Sebelisa Thahasello ea Hao Hamolemo
“Motho o rata ho botsa lipotso. Ho tloha ha re hlaha re qala ho botsa lipotso . . . Ho ka boleloa hore histori ea moloko oa batho e tletse lipotso le likarabo tseo re li qapileng.”—Octavio Paz, seroki sa Mexico.
SEPHEHI se susumelletsoa ke’ng hore se qape risepe e ncha? Mofuputsi o susumetsoa ke’ng hore a ee libakeng tse hōle? Ke’ng se etsang hore ngoana a botse lipotso tse ngata hakaale? Hangata ke ka lebaka la thahasello.
Uena? Na u thahasella likhopolo tse ncha kapa ho fumana likarabo tsa lipotso tse thahasellisang? Ka mohlala, Bophelo bo bile teng joang? Re phelela eng? Na Molimo o teng? Ho tloha bongoaneng ba bangata ba rōna ba susumetsoa ke thahasello hore ba botse lipotso tse kang tsena le ho fumana lebaka leo lintho li leng teng ka lona. Ho thahasella khopolo e itseng ho etsa hore re batlisise sohle seo re ka se khonang ka eona. Kahoo, thahasello e ka lebisa linthong tse ngata tse babatsehang. Leha ho le joalo, e ka boela ea lebisa mathateng, esita le tlokotsing.
Ho Hlokahala Hore re be Hlokolosi ’me re se ke ra Fetelletsa Lintho
Ba bangata ba kile ba utloa polelo ena e tloaelehileng e reng: Marata-helele-motho-a-tsoa-kotsi. Ka sebele, haeba motho a lumella thahasello e mo laole a ka tsoa kotsi. Ka mohlala, ka lebaka la thahasello ngoana a ka ’na a tšoara setofo eaba oa cha. Ka lehlakoreng le leng, ho lakatsa ho tseba lintho ho ka re susumelletsa ho eketsa tsebo ea rōna ’me re tsebe lintho ka botebo. Empa na e ne e ka ba bohlale ho lakatsa ho tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe?
Ho hlakile hore ho na le lintho tseo re ke keng ra rata ho li tseba kaha li kotsi. Ho thahasella litšoantšo kapa libuka tse manyala tse hlephisang boitšoaro, boloi, kapa lithuto tsa lihlotšoana tsa borapeli tsa bokhelohi kapa lihlopha tsa batho ba chesehang ka ho feteletseng ho ka re beha kotsing. Lintlheng tsena le tse ling, ho ka ba molemo hore re etsise mopesaleme oa Moheberu eo ha a rapela a ileng a re: “Phemisa mahlo a ka hore a se ke a bona se se nang thuso.”—Pesaleme ea 119:37.
Ho boetse ho na le tsebo eo ka boeona e seng kotsi empa e sa re thuse ka letho ebile e sa hlokahale. Ka mohlala, ho thusa’ng ho tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka bophelo ba sephiring ba likhalala tsa libaesekopo, kapa batho ba tummeng, ho tseba litaba tsa thimi e ’ngoe le e ’ngoe ea lipapali le tsa sebapali se seng le se seng, kapa ho tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka lisebelisoa tsa morao-rao kapa likoloi tsa morao-rao? Batho ba bangata ha ba rue molemo oa letho ka ho ba “bo-tsebanyane” litabeng tsena.
Mohlala o Hlollang
Ha e le hantle thahasello e na le melemo e itseng. Nahana ka setsebi sa tikoloho sa mofuputsi sa Mojeremane sa lilemong tsa bo-1800 se bitsoang Alexander von Humboldt, seo Humboldt Current, e haufi le lebōpo la leoatle le ka bophirimela la Amerika Boroa e reheletsoeng ka sona.
Humboldt o kile a re: “Ho tloha ke sa le monyenyane ke ’nile ka ba le takatso e matla ea ho nka maeto a eang libakeng tse hōle, tseo e leng ka seoelo batho ba Europe ba kileng ba fihla ho tsona.” O re takatso ena e ile ea phahama ha a ne a utloa “kelello ea hae e nyoretsoe tsebo hoo a sitoang ho iphapanya.” Ha a le lilemo li 29, o ile a nka leeto la bofuputsi la lilemo tse hlano ho ea Amerika Bohareng le Boroa. O ile a ngola lintho tse etsahetseng maetong a hae libukeng tse 30.
Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ile ea khahla Humboldt—thempereichara ea leoatle, litlhapi tse ka har’a lona, limela tseo a ileng a li bona leetong la hae. O ile a hloa lithaba, a hloela linōka a ba a tsamaea ka sekepe maoatleng. Likarolo tse ngata tsa saense ea kajeno li thehiloe patlisisong e ileng ea etsoa ke Humboldt. Sena sohle se qalile ka hore esale a e-na le thahasello e matla le takatso ea ho ba le tsebo. Ralph Waldo Emerson, e leng ralipale oa Moamerika o itse, “Humboldt e bile e mong oa batho ba hlollang . . . ba hlahellang nako le nako, joalokaha eka ba re bontša seo kelello ea motho e ka se etsang, matla le boholo ba kelello.”
Tsebo e Lokelang ho Hlahlojoa
Ha e le hantle ke ba seng bakae ho rōna ba boemong ba ho nka maeto a bofuputsi kapa ho tlatsetsa tšibollong ea lintho tse itseng tsa saense. Leha ho le joalo, ho na le tsebo e ’ngoe eo re ka ikitlaelletsang ho ba le eona eaba re kotula meputso e meholo haholo ho feta ntho leha e le efe eo re ka ithutang eona. Jesu Kreste o ile a bua ka tsebo ena ha a rapela Ntate oa hae a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.”—Johanne 17:3.
Ha motho ea batlisisang a tseba Molimo oa ’nete, eo lebitso la hae e leng Jehova le Mora oa hae, Jesu Kreste, a ka khotsofala ho feta ha a ka tseba ntho leha e le efe e ’ngoe. Hopola lipotso tse mabapi le bophelo tse botsitsoeng qalong ea sehlooho sena. Lipotso tse ling tsa bohlokoa ntle le tseo ke tsena: Ke hobane’ng ha ho na le mahlomola a makaale lefatšeng? Na batho ba tla senya lefatše ba be ba le timetse? Molimo o tla etsa’ng ho tiisa hore moloko oa batho ha o etsahalloe ke seo? Ho fumana likarabo tsa lipotso tsena ho ke ke ha khotsofatsa thahasello ea rōna feela. Jesu o itse, “sena se bolela bophelo bo sa feleng.” Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore seo se tla etsahala?
Bibele ke Lentsoe la Molimo le bululetsoeng. Ha moapostola Pauluse oa Mokreste a bua ka lona o ile a re: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka, e le hore motho oa Molimo a ka tšoaneleha ka botlalo, a hlomelloa ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.”—2 Timothea 3:16, 17.
Nahana feela—moapostola enoa o itse Bibele e fana ka tsebo e ka re hlomellang kapa ea re nolofalletsa ho etsa sohle se molemo. E ka re thusa ho talima lintho ka tsela eo Molimo a li talimang ka eona. Rea tseba hore tsebo ea Molimo le bohlale li phahametse hōle tsa mang kapa mang. Moprofeta Esaia o ile a bululeloa ke Molimo hore a ngole polelo ena e matla a re: “‘Menahano ea lōna hase menahano ea ka, leha e le hore litsela tsa ka ke litsela tsa lōna,’ ho bolela Jehova. ‘Etsoe joalokaha maholimo a phahametse lefatše, le litsela tsa ka li phahametse litsela tsa lōna, le menahano ea ka e phahametse menahano ea lōna.’”—Esaia 55:8, 9.
Na u ka rata ho tseba menahano le litsela tsa Molimo tse phahameng? Na thahasello ea hao e u susumelletsa ho fumana seo Lentsoe la Molimo, Bibele le se bolelang ka litsela tsa Molimo le menahano ea hae? Na u labalabela ho tseba seo Molimo a tla se etsa e le hore a felise mahlomola le hore o rerile ho etsetsa moloko oa batho ba mamelang molemo ofe? Bibele e u khothalletsa sena: “Latsoang ’me le bone hore Jehova o molemo; ho thaba monna ea shahlileng ea tšabelang ho eena.”—Pesaleme ea 34:8.
Linnete tse matla tsa Lentsoe la Molimo li ka ba le tšusumetso ho motho ea pelo e ntle joalokaha leseli le ka ba le eona ho motho ea qalang ho bona. Moapostola Pauluse o ile a susumelletseha ho re: “O! botebo ba maruo le bohlale le tsebo ea Molimo! Likahlolo tsa hae ke tse ke keng tsa batlisisoa hakaakang ’me litsela tsa hae ke tse ke keng tsa fuputsoa hakaakang!” (Baroma 11:33) Ke ’nete hore ha ho mohla re tla utloisisa maruo a tsebo le bohlale ba Molimo ka ho feletseng. Re lebeletse nako eo ka eona re ke keng ra hlola re qetoa ke bolutu, eo ka eona re tla ithuta lintho tse ncha kamehla.
Lula U E-na le Eona!
Ke ’nete hore boholo ba rōna ha ho mohla re tla ba bafuputsi ba tummeng kapa liqapi. Mohlomong bophelong ba rōna bo bokhutšoanyane ha ho mohla re tla utloisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re ka ratang ho e utloisisa. Ho ntse ho le joalo, u se ke ua lumella hore thahasello ea hao e tape. Lula u e-na le lenyora la ho ba le tsebo leo Molimo ka lerato a re bōpeletseng le lona.
Sebelisa mpho ena e hlollang e tsoang ho Molimo hamolemo ’me u be le kutloisiso e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo le bululetsoeng, Bibele. Haeba u etsa joalo, u tla phela hamonate ’me u thabele bophelo hona joale, ’me u ka lebella hore ho tla ba joalo ka ho sa feleng. Bibele e re: “[Molimo] o entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe e le ntle ka nako ea eona. O kentse nako e sa lekanyetsoang ka lipelong tsa bona, e le hore le ka mohla moloko oa batho o se ke oa fumana mosebetsi oo Molimo oa ’nete a o entseng ho tloha qalong ho isa qetellong.”—Moeklesia 3:11.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 21]
Na U ne U Tseba Hore . . .
• Makholo a lilemo pele Columbus le Magellan ba bontša hore na lefatše le bōpehile joang, Bibele e ne e se e boletse hore polanete ena ha ea batalla empa e chitja?—Esaia 40:22.
• Khale pele bo-rasepakapaka ba bona hore lefatše le leketlile sebakeng se feela, Bibele e ne e se e bontšitse hore le leketlile holim’a lefeela?—Jobo 26:7.
• Bonyane lilemo tse 2 500 pele ngaka ea Lenyesemane e bitsoang William Harvey e fumana tsela eo mali a potolohang ka eona ’meleng oa motho, Bibele e ne e se e bontšitse hore pelo ke mohloli oa bophelo?—Liproverbia 4:23.
• Lilemong tse fetileng tse ka bang 3 000, Bibele e ne e se e hlalositse potoloho ea metsi ka tsela e bonolo e le karolo ea kamano ea lintho tse phelang le tikoloho ea tsona e etsang hore li khone ho phela?—Moeklesia 1:7.
Nya ha ho makatse hore ebe Bibele e buile ka litaba tsee tsa saense khale pele batho ba li utloisisa kapa ba li tseba? Ha e le hantle ho eona ho na le lintlha tse ngata tsa bohlokoa bophelong, tse letetseng hore u li tsebe.
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Alexander von Humboldt