Re U Lome Tsebe?
Mollo o ne o tsamaisoa joang mehleng ea boholo-holo?
TLALEHO ea Bibele e ho Genese 22:6 e re ha Abrahama a ne a lokisetsa ho ea sebakeng se hole hore a il’o etsa sehlabelo, o ile a “a nka patsi ea nyehelo ea secheso a e jarisa mora oa hae Isaka ’me eena matsohong a hae a nka mollo le thipa e selakhang, eaba ka bobeli ba tsamaea hammoho.”
Mangolo ha a bolele letho ka mekhoa ea ho besa mollo e neng e sebelisoa mehleng eo. Ha mohlalosi e mong a bua ka tlaleho ena ea Bibele, o re ho ke ke ha etsahala hore ebe Abrahama le Isaka ba ne ba tsamaea ‘ka mollo o neng o se o ntse o tuka ebe ba fihla moo ba eang o e-so time.’ Kahoo, ho ka etsahala hore se hlalosoang mona e ne e le lintho tse neng li sebelisoa bakeng sa ho etsa mollo.
Leha ho le joalo, ba bang ba re ho ne ho se bonolo ho hotetsa mollo mehleng eo ea boholo-holo. Ho ne ho le bonolo hore batho ba kope mashala a hlenneng ho baahelani ba bona, ho e na le ho iqalla mollo. Kahoo litsebi tse ngata li lumela hore Abrahama o ne a tsamaea ka pitsa—mohlomong e leketlileng ketaneng—e neng e tletse mashala a hlenneng, a tsoang mollong oo ba neng ba o besitse bosiung bo fetileng. (Esa. 30:14) Ho ne ho ka sebelisoa patsi e ommeng ho hotetsa mashala ao a hlenneng haeba motho a ne a hloka ho besa mollo leetong le le telele.