PALE EA BOPHELO
Lefa le Bileng Teng Melokong e Supileng
Batho ba re ke futsitse Ntate. Ke mo futsitse ka seemo, mahlo le ka ho rata metlae. Empa ke boetse ke mo futsitse ka ntho e ’ngoe hape—e leng lefa la ho sebeletsa Jehova leo a le fetiselitseng melokong e supileng. E re ke hlalose.
Ntate o mpontša litšoantšo tsa lelapa leso
Ntate-moholo oa ka, Thomas (1)a Williams o hlahetse Horncastle, Engelane, ka la 20 January, 1815. ’Mè oa hae o ile a hlokahala ha a le lilemo li peli, kahoo eena le bana babo ba bararo ba ile ba hōlisoa ke ntate oa bona, e leng, John Williams. John o ile a ruta Thomas ho ba ’metli oa mapolanka, empa Thomas o ne a thabela ho etsa mosebetsi o mong.
Ka nako eo ho ne ho ntse ho hlaha malumeli a mangata naheng ea Engelane. Moruti John Wesley o ne a sa tsoa ikarola Kerekeng ea Chache ’me a theha ea Wesele, e leng sehlopha se neng se khothalletsa litho tsa sona ho ipalla Bibele le ho ba baevangeli. Lithuto tsa Wesley li ile tsa tlala hohle ’me ba lelapa la Williams ba ne ba li latela. Thomas e ile ea e-ba moruti oa kereke ea Wesele ’me ho e’so ee kae a ithaopela ho ea ba moromuoa South Pacific. Ka July 1840, eena le mosali oa hae, Mary,(2) ba ile ba fihla Sehlekehlekeng sa Lakeba,b Fiji, e leng sehlekehleke se atisang ho foqoha seretse se chesang, moo ka nako eo ho neng ho lula malimo.
HO PHELA HAR’A MALIMO
Lilemong tsa ha Thomas le Mary ba sa tsoa fihla Fiji, ba ile ba mamella liteko tse matla. Ba ne ba qeta lihora tse ngata ba sehla ka thata tlas’a maemo a boima le mocheso. Ba ile ba boela ba bona lintho tse tšosang—tse kang lintoa tsa merabe, ho fenethoa ha bahlolohali, ho bolaoa ha masea le ho bona batho ba jang nama ea batho ba bang—hape boholo ba batho ba moo ba ne ba sa mamele molaetsa oa bona. Mary le mor’a hae oa matsibolo ea bitsoang John, ba ile ba kulela lefu. Ka 1843, Thomas o ile a ngola a re: “Ke ne ke sithabetse habohloko. . . . Ke le mothating oa ho felloa ke tšepo.” Leha ho le joalo, ba ile ba mamella ’me tumelo ea bona ho Jehova Molimo ea ba fa matla.
Ha Thomas a ntse a le Fiji o ile a sebelisa tsebo ea hae ea ho betla mapolanka hamolemo, ’me a haha ntlo ea pele e tšoanang le matlo a Europe. Tsela e ntle eo ntlo ena e neng e hahiloe ka eona, e ile ea khahla batho ba Fiji haholo. Nakoana pele ntlo eo e phetheloa, Mary o ile a ba le mora oa bobeli, ea bitsoang Thomas Whitton (3) Williams, e leng e mong oa bo-ntate-moholo ba ka.
Ka 1843, Thomas e moholo o ile a thusa ho fetolela Kosepele ea Johanne ka Sefiji, e leng mosebetsi o thata ka ho fetisisa oo a ileng a o etsa.c Leha ho le joalo, o ne a ipabola lithutong tse mabapi le batho ’me a le seli haholo. O ile a ngola liphuputso tsa hae bukeng eo a ileng a e bitsa, Fiji and the Fijians (1858), e leng buka e thahasellisang e buang ka bophelo ba batho ba Fiji ba lilemong tsa bo-1800.
Ka mor’a hore Thomas a sehle ka thata Fiji ka lilemo tse 13, o ile a qetella a se a kula ’me eena le lelapa la hae ba fallela Australia. Thomas o ile a hlokahala ka 1891, a le Ballarat, Victoria, ka mor’a ho qeta nako e telele e le moruti ea hlomphehang.
HO FUMANA BATHO BA RATANG ’NETE
Ka 1883, Thomas Whitton Williams le mosali oa hae, Phoebe,(4) ba ile ba fallela Perth, e Australia Bophirimela. Ka nako eo ngoan’a bona oa bobeli, ea bitsoang, Arthur Bakewell (5) Williams, e leng e mong oa baholo-holo ba ka, o ne a le lilemo li robong.
Ha Arthur a le lilemo li 22, o ile a ea sebetsa motseng oa Kalgoorlie, o bohōle ba lik’hilomithara tse 600 ka bochabela ho motse oa Perth, e leng motse o nang le limmaene tsa khauta tse ngata. Ha a le moo, o ile a bala lingoliloeng tse hatisitsoeng ke Liithuti Tsa Bibele, e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li bitsoa kateng. O ile a boela a kōpa hore a romelloe makasine ea Zion’s Watch Tower khoeli le khoeli. Arthur o ile a khahloa haholo ke seo a neng a se bala hoo a ileng a qala ho bolella batho ba bang lintho tseo a ithutang tsona a ba a tšoara liboka tsa liithuti tsa Bibele. Mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o ile oa qala ka eona tsela eo Australia Bophirimela.
Arthur o ile a boela a bolella ba lelapa labo lintho tseo a ithutang tsona. Ntate oa hae e leng Thomas Whitton, o ne a rata bolumeli bona ba Arthur, leha ho le joalo, lefu la mo khaoletsa nakoana ka mor’a moo. ’Mè oa hae e leng Phoebe, le likhaitseli tsa hae tse peli, Violet le Mary le bona e ile ea e-ba Liithuti Tsa Bibele. Violet o ne a qeta boholo ba nako ea hae a ruta batho Bibele kapa e le pula-maliboho ho ea kamoo Lipaki li ba bitsang kateng. Arthur o ile a re Violet e ne e le “pula-maliboho e mahlahahlaha le e chesehang ka ho fetisisa e kileng ea e-ba teng Australia Bophirimela.” E ka ’na eaba Arthur o ne a se a mpa a etsoa ke hore ke khaitseli ea hae, empa cheseho ea Violet e ile ea khatha tema e khōlō ho susumetsa moloko o latelang oa ba ha Williams.
Ha nako e ntse e ea, Arthur o ile a nyala eaba o fallela motseng oa Donnybrook o ka boroa-bophirimela ho Australia Bophirimela, o neng o tumme ka ho ba le lifate tsa litholoana. Ha a le moo batho ba ne ba re ke “Monna-moholo oa Lehlanya oa 1914!” kaha o ne a chesehela ho phatlalatsa boprofeta ba Bibele bo buang ka selemo seo.d Ba ile ba khaotsa ho mo soma ha Ntoa ea I ea Lefatše e qhoma. Arthur o ne a atisa ho pakela bareki ba neng ba tla lebenkeleng la hae ’me o ne a lula a behile lingoliloeng tsa Bibele fensetereng. Pel’a tsona o ne a boetse a behile papatso eo ho eona a neng a re o tla fana ka liponto tse 100 ho mang kapa mang ea ka pakang hore boraro-bo-bong ke ’nete—e leng thuto e sa lumellaneng le Mangolo eo Arthur a neng a e hloile haholo. Empa ha ho na motho ea ileng a khona ho e hapa.
Thuto ea Bibele le liboka tsa phutheho li ne li tšoareloa lelapeng la Williams, motseng oa Donnybrook. Hamorao, Arthur o ile a haha Holo ea ’Muso toropong, e leng e ’ngoe ea liholo tsa pele tse ileng tsa hahoa Australia Bophirimela. Le hoja a ne a se a le lilemo li fetang 70, o ne a ntse a apara hantle ebe o palama pere ea hae e neng e bitsoa Doll, ha a il’o paka libakeng tse hare-hare tsa setereke sa Donnybrook.
Bana ba Arthur ba ile ba susumetsoa haholo ke ntate oa bona ea neng a cheseha. Morali oa hae ea bitsoang Florence(6) e ile ea e-ba moromuoa India. Bara ba hae ba babeli e leng, Arthur Lindsay(7) le Thomas, ba ile ba etsisa ntat’a bona ’me ea e-ba baholo ka phuthehong ka nako e telele.
SEFATE SA LIAPOLE SE REHELETSOENG KA LELAPA LESO
Ntate-moholo oa ka ea bitsoang Arthur Lindsay Williams, o ne a tsebahala haholo ka ho ba motho ea mosa. O ne a tsotella batho a bile a ba hlompha. E ne e bile e le ’mampoli papaling ea ho ratha patsi, ’me o ne a se a hlōtse ka makhetlo a 18 nakong ea lilemo tse 12.
Leha ho le joalo, Arthur ha a ka a thaba ha mor’a hae ea lilemo li peli, ea bitsoang Ronald (8) (e leng ntate oa ntate oa ka), a ne a ratha sefate sa liapole se senyenyane se neng se le pel’a lapeng. ’Mè oa Ronald o ile a tlamisa sefate seo ’me qetellong sa hlahisa liapole tse monate o tsoang ka litsebe. Sefate seo se ile sa rehoa Lady Williams, ’me hamorao sa nyalisoa le tse ling eaba se hlahisa mofuta oa liapole o ratoang haholo lefatšeng ka bophara o bitsoang Cripps Pink.
Ronald, eo ke ’mitsang Gramp, hamorao o ile a phathahana mosebetsing oa bohlokoa le ho feta. Eena le Nkhono ba qetile lilemo tse ngata e le baithaopi mesebetsing ea kaho ea liholo tsa Lipaki linaheng tsa Australia le Lihlekehlekeng Tsa Solomon. Le hoja hona joale Gramp a se a le lilemo li ka bang 80, o ntse a sebeletsa e le moholo ka phuthehong ’me o thusa ho haha le ho nchafatsa Liholo Tsa ’Muso tsa Australia Bophirimela.
KE ANANELA LEFA LA KA
Batsoali ba ka e leng, Geoffrey (9) le Janice (10) Williams, le bona ba ile ba sebetsa ka thata ha ba ruta ’na (12) le khaitseli ea ka e bitsoang, Katharine(11) ho phela ka melao-motheo ea Bokreste. Ha ke le lilemo li 13, ke ile ka qala ho ba le kamano e ntle le Jehova. Ha ke ne ke le kopanong ea Lipaki, ke ile ka utloa ha John E. Barr, eo e neng e le setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova a khothatsa bacha a re: “Khaotsang ho senya letlotlo la bohlokoahali leo le nang le lona, e leng monyetla oa ho tseba Jehova le ho mo rata.” Ke ile ka inehela ho Jehova hona bosiung boo. Lilemo tse peli ka mor’a moo, ka qala ho bula-maliboho.
Hona joale, ke thabela ho qeta nako e ngata ke ruta batho Bibele le mofumahali oa ka e leng Chloe, motseng oa mahaeng o bitsoang Tom Price, o ka leboea-bophirimela ho Australia Bophirimela. Re etsa mosebetsi oa nakoana e le hore re koale litlhoko tsa rōna. Batsoali ba ka le khaitseli ea ka le monna oa hae ea bitsoang Andrew, ba bula maliboho motseng oa Port Hedland, o bohōle ba lik’hilomithara tse 420 ka leboea ho moo ke leng teng. ’Na le Ntate re boetse re sebeletsa re le baholo ka phuthehong.
Ntate-moholo oa ka Thomas Williams o ile a ikemisetsa ho sebeletsa Jehova Molimo lilemong tse ngata tse fetileng. Kajeno ke una molemo mohlaleng oo oa hae oa tumelo le oa ho sebeletsa Molimo. Ke motlotlo haholo hore ebe ke hlahetse lelapeng le ratang Jehova hakana.
a Lipalo tsena li tsamaisana le tse litšoantšong tse latelang.
b Pele se ne se bitsoa Sehlekehleke sa Lakemba, ’me se karolong e ka bochabela ea Fiji, Lihlekehlekeng Tsa Lau.
c Moromuoa ea bitsoang John Hunt o ile a fetolela boholo ba Testamente e Ncha ka Sefiji, e ileng ea hatisoa ka 1847. Phetolelo ea hae e ntle haholo hobane e na le lebitso la Molimo, e leng “Jiova,” ho Mareka 12:36, Luka 20:42, le Liketso 2:34.
d Sheba sehlomathiso se nang le sehlooho se reng “1914 ke Selemo sa Bohlokoa Boprofeteng ba Bibele” se bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova e bileng e fumanehang Inthaneteng ho www.jw.org/st.