Ke Leboha Jehova ho sa Tsotellehe Masisa-Pelo ao ke Fetileng ho ’Ona Bophelong—Kamoo Bibele e Nthusitseng Hore ke Mamelle
Joalokaha ho boletse Enrique Caravaca Acosta
E ne e le ka la 15 April, 1971. Ke ne ke lebile polasing eso ho ea bona lelapa leso. Kaha ke ne ke ba qetetse khale, ke ne ke hlolohetsoe ho ba bona kaofela. Ke ne ke ipotsa hore na ebe ke tla fumana ba le teng kaofela lapeng le hore na ke mang eo ke tla mo bona pele. Ha ke fihla, ke ile ka haroha letsoalo ha ke fumana batho ba bane—hammoho le ’mè oa ka—ba bolailoe!
KE NE ke tšohile hoo ke neng ke sa tsebe hore na ke re’ng. Ho ne ho etsahetse’ng? Ke ne ke tla etsa’ng? Ho ne ho se motho le ea mong haufi, ’me ke ile ka ikutloa ke ferekane ke bile ke se na mang-oe! Pele ke tsoela pele ka pale ena, e-re nke ke phete tsa bophelo ba ka ho se hokae. Joale u tla utloisisa kamoo ke ileng ka ikutloa kateng ka koluoa ena hammoho le tse ling tse ileng tsa ntlhahela bophelong.
Re Fumana ’Nete
Ke hlahetse Quirimán, pel’a Nicoya, Costa Rica. Ka 1953 ha ke le lilemo li 37, ke ne ke lula le batsoali ba ka polasing eso. Le hoja re ne re hōlisitsoe re le Mak’hatholike, re ne re sa thaba ka lebaka la lithuto tse itseng ebile re ne re e-na le lipotso tse ngata tseo re se nang likarabo tsa tsona.
Hoseng ho hong, monna ea bitsoang Anatolio Alfaro, o ile a tla lapeng eaba o re khothalletsa hore re ithute Bibele. O ile a re balla mangolo a mangata a ba a re bolella lithuto tse ngata tsa Bibele. ’Na, Ntate, ’Mè, moena oa ka e mong, khaitseli ea ka le motsoalle oa hae ea neng a lula lapeng, re ile ra lula fatše eaba rea mamela. Re ile ra qoqa letsatsi lohle ho fihlela bosiu bo boholo. Re ne re e-na le lipotso tse ngata.
Anatolio o ile a robala lapeng bosiung boo a ba a qeta letsatsi le hlahlamang a ntse a e-na le rōna. Re ile ra thaba ha re utloa likarabo tsa lipotso tsa rōna ’me ra nyakalla haholo ha lipotso tsa rōna li arajoa ka ho toba ho tsoa Bibeleng. Puisano eo e ile ea re ama ka ho tebileng. Re ile ra nahanisisa ka lintho tseo re neng re ithutile tsona, eaba rea lemoha hore re fumane ’nete. Anatolio o ile a re siela limakasine le libuka tse buang ka Bibele. Mantsiboea re ne re bala likhatiso tsena re bile re ithuta tsona re le lelapa. Ho ne ho hlile ho le thata, hobane ho ne ho se na motlakase. Pele re qala ho ithuta, re ne re ikoahela maoto ka ’methe e tšelang litapole e le hore menoang e se ke ea re loma.
Likhoeli tse tšeletseng hamorao, litho tse hlano tsa lelapa leso li ile tsa kolobetsoa, e leng ’na, batsoali ba ka hammoho le banab’eso. Re ile ra qala ho ea ka ntlo le ntlo re thabile ’me ra bolella batho ba bang seo re ithutileng sona. Re ne re nka leeto la lihora tse peli ka maoto ’me ka linako tse ling re palama lipere ha re ea toropong ea Carrillo, ho ea kopana le sehlopha sa Lipaki Tsa Jehova moo. Anatolio o ile a tsoela pele ho tla lapeng ho tla ithuta Bibele le rōna. Eaba ho lokisetsoa hore ho tšoaroe seboka lapeng, moo ho neng ho tla batho ba robeli. Qetellong kaofela ha bona ba ile ba kolobetsoa. Ka mor’a nakoana sehlopha seo se ile sa ata ’me ea e-ba phutheho e nyenyane ea batho ba 20.
Ho Qeta Boholo ba Nako Mosebetsing oa Molimo
Ka mor’a nako, ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova ea Costa Rica, e ile ea kōpa bao maemo a bona a ba lumellang hore ba qete nako e ngata mosebetsing oa ho hasa evangeli. Ka 1957, ke ile ka amohela kōpo eo eaba ke qala ho nka nako e ngata mosebetsing ona. Ke ne ke thabela ho etsa mosebetsi ona haholo. Hangata ke ne ke nka lihora tse ngata ke tsamaea ke le mong e le hore ke fihle libakeng tsa mahaeng. Ka linako tse ling batho ba ne ba sa nkamohele ka liatla tse peli. Ke hopola makhetlo a mararo ao ke ileng ka tsoheloa matla ke banna ba neng ba nkile liphanka, ba batla ho tseba hore na ke mang le hona ke behoa ke’ng moo.
Lilemong tsa bo-1950, litsela tse ngata e ne e le feela litselana tsa maoto tse neng li paroletsa le nahathote, kahoo ho ne ho le thata ho fihla moo batho ba bang ba lulang teng. Hore re fihle libakeng tse ling, re ne re lokela ho tsamaea ka lipere. Re ne re tšela linōka ’me ka makhetlo-khetlo re robala naheng. Boieane ba menoang bo ne bo re sulafaletsa bophelo. Re ne re boetse re lokela ho lula re le seli ka lebaka la linoha le likoena. Ho sa tsotellehe lintho tsena kaofela, ruri ke ne ke thabela ho thusa batho ba bang ho tseba Jehova Molimo. Ha ke fihla lapeng, ke ne ke ikutloa ke thabile ke bile ke khotsofetse hobane ke ile ka khona ho bolella batho ba bang ’nete. Ha ke ntse ke bolella batho ba bang evangeli ke bile ke ithuta Bibele letsatsi le letsatsi, lerato leo ke ratang Jehova Molimo ka lona le ile la ’na la e-ba matla ’me ka ikutloa ke atamela haufi-ufi le eena.
Ka mor’a nako, ke ile ka fuoa boikarabelo bo tōma ka phuthehong. Ke ile ka qeta lilemo tse leshome ke le molebeli ea tsamaeang, ke etela liphutheho tse sa tšoaneng ho li matlafatsa beke le beke libakeng tse sa tšoaneng. Le hoja bokuli bo ile ba nqobella hore ke tlohele mosebetsi oo o babatsehang, ke ile ka ’na ka thabela ho qeta nako e ngata ke sebeletsa Molimo.
Ke Oeloa ke Tlokotsi
Joale ka 1971, ha ke ntse ke le Nicoya, ke ile ka chakela lapeng. Ha ke kena ka tlung, ke ile ka fumana ’mè oa ka ea neng a le lilemo li 80 a rapaletse fatše. O ne a thuntsoe a bile a hlabiloe ka thipa. Ha ke inama ’me ke mo tšoara, o ne a ntse a hema. O ile a hlokahalla matsohong a ka metsotso e seng mekae hamorao. Ke ile ka thalatsa mahlo eaba ke bona ’mè ea neng a ba phehela, eo e neng e le moimana oa likhoeli tse robeli, a rapaletse ka kichineng. Le eena o ne a shoele. Athe tseo ke linyane feela kaha ke ile ka fumana mosali e mong eo e neng e le setho sa phutheho ea moo a oetse phasejeng ’me le eena a shoele, ka ba ka fumana le moranyana oa ’mè eo ea neng a ba phehela le eena a shoeletse ka phaposing ea ho hlapela. Kaofela ha bona ba ne ba hlabiloe ka thipa ka sehlōhō ba bile ba thuntsoe. Ke ne ke ipotsa hore na ke mang ea entseng ketso e tšabehang hakaalo, hona e le ka lebaka lefe.
Ha ke tsoela ka ntle, ke ile ka fumana Ntate. O ne a thuntsoe hlooho empa a ntse a phela! Ke ile ka potlakela ha moen’aka, e leng sebaka seo motho a ka nkang metsotso e 15 ho ea ho sona, moo ke ileng ka fumana hore mosali e mong le mora oa hae le bona ba bolailoe. Ke ile ka haroha letsoalo ha ke utloa hore ’molai eo ke mochana oa ka ea lilemo li 17, eo e neng e se e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ea neng a bile a sa phela hantle kelellong! O ne a bile a iphile limenyane. Mapolesa a ile a qala letšolo le leholo ka ho fetisisa le kileng la etsoa Costa Rica la ho tsoma senokoane seo.
Pale ena e ile ea hlaha litabeng naheng ka bophara. Ka mor’a matsatsi a supileng, mapolesa a ile a fumana ’molai enoa, ea neng a hlometse ka thipa e khōlō le bistolo eo motho e mong, le hoja a ne a tseba hantle hore mochana eo oa ka o na le lefu la hlooho, a ileng a mo rekisetsa eona. Mapolesa a ile a thunya mochana oa ka moo a neng a leka ho mo tšoara, eaba oa shoa.
Nakong ea letšolo leo, batho ba bangata ba ile ba nkeletsa hore ke balehe, ba tšaba hore mochana oa ka a ka ’na a khutla eaba oa ntematsa. Ke ile ka rapella taba ena hobane ke ne ke nka hore ho hlokahala hore ke be le beng ka ’na ba setseng le litho tsa phutheho. Kahoo, ke ile ka lula.
Litsietsi li Ntlhoa Setha
Ka bomalimabe, Ntate o ile a phela selemo feela. Selemong se hlahlamang, khaitseli ea ka, eo e neng e le mohlanka oa Jehova Molimo ea tšepahalang, o ile a bolaoa ketsahalong e ’ngoe e sa amaneng le eo. Beng ka ’na kaofela ba ile ba boela ba hlabeha habohloko ka mor’a ho hlokahalloa ke setho se seng sa lelapa. Ke sitoa ho hlalosa bohloko bo tebileng ba ho shoeloa boo ’na le metsoalle ea ka re ileng ra bo utloa. Mahlomoleng ana ’ohle ke ile ka itšetleha ka Jehova eaba ke tsoela pele ho mo kōpa ka tieo hore a mphe matla.
Ka 1985, ke ile ka ea thupelong ea matsatsi a mararo ea baholo ba Bakreste e neng e tšoaretsoe motse-moholo, San José. Ha thupelo e fela, ke ile ka utloa kamano ea ka le Jehova e matlafetse. Eitse ka Mantaha ha likhōhō li theoha likalaneng, eaba ke leba beseng e nkisang hae. Ha ke ea ke lebile boemelong ba libese, ke ile la hlaseloa ke likebekoa tse ileng tsa nkhama tsa ba tsa ntšoara poho. Ntho eo e etsahetse ka ho panya ha leihlo hoo ke sa kang ka ba bona lifahleho. Ka mor’a moo, ha kea ka ka hlola ke khona ho bua le batho ka tsela e tloaelehileng ea Costa Rica. Profinseng ena ea Guanacaste, banna ba buela holimo kapa baa hoeletsana ha ba kopana ’me ba lumelisana, kapa ha ba tsebisa ba bang hore ba se ba le teng. Ke ne ke le lentsoe le phefa, empa ka mor’a tlhaselo eo, ke ne ke se ke hlōleha ho hoeletsa.
Ka 1979, ke ile ka nyala Celia, e leng Paki e tsoang phuthehong e ’ngoe e haufi le ea heso. Celia o ne a rata Bibele. Re ne re bala Bibele letsatsi le leng le le leng re bile re ithuta eona. Ka masoabi, ka July 2001, o ile a bolaoa ke kankere. Ka linako tse ling, ke hlora haholo, empa tšepo ea hore ho tla ba le tsoho ea bafu ea ’matlafatsa.—Johanne 5:28, 29.
Ke Thabile le Hoja ke Fetile Tlas’a Liteko Tsena
Le hoja mohlomong ke hlahetsoe ke litlokotsi tse ngata bophelong ho feta batho ba bangata, ke nka liteko tsena e le monyetla oa ho paka hore ke na le tumelo ho Jehova ke bile kea tšepahala ho eena. (Jakobo 1:13) Ntho e nthusang hore ke lule ke e-na le boikutlo bo nepahetseng ka lintho tse ntlhahetseng ke hore, kamehla ke ikhopotsa hore “bohle ba hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.” (Moeklesia 9:11) Hape kea hopola hore tsena ke “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,” etsoe batho ba bohale bo tšosang, ba mabifi ebile ha ba na boitšoaro. (2 Timothea 3:1-5) Ke boetse ke lula ke nahanne ka mohlala oa Jobo. Ho sa tsotellehe mahlomola ’ohle a hae—ho shoeloa ke lelapa la hae, ho fokolloa ke bophelo le ho senyeheloa ke lintho tseo a neng a iphelisa ka tsona—Jobo o ile a bua mantsoe ana ka tieo: “Lebitso la Jehova le ke le tsoele pele ho bokoa.” ’Me Jehova o ile a hlohonolofatsa Jobo haholo ka lebaka la botšepehi ba hae. (Jobo 1:13-22; 42:12-15) Lintlha tsena tse tsoang Bibeleng li ile tsa nthusa hore ke lule ke thabile ho sa tsotellehe liteko tse ngata tse ntlhahetseng.
Ka linako tsohle, Jehova o ’nile a nthusa hore ke tsoele pele ke mo etelletsa pele bophelong ba ka. Ho bala Bibele letsatsi le leng le le leng ho nkhothatsa haholo ebile ho mphile matla a ho mamella. Kaha ke itšetlehile ka ho rapela Jehova, ke na le “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle.” (Bafilipi 4:6, 7) Sena se etsa hore ke ikutloe ke aparetsoe ke khotso. Ho ba teng libokeng tsa Bokreste le ho ba le seabo ho tsona le hona ho matlafatsa tumelo ea ka.—Baheberu 10:24, 25.
Le hoja ke se ke ile lilemong, ke leboha Jehova hore ebe ke sa ntse ke e-na le matla a ho sebetsa le Bakreste-’moho le ’na, ho ithuta Bibele le batho ba bang le ho ea mosebetsing oa boboleli. Ho sebeletsa batho ba bang ka litsela tsena ho mpha matla a hore ke se ke ka nyahama. Ke leboha Jehova ka pelo eohle ea ka ho sa tsotellehe masisa-pelo a mangata ao ke fetileng ho ’ona bophelong.a
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lilemo tse peli ka mor’a hore Enrique Caravaca Acosta a fane ka pale ena ea hae, o ile a hlokahala a le lilemo li 90.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 20]
Ho bala Bibele letsatsi le leng le le leng ho nkhothatsa haholo ebile ho mphile matla a ho mamella
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Ha ke qala ho fana ka lipuo tsa Bibele
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Mehleng ea ka ha ke ne ke le mosebetsing oa boboleli