA

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Setšoantšo sa sekepe sa ntoa sa Greece, sa “trireme”

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Setšoantšo sa sekepe sa ntoa sa boholo-holo sa Foenisia, sa “bireme”

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Nkho e bontšang sekepe sa Cyprase

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Published by permission of the Director of Antiquities and the Cyprus Museum

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Likepe tsa boholo-holo tse laelang thepa, tse kang tse boletsoeng ho Esaia 60:9

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela