Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w09 12/15 maq. 29-31
  • Bibele e Fihla Sehlekehlekeng se Seholo se Sefubelu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele e Fihla Sehlekehlekeng se Seholo se Sefubelu
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba Qala ho Fetolela Bibele
  • Ho Mamella Litšitiso
  • Thabo e sa Lebelloang e Lateloa ke Masoabi
  • Bamalagasy ba Rata Bibele
  • Re Ile ra Ikemisetsa ho Sebeletsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • E ne e Utloahala Eka ke ’Mino o Monate
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Ntlha ea Bohlokoa Bakeng sa Barati ba Lentsoe la Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Boieane ba Batho Lefatšeng ka Bophara bo Ananela Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
w09 12/15 maq. 29-31

Bibele e Fihla Sehlekehlekeng se Seholo se Sefubelu

MADAGASCAR e lutse hoo e ka bang lik’hilomithara tse 400 ho tloha lebōpong le ka boroa-bochabela la Afrika, ’me ke sehlekehleke sa bone se seholo lefatšeng. Ke khale Bamalagasy ba tseba lebitso la Jehova, hobane liphetolelo tsa Bibele tsa Semalagasy tse nang le lebitso la Molimo li bile teng ka lilemo tse fetang 170. Phetolelo ea Semalagasy e ile hlahisoa ka mamello le boitelo.

Boiteko ba ho fetolela Bibele ka Semalagasy bo ile ba qala sehlekehlekeng se haufi sa Mauritius. Hoo e ka bang ka 1813, Sir Robert Farquhar, ’musisi oa Mauritius oa Lenyesemane, o ile a etsa tlhahiso ea hore ho fetoleloe Likosepele ka Semalagasy. Hamorao o ile a khothalletsa Radama I, eo e neng e le morena oa Madagascar, hore a meme matichere a London Missionary Society (LMS) hore a tle Sehlekehlekeng se Seholo se Sefubelu, e leng lebitso leo hangata Madagascar e bitsoang ka lona.

Ka la 18 August, 1818, baromuoa ba babeli ba tsoang Wales, David Jones le Thomas Bevan, ba ile ba fihla motseng o koung ea likepe oa Toamasina ba tsoa Mauritius. Ha ba fihla moo, ba ile ba fumana batho ba ratang bolumeli haholo, bao ho rapela balimo le neano e neng e le karolo ea bophelo ba bona ba kamehla. Bamalagasy ba ne ba bua puo e monate ea Semalay se kopaneng le Sepolynesia.

Nakoana ka mor’a hore ba bule sekolo se senyenyane, Jones le Bevan ba ile ba lata basali ba bona le bana Mauritius ba ba tlisa Toamasina. Leha ho le joalo, ka masoabi malapa ao a ile a tšoaroa ke boloetse ba malaria, ’me mosali oa Jones le ngoana oa hae ba ile ba shoa ka December 1818. Likhoeli tse peli hamorao boloetse boo bo ile ba fiela lelapa la ha Bevan. David Jones ke eena feela ea ileng a sala a phela sehlopheng seo.

Jones ha aa ka a lumella tlokotsi eo hore e mo eme pele. O ne a ikemiselitse hore batho ba Madagascar ba fumane Lentsoe la Molimo. Ka mor’a hore Jones a khutlele Mauritius ho ea ikoka, o ile a qala mosebetsi o thata oa ho ithuta Semalagasy. Kapele ka mor’a moo, o ile a qala mosebetsi oa ho lokisetsa ho fetolela Kosepele ea Johanne.

Ka October 1820, Jones o ile a khutlela Madagascar. O ile a lula motse-moholo, e leng Antananarivo eaba ka potlako o bula sekolo se secha sa kereke. Maemo a ne a sa jese litheohelang. Ho ne ho se na libuka tsa ho ithuta, bolekeboto, kapa lideske. Empa lenaneo la thuto lona le ne le le letle, ’me bana ba ne ba ikemiselitse ho ithuta.

Ka mor’a likhoeli tse supileng Jones a ntse a sebetsa a le mong, o ile a fumana mosebetsi-’moho e mocha ea ileng a nka sebaka sa Bevan, e leng moromuoa ea neng a bitsoa David Griffiths. Bobeli ba bona ba ile ba sebetsa ka thata hore ba fetolele Bibele ka Semalagasy.

Ba Qala ho Fetolela Bibele

Lilemong tse qalang tsa bo-1820, tsela feela e neng e le teng ea ho ngola puo ea Semalagasy e ne e bitsoa sorabe, e leng mantsoe a Semalagasy a ngotsoeng ka litlhaku tsa Searabia. Ke batho ba seng bakae feela ba neng ba ka se bala. Kahoo, ka mor’a hore baromuoa ba buisane le Morena Radama I, morena o ile a fana ka tumello ea hore ho sebelisoe alfabeta ea Seroma ho e-na le sorabe.

Phetolelo e ile ea qala ka la 10 September, 1823. Jones o ile a fetolela Genese le Matheu, ’me Griffiths a fetolela Exoda le Luka. Banna bao ba babeli ba ne ba sebetsa ka thata haholo. Ho phaella mosebetsing oa ho fetolela oo boholo ba oona ba neng ba o etsa ka bobona, ba ile ba tsoela pele ba ruta sekolong hoseng le thapama. Ba ne ba boetse ba lokisetsa ba bile ba tšoara litšebeletso tsa kereke ka lipuo tse sa tšoaneng tse tharo. Ho sa tsotellehe seo, mosebetsi oa phetolelo o ne o tla pele ho ntho efe kapa efe.

Ka thuso ea liithuti tse 12, baromuoa bao ba babeli ba ile ba fetolela Mangolo a Segerike kaofela le libuka tse ngata tsa Mangolo a Seheberu ka likhoeli tse 18 feela. Selemong se latelang, phetolelo ea selelekela ea Bibele eohle e ne e phethiloe. Ha ho pelaelo hore ho ne ho tla hlokahala hore ho etsoe litokiso le hore e ntlafatsoe. Kahoo, ho ile ha romeloa litsebi tse peli tsa puo tse tsoang Engelane, e leng David Johns le Joseph Freeman hore li e’o thusa.

Ho Mamella Litšitiso

Ha phetolelo ea Semalagasy e phethiloe, LMS e ile ea romela Charles Hovenden hore a e’o hloma mochine oa khatiso oa pele, Madagascar. Hovenden o ile a fihla ka la 21 November, 1826. Leha ho le joalo, o ile a tšoaroa ke malaria a ba a hlokahala pele khoeli e fela a fihlile Madagascar, ’me ho ne ho se motho eo a neng a mo siile ea neng a ka sebelisa mochine oo oa khatiso. Selemong se latelang, monna e mong oa Scotland ea bitsoang James Cameron, ea neng a tseba mosebetsi oa matsoho, o ile a khona ho kopanya likarolo tsa mochine oo oa khatiso a sebelisa bukana ea litaelo eo a ileng a e fumana mochineng oo. Ka mor’a ho leka maoala ’ohle, Cameron o ile a khona ho hatisa karolo ea Genese khaolo ea 1 ka la 4 December, 1827.a

Tšitiso e ’ngoe e ile ea tla ka la 27 July, 1828, ka mor’a lefu la Radama I. Morena Radama o ne a tšehelitse mosebetsi oa phetolelo haholo. Ka nako eo, David Jones o ile a re: “Morena Radama o mosa haholo ebile o botsoalle. Ke ’muelli e moholo oa thuto, ’me o nka hore ha batho ba hae ba rutoa mekhoa ea tsoelo-pele, ke ntho ea bohlokoa ho feta Khauta le Silevera.” Leha ho le joalo, morena o ile a hlahlangoa ke mosali oa hae, Ranavalona I, ’me kapele feela ho ile ha totobala hore a ke ke a tšehetsa mosebetsi oa phetolelo joalokaha monna oa hae a ne a o tšehelitse.

Nakoana ka mor’a hore mofumahali a behoe setulong, moeti ea tsoang Engelane o ile a kōpa tumello ea ho bua le eena ka mosebetsi oa phetolelo. Ha aa ka a lumelloa ho etsa joalo. Ka lekhetlo le leng ha baromuoa ba ne ba bolella mofumahali hore ho sa na le lintho tse ngata tseo ba lokelang ho li ruta sechaba, ho akarelletsa Segerike le Seheberu, o ile a re: “Ha ke na taba le Segerike le Seheberu, empa nka rata ho tseba hore na le ka ruta sechaba sa ka ntho ea bohlokoa ho feta, e kang ho etsa sesepa.” Ha Cameron a hlokomela hore ba ka ’na ba tlameha ho tloha pele Bibele ea Semalagasy e phethoa, o ile a kōpa hore a fuoe beke hore a ke a nahane ka taba eo ea mofumahali.

Bekeng e latelang, Cameron o ile a fa manģosa a mofumahali lisepa tse peli tse nyenyane tse entsoeng ka lintho tsa moo. Ketso ena hammoho le mesebetsi e meng ea sechaba e neng e etsoa ke baromuoa ba neng ba tseba mesebetsi ea matsoho, e ile ea koala mofumahali molomo ho fihlela ho phethiloe khatiso ea libuka tsohle ntle ho tse seng kae feela tsa Mangolo a Seheberu.

Thabo e sa Lebelloang e Lateloa ke Masoabi

Ho sa tsotellehe taba ea hore qalong mofumahali o ile a qhela kōpo ea baromuoa, ka May 1831, o ile a ntša taelo e thabisang e neng e sa lebelloa. O ne a tla lumella bafo ba hae hore ba kolobetsoe hore e be Bakreste! Empa qeto ena e ile ea e-ba ea nakoana. Ho ea ka A History of Madagascar, “palo ea batho ba neng ba kolobetsoa e ile ea tšosa ba boholong ba neng ba sa batle liphetoho, ’me ba ile ba kholisa mofumahali hore litšebeletso tsa selallo li ne li tšoana le ho etsa kano ea ho tšepahala ho Manyesemane.” Kahoo, tumello ea ho kolobetsa Bakreste e ile ea huloa qetellong ea 1831, likhoeli tse tšeletseng feela ka mor’a hore e fanoe.

Ho ba teme-peli ha mofumahali le tšusumetso e neng e ntse e e-ba matla eo batho ba lumelang moetlong ba neng ba e-na le eona ’musong, e ile ea susumetsa baromuoa hore ba qetele khatiso ea Bibele. Mangolo a Segerike a Bakreste a ne a se a phethiloe, ’me likopi tsa ’ona tse likete li ne li fuoa batho. Leha ho le joalo, tšitiso e ’ngoe e ile ea tla ka la 1 March, 1835, ha Mofumahali Ranavalona I a ne a phatlalatsa hore Bokreste ha boa lumelloa ka molao ’me a laela hore ho nehelanoe ka libuka tsohle tsa Bokreste ho ba boholong.

Taelo ena ea mofumahali e ile ea boela ea bolela hore Bamalagasy ba neng ba ntse ba ithuta mosebetsi oa khatiso ba ne ba ke ke ba hlola ba sebetsa khatisong. Kahoo, kaha ho ne ho e-na le baromuoa ba seng bakae feela ba neng ba lokela ho qetela mosebetsi, ho ile ha sebetsoa bosiu le motšehare ho fihlela ha Bibele eohle e lokolloa ka June 1835. Ka sebele, Bibele e ne e fumaneha ka Semalagasy!

Kaha mosebetsi o ne o se o thibetsoe, Libibele li ile tsa ajoa ka potlako, ’me ho ile ha epeloa tse 70 ho li boloka hore li se ke tsa senngoa. Sena se ile sa etsoa ka nako, hobane pele selemo se fela, baromuoa bohle ba ne ba tla tloha sehlekehlekeng sena ntle ho ba babeli feela. Empa lentsoe la Molimo le ne le ntse le ata Sehlekehlekeng sena se Seholo se Sefubelu.

Bamalagasy ba Rata Bibele

Ka sebele batho ba Madagascar ba ile ba thaba haholo ha ba khona ho bala Lentsoe la Molimo ka puo ea bona! Phetolelo ena e na le lintho tse sa nepahalang le puo ea eona ke ea khale. Leha ho le joalo, ke ka seoelo u ka fumanang lelapa le se nang Bibele, ’me Bamalagasy ba bangata ba e bala kamehla. Ntho ea bohlokoa ka phetolelo ena ke hore e sebelisitse lebitso la Molimo, Jehova, hohle ka Mangolong a Seheberu. Libibeleng tsa pele, lebitso la Molimo le fumanoa le ka Mangolong a Segerike. Kahoo, Bamalagasy ba bangata ba tseba lebitso la Molimo.

Ha ho ntse ho hatisoa likopi tsa pele tsa Mangolo a Segerike, mohatisi, e leng Monghali Baker, o ile a bona thabo ea Bamalagasy eaba o hooa ka thabo o re: “Ha ke iketse moprofeta, empa ha ke lumele hore lentsoe la Molimo le tla ke le felisoe naheng ena!” Mantsoe a hae a phethahetse. Leha e le malaria kapa mathata a ho ithuta puo e thata esita le litaelo tse hanyetsang tsa ’musi li ne li ke ke tsa thibela batho hore ba fumane Lentsoe la Molimo Madagascar.

Hona joale boemo bo ntlafetse le ho feta. Joang? Ka 2008, ho ile ha lokolloa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang e feletseng ka Semalagasy. Phetolelo ena e bontša tsoelo-pele e khōlō hobane e ngotsoe ka puo ea mehleng ena, e utloisisoang habonolo. Kahoo, hona joale Lentsoe la Molimo le hlonngoe ka metso le ho feta Sehlekehlekeng sena se Seholo se Sefubelu.—Esa. 40:8.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Likarolo tsa pele tsa Bibele tse ileng tsa hatisoa Mauritius ka Semalagasy hoo e ka bang ka April/May 1826 e ne e le Melao e Leshome le Thapelo ea Morena. Leha ho le joalo, likopi tsa sengoliloeng seo li ile tsa fuoa lelapa la Morena Radama feela hammoho le batho ba bang ba boholong.

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

“Phetolelo ea Lefatše le Lecha” ea Semalagasy e tlotla lebitso la Molimo, Jehova

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela