Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp16 no. 1 leq. 16
  • Bibele e Re’ng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele e Re’ng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho etsahala’ng ka rōna ha re e-shoa?
  • Na bafu ba ka boela ba phela?
  • Ho Etsahala’ng ha U Shoa?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Ho Etsahala’ng Lefung?
    U ka ba Motsoalle oa Molimo!
  • Ho Etsahala Eng ha Motho a E-shoa?
    Tsoha!—2007
  • Potso ea 2: Ho Tla Etsahala’ng ka ’na ha ke E-shoa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
wp16 no. 1 leq. 16
Palesa e khubelu holim’a lejoe la lebitla

BIBELE E RE’NG?

Ho etsahala’ng ka rōna ha re e-shoa?

BATHO BA BANG BA LUMELA hore re tsoela pele re phela ka sebōpeho se seng, athe ba bang ba re ha motho a e-shoa ho felile ka eena. Uena u re’ng?

SEO BIBELE E SE BUANG

“Ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho.” (Moeklesia 9:5) Ha re e-shoa, re khaotsa ho ba teng.

SEO RE ITHUTA SONA HAPE BIBELENG

  • Ke hore motho oa pele, e leng Adama, o ile a khutlela lerōleng ha a e-shoa. (Genese 2:7; 3:19) Ka ho tšoanang, batho bohle ba shoang ba khutlela lerōleng.—Moeklesia 3:19, 20.

  • Ke hore ha motho a e-shoa o hlakoleloa molato oa libe tsa hae kapa oa tšoareloa. (Baroma 6:7) Ha a sa ahloleloa libe ka mor’a hore a shoe.

Na bafu ba ka boela ba phela?

UENA U RE’NG?

  • E

  • Che

  • Mohlomong

SEO BIBELE E SE BUANG

“Ho tla ba le tsoho.”—Liketso 24:15.

RE KA BOELA RA ITHUTA ENG BIBELENG?

  • Hangata Bibele e tšoantša lefu le boroko. (Johanne 11:11-14) Molimo a ka khona ho tsosa bafu, feela joalokaha re khona ho tsosa motho ha a robetse.—Jobo 14:13-15.

  • Bibele e bua ka batho ba ’maloa ba ileng ba tsosoa bafung, kahoo e re fa lebaka le utloahalang la ho lumela hore bafu ba tla tsosoa.—1 Marena 17:17-24; Luka 7:11-17; Johanne 11:39-44.

Hore u fumane lintlha tse eketsehileng, re kōpa u shebe khaolo ea 6 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova

U ka boela ua e fumana ho www.jw.org/st

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela