Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/90 maq. 3-10
  • U Memeloa Kopanong ea Setereke ea 1990 ea ‘Puo e Hloekileng’!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Memeloa Kopanong ea Setereke ea 1990 ea ‘Puo e Hloekileng’!
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kopano ea Setereke ea Lipaki Tsa Jehova ea 2006 ea “Topollo e Atametse!”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Itokisetse Hona Joale ho ba Teng Kopanong ea Setereke ea “Barati ba Tokoloho” ea 1991
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
km 10/90 maq. 3-10

U Memeloa Kopanong ea Setereke ea 1990 ea ‘Puo e Hloekileng’!

1 Lilemong tse lekholo tse fetileng, likopano e ’nile ea ba tšobotsi e khethehileng ea borapeli ba rōna. Haholo-holo ho tloha nakong ea ho tsosolosoa ha mosebetsi oa rōna oa boboleli ka 1919, lipōkano tsena e ’nile ea e-ba linako tse tšoauoeng tsa khatholoho ea moea ha khanya e senotsoeng e phatsimang ho tsoa Lentsoeng la Molimo e ne e tsebahatsoa.

2 Ka mohlala, hopola thabo e khōlō e ileng ea bontšoa Columbus, Ohio, ka 1931 ha batho ba Molimo ba ne ba amohela lebitso le lecha, Lipaki tsa Jehova. Hape, ho bile le thabo e khōlō ka ’nete e ileng ea senoloa Washington, D.C., ka 1935, e bontšang hore phello ea “bongata bo boholo ba batho” e tla ba ho pholohela lefatšeng le lecha la Jehova.—Tšen. 7:9.

3 Likopano tsa setereke tsa 1990 li tla ba le sehlooho “Puo e Hloekileng,” ’me u memeloa hore u be teng. Karolong e ka boroa ea Afrika, ho lokiselitsoe likopano tse 19. Lentsoe la Jehova la boprofeta ho Sofonia 3:9 (NW) le re: “Nakong eo, ke tla neha lichaba hore li fetohele puong e hloekileng, e le hore kaofela ha tsona li ka bitsa lebitso la Jehova, e le hore li mo sebeletse mahetla a bapile.” Kopano ea selemong sena e ke ke ea totobatsa feela “puo e hloekileng” empa hape e tla re thusa ho utloisisa lebaka leo ka lona ho ithuta eona le ho e bua ka mokhoa o phollatsi ho leng bohlokoa ka teng le kamoo matla a rōna a ho e sebelisa a matlafatsang bonngoe ba boena ba lefatše lohle.

4 FIHLA NAKO E SA LE TENG: Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o re memela ho iphepa tafoleng ea hae ea lijo tsa moea. Ho fihla ka nako ke ho bontša tlhompho le kananelo. Ha e le hantle, sena se bolela hore re lokela ho fihla nako esale teng letsatsi ka leng le ho lula litulong pele lenaneo le qala. Sena se hloka ho ipha nako e lekaneng bakeng sa ho hlokomela lintho tse hlokang tlhokomelo, tse kang ho emisa koloi ea rōna sebakeng sa makoloi le ho fumanela lelapa la rōna litulo tse loketseng.—1 Ba-Kor. 14:40, NW.

5 Baemeli ba etileng ba neng ba tlile likopanong tsa Poland selemong se fetileng ba ile ba tsota boinehelo ba bomolimo, lerato, le bonngoe ba baena ba bona. Kananelo e tebileng bakeng sa litokisetso tsa moea tseo kopano e neng e tla li tlisa e ne e bonahala. Hoseng ho hong le ho hong, baena ba ne ba fihla sebakeng sa kopano nako esale teng, ba lula litulong ’me ba itokiselitse bakeng sa pina e bulang le thapelo. Ba ile ba lula ho fihlela ho binnoe pina e koalang le thapelo, ’me ha ba ka ba potlakela ho tsamaea ka mor’a lenaneo e le hore ba kopanele botsoalle le baena ba bona.

6 Makhethe a baena a ne a beha mohlala o motle. Ba ne ba tlile ho tla mamela le ho ithuta. Esita le pula e neng e na mabaleng a lipapali a sa ruleloang Poznan le Chorzów ha ea ka ea tlosa monahano oa bona lenaneong. Bacha ba neng ba le teng, ho kopanyelletsa le bana ba banyenyane, ba ne ba rutiloe hantle, ba khutsitse, ’me ba mametse lenaneo ka hloko. Malapa a ne a lutse hammoho. Ba ne ba beha mohlala o motle oa ho bontša tlhompho e tebileng bakeng sa tafole ea Jehova. Re ka rua molemo joang mohlaleng oa bona?

7 Ho tumellanong le Mangolo ho etsisa mohlala o motle oa ba bang. (2 Ba-Thess. 3:7) Le hoja maemo a rōna ka bomong a ka fapana, le rōna re rata ho rua molemo o moholo likopanong tsa rōna. Ho qoba ho tšoenyeha le ho ferekana ka baka la ho fihla ka mor’a nako sebakeng sa kopano, malapa a mang a fumane ho le molemo ho beha nako e loketseng hantle ea ho robala. Ka ho khomarela kemiso, a tla fumana boroko bo lekaneng ’me a lokele ho tsoha esale hoseng letsatsing le latelang. Sena se etsa hore a qobe ho fihla lenaneo le tsoela pele, e leng ho sitisang le ho ka khathatsang ba seng ba lutse. Ho nahanela ha rōna tabeng ena ke pontšo ea ho hlompha ha rōna Jehova le lerato ho baena ba rōna.

8 KOPANO EA MATSATSI A MANE: Kopano ea Setereke ea “Puo e Hloekileng” e tla ba ea matsatsi a mane. E tla qala ka Labone ka 1:30 motšehare oa mantsiboea ’me e tla fela ka hoo e ka bang ka 5:10 motšehare oa mantsiboea ka Labone, Labohlano, le ka Moqebelo, le ka 4:00 motšehare oa mantsiboea ka Sontaha. Ka Labohlano ho fihlela ka Sontaha lenaneo le tla qala ka 9:30 hoseng. (Ka kōpo hlokomelang: Kopano ea Pretoria e tla qala ka Labohlano ’me e fele ka ’Mantaha.) Letsatsi ka leng le tla ba le boitsebiso ba bohlokoa bo mabapi le ho bua puo e hloekileng. Ho tla ba le lipuo, lipontšo, liphihlelo, lipuo tsa neheletsano, le litšoantšiso tse peli tsa Bibele.

9 Iketsetse pakane ea hore u se lahleheloe ke lenaneo leha le le leng. Sena se ka hloka hore u tele lintho tse ling tsa botho le ho etsa liphetoho kemisong ea hao. Ba bang ba ka fumana ho hlokahala ho etsa litokisetso tse khethehileng le mohiri oa bona. Ba bangata ba tela melemo e itseng ea chelete e le hore ba be teng mananeong kaofela. Leha ho le joalo, nahana ka lintho tseo baena ba rōna ba bangata ba ileng ba li tela hore ba be teng likopanong tsa Poland selemong se fetileng. Na sena ha se le susumelletse kaofela hore le be teng mananeong ’ohle a kopano ea lōna? Ka sebele Jehova o tla hlohonolofatsa ba rapellang sena ka botšepehi le ho etsa boiteko bo tsoang pelong ba ho ba teng.—Ba-Heb. 10:24, 25.

10 MAMELA KA HLOKO: Ho Pesaleme ea 50:7 Jehova o re: “Mamela, sechaba sa ka, ’me ke tla bua.” Kahoo, nakong ea lenaneo la kopano, u se ke ua sitisoa ke lintho tseo u li bonang le melumo e sa amaneng le taba eo ho buuoang ka eona sethaleng. Takatso ea rōna ea ho batla ho bua puo e hloekileng phollatsi e lokela hore susumelletsa ho mamela kōpo ea Jehova e ho Esaia 55:2 (NW) ka botlalo: “’Mameleng ka hloko.”

11 Boitsebiso bohle bo tla fanoa kopanong ena bo molemong oa rōna oa moea ’me bo tla matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho lula re tiile tšebeletsong ea rōna ho Jehova ’me re le bonngoeng le baena ba rōna. Kopano e tla re beha nakong mabapi le litlhoko tsa hona joale le ho re thusa ho boloka mohato le mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng. Ho se mamele ka hloko ho tla etsa hore re salle morao. Re lokela ho mamela lenaneo ka hloko e le hore re rue molemo ka ho felletseng ho lona ’me ka mor’a moo re sebelise seo re ithutang sona.—Jak. 1:25.

12 Na ho na le ntho e ’ngoe eo re ka e etsang hore re mamele lenaneo ka hloko le ho hopola boitsebiso bo fanoeng? E, e teng. Baemeli ba bangata ba etileng kopanong ba ile ba hlaolela mokhoa o motle oa ho ngola lintlha nakong ea lenaneo. Libuka tsa ho ngola lintlha li lokela ho kopanyelletsoa le Libibele le libuka tsa lipina joaloka thepa ea rōna e tloaelehileng ha re ea kopanong. Haeba u ile ua belaella taba ea ho ngola lintlha, ke hobane’ng ha u sa leke ho li ngola Kopanong ea “Puo e Hloekileng?” U tla fumana hore ke tsela e molemo ea ho boloka mohopolo oa hao o tsitsitse tabeng eo ho buuoang ka eona le ho u sireletsa hore mohopolo oa hao u se lelere.

13 Ha ho hlokahale hore u ngole lintlha tse ngata. Hangata poleloana e le ’ngoe kapa tse peli li lekane bakeng sa ntlha e khōlō. Baholo ba fumane ho le molemo ho ba le lintlha tse hlophisitsoeng ka makhethe e le hore li ba thuse nakong eo ho hlahlojoang lenaneo la kopano Sebokeng sa Tšebeletso. Hape, ba ka kenyelletsa lintlha tse ngata tse fanoeng kopanong nakong eo ba rutang kapa mosebetsing oa bona oa bolisa.

14 PINA LE THAPELO: Re hlompha Jehova ka ho ’minela lithoriso. Ke karolo ea borapeli ba rōna. Jehova o boetse oa thaba ha batho ba hae ba mo atamela ka thapelo e tiileng. (Liprov. 15:8b) Likopano tsa setereke li re neha monyetla o ikhethang oa ho kopana le baena le bo-khaitseli ba rōna ba likete-kete ho roriseng Jehova ka pina le thapelo. Leha ho le joalo, ba bang ba bontšitse ho haelloa ke tlhompho bakeng sa likarolo tsena tsa bohlokoa tsa borapeli ba rōna. Joang? Ka hore ka ho sa hlokahaleng ba fihle kopanong nakong eo ho binoang pina e bulang le thapelo kapa ka mor’a tsona. Kapa ha lenaneo le fela, ba bang ba tloha litulong tsa bona nakong eo ho binoang le pele ho thapelo. Hobane’ng? Ke ka seoelo ho bang le mabaka a utloahalang a ho etsa sena. Leha ho le joalo, na ke ho bontša tlhompho e loketseng le kananelo bakeng sa tafole ea Jehova ha ba bang ba tlohela tokelo ea ho bina le ho kopanela thapelong e le hore feela e be bona ba pele ho lumisa makoloi a bona kapa ho ja?—Matt. 6:33.

15 Re lokela ho hlokomela hore ha re ntse re phehella boiketlo ba rōna feela, re se lumelle boikutlo ba lefatše ba hore lithahasello tsa ka li tla pele ho tsa motho e mong kapa mekhoa e meng e sa lokang e kang meharo le boithati hore e sitise khatelo-pele ea rōna ea moea. E se eka re ka bontša moea o tšoanang oa kananelo bakeng sa lintho tse halalelang joalokaha baena ba rōna ba entse likopanong tsa Poland selemong se fetileng ’me e se e ka re ka tsamaea le bona mahetla a bapile ka ho bontša tlhompho e loketseng bakeng sa litšobotsi tse phahameng joalo tsa borapeli ba rōna, e leng, thapelo le ho binela Jehova lithoriso.—Pes. 69:30.

16 MEKHOA EA RŌNA EA BOKRESTE: Mekhoa ea rōna ea Bokreste likopanong e ile ea re hapela botumo bo botle joaloka Lipaki tsa Jehova. Ho joalo hobane re tiile borapeling ba rōna ho Jehova le hobane ha re talime ho ba teng kopanong e le ho ea ’mokeng feela oa boithabiso. Ha re bokana hammoho liketsahalong tse joalo tse khethehileng, re lokela ho ba le seriti sa Bokreste le mohopolo oa moea, re itšoare joaloka basebeletsi ka linako tsohle.—1 Ba-Kor. 10:31-33.

17 Leha ho le joalo, ke ho soabisang ho bona hore ba ’maloa ba tlang likopanong ke ba sa tsotelleng boikutlong ba bona, moaparong, puong, le boitšoarong. Ho ka etsoa’ng haeba lintho tse joalo li bonahala phuthehong ea rōna kapa kopanong? Ba nang le litšoaneleho tsa moea ba lokela ho fana ka keletso e lerato ka sepheo sa ho lokisa ba joalo. (Ba-Gal. 6:1, NW; Ba-Ef. 4:11, 12) Ho bua puo e hloekileng ho lokela ho re susumelletsa ho emela botumo ba rōna bo botle le ho boloka litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro.

18 Moeti e mong ea neng a tlile ho e ’ngoe ea likopano tsa rōna o ile a kenya molaetsa ’ona ka lebokoseng la monehelo: “Ke thabetse lenaneo la lōna haholo. Joale ke tla ithuta Bibele le e mong oa baena. Ena e bile ketelo ea ka ea pele likopanong tsa lōna. Ke ne ke rerile ho tla ka Moqebelo feela, hobane letsatsi la Sontaha ke leo ke eang kerekeng ka lona. Empa ke ile ka khahloa hoo kajeno ke tlileng le lelapa la ka kaofela. Empa ke ile ka soabisoa ke batho ba baholo ba neng ba buela holimo ha sebui se ntse se bua.”

19 Ho boetse ho hlokometsoe hore likopanong tse ling bacha ba ’maloa ba lula likarolong tse holimo kapa tse hōle tsa sebaka seo bamameli ba lutseng ho sona, ba ngollana lipampitšana, ba hoeshetsa, ’me hangata ha ba mamele lenaneo. Boitšoaro ba mofuta oona bo bontša hore ba sa ntse ba hloka kaloso ea batsoali ’me ba lokela ho lula le lelapa. Batsoali ba tsebang boikarabelo ba bona ba tla hlokomela lintho tsena ’me ba fane ka tataiso e hlokoang ke bana ba bona. (Ba-Ef. 6:4) Baena, bo-khaitseli, le bacha ba lokela ho utloisisa hore ha lenaneo le ntse le tsoela pele, ke nako ea ho mamela, e seng nako ea ho bua.—Deut. 31:12.

20 BAKENG SA BATSOALI: Bana ba banyenyane le bacha ba balelloa har’a ba memetsoeng Kopanong ea Setereke ea “Puo e Hloekileng.” Le bona ba lokela ho bua puo e hloekileng ka mokhoa o phollatsi. Ke ntho e ntle hakaakang ho bona bacha ba ithutileng ho mamela ka hloko libokeng tsohle tsa Bokreste le ba thahasellang lenaneo la kopano haholo! (Pes. 148:12, 13) Empa ho hongata ho itšetlehile ka mohlala le kaloso ea batsoali. Bacha ba bangata ba koetlisitsoe hantle ho ngola lintlha. Haeba joaloka motsoali ha u e-s’o rute bana ba hao ho ngola lintlha, ke hobane’ng ha u sa sebelise nako e setseng pele ho kopano ea lōna ho etsa joalo? Esita le bana ba banyenyane haholo ba ka khothalletsoa ho ngola Mangolo a qotsoang le mantsoe a sehlooho ao ba utloang a buuoa ke libui. Batsoali ba bang ba lokisetsa ho pheta lintlha tse khōlō tsa lenaneo la letsatsi ka mor’a hore ba khutlele sebakeng seo ba lulang ho sona kapa ha ba le tseleng e khutlelang hae.

21 Ke ’nete hore batsoali ba bangata ba utloisisa hore tšekamelo ea tlhaho ea bana ke ho bapala. Ha ba na phihlelo bophelong, ha ba e-s’o hōle. Ka baka leo, ba lokela ho rutoa hore na ke neng ba lokelang ho mamela le tsela eo ba lokelang ho itšoara ka eona libokeng. Sena se hloka kaloso e ntle ea batsoali ba bona. Batsoali ba bang ba ’nile ba se natse karolo ena. Ka linako tse ling, le hoja batsoali ba bontša tlhompho e loketseng ho Jehova ha ho rapeloa, bana ba bona ba ee ba bapale le ho sitisa ba bang. Batsoali ba lokela ho tseba seo bana ba bona ba se etsang esita leha ho rapeloa. Hape, ba etsa’ng ha ba tloha litulong tsa bona nakong ea lenaneo? Na bana ba tloheloa ba sa beoa leihlo nakong eo lenaneo la kopano le tsoelang pele kapa ka mor’a lona? (Liprov. 29:15) Batsoali bohle ba Bakreste ba lokela ho hlokomela bana ba bona ka linako tsohle ha ba ba hōlisa “ka taeo le ka mohopolo o tataisoang ke Jehova.”—Ba-Ef. 6:4, NW.

22 TŠEBELISANO EA HAO E FELLETSENG EA ANANELOA: Ho entsoe litokisetso tse khōlō le mosebetsi o mongata ho tiisa hore ho be le litulo tse lekaneng, libuka, lijo, le litokisetso tse ling bakeng sa e mong le e mong ea tlileng kopanong. Ho tiisa hore litokisetso tsena lia atleha, phutheho ka ’ngoe e abetsoe ka ho toba ho ea kopanong e itseng. Tšebelisano ea lōna e bohlokoa haholo e le hore ho qojoe ho tlala haholo ha batho. Ke ’nete hore ho ka ’na ha e-ba le maemo a etsang hore ho hlokahale hore ba ’maloa ba ee kopanong sebakeng se sele. Leha ho le joalo, bongata bo lokela ho ea kopanong eo bo abetsoeng ho eona.—1 Ba-Kor. 13:5; Ba-Fil. 2:4.

23 Tšebelisano ea lōna e felletseng e kōpuoa le tabeng ea ho boloka litulo. Re kōpa hore le hopole hore LITULO LI KA BOLOKELOA FEELA LITHO TSE HAUFI TSA LELAPA LE MOTHO LEHA E LE OFE EO U TSAMAEANG LE EENA KOLOING. Ka kōpo u se bolokele ba bang litulo. Ka linako tse ling, litulo tse eketsehileng li ee li bolokoe ho sa hopoloa ka motho ea itseng ka ho toba. Sena hase bontše lerato ’me se thetsa bahlokomeli le ba bang ba batlang litulo tse sa luloang. Ho lumellana le keletso ea Bibele, re lokela ho loanela ho bontša lerato la boena le ho tšehetsa ka botlalo tokisetso e entsoeng e mabapi le ho boloka litulo.—2 Pet. 1:5-8.

24 Ho fanoa ka tlhahiso ea hore re sebelise kahlolo e molemo ha re tla le lintho tsa botho sebakeng sa kopano. Nakong e fetileng, ba bang ba ile ba tla le li-cooler tse khōlō kapa lintho tse khōlō tse neng li sa lekane ka tlaase ho litulo. Lintho tsena li ne li beoa litselaneng tsa holo kapa holim’a litulo. Ho etsa joalo ho ile ha sitisa ba bang ho fumana litulo, ’me ka linako tse ling e ne e le ho tlōla melao ea mollo le ea tšireletso. Re lokela ho bontša ho nahanela le litabeng tsena.

25 Ho lumelletsoe hore motho a ka sebelisa lik’hamera tsa video le thepa e ’ngoe ea ho hatisa mantsoe ha a le kopanong. Leha ho le joalo, ba sebelisang thepa e joalo ba lokela ho hlokomela hore ba qobe ho khathatsa kapa ho sira ba bang. Thepa e joalo e se emisoe litselaneng tsa holo kapa menyakong eo ho tsuoang ho eona. Ha ea lokela ho hokelloa tsamaisong ea libuela-hōle kapa mehloling ea motlakase. Li-flood-light ha lia lumelloa. Ba bakang tšitiso kapa ba hlokomolohang melao leha e le efe e ka holimo ba lokela ho lokisa boemo ntle ho tika-tiko ha ba hlokomelisoa ka bona. Bahlokomeli kapa ba bang ba leng taolong ba tla ba seli haholo ho lokisa boemo leha e le bofe bo bontšang ho tlōloa ha litataiso tse leng mona, ’me ba lokela ho fumana tšebelisano e felletseng ea ba sebelisang thepa e joalo.

26 TŠEBELETSO EA LIJO: Tokisetso e nolofalitsoeng ea lijo ho tšoana le selemong se fetileng e entsoe bakeng sa 1990. E bebofatsa mosebetsi haholo le ho lumella nako bakeng sa ho hlokomela haholo likarolo tsa moea tsa kopano, basebetsi ba nolofalloa ho thabela boholo ba lenaneo. (Ex. 12:16b; Deut. 31:12; it Moq. 1 maq. 503-4, 821; bapisa Luka 10:38-42.) Ho tla ba le lijo tse lekaneng bakeng sa hoseng le motšehare oa mantsiboea. (Bapisa Mattheu 14:14-20.) E mong le e mong o lokolohile ho iketsetsa litokisetso tsa hae bakeng sa lijo tsa mantsiboea, le hoja lijo tse itseng li tla fumaneha kopanong.

27 Mokhatlo o ananela haholo kamoo lōna baena le bo-khaitseli le ileng la tšehetsa hantle ka teng litokisetso tsa lijo likopanong tsa setereke tsa lilemo tse fetileng. Hona ho ile ha thusa ho hiroeng ha libaka tse ntle tsa kopano le ho hlokomeloa ha litšenyehelo tse ling tsa kopano. Chelete ea ho hira libaka tse ling tseo re tšoarelang likopano ho tsona e eketsehile haholo lilemong tse ’maloa tse fetileng. Ka baka leo, menehelo leha e le efe e mabapi le ho koahela litšenyehelo tse joalo e ananeloa haholo. Menehelo leha e le efe bakeng sa litšenyehelo tsa pele ho kopano e ka romeloa ho Komiti ea Kopano ea Setereke sebakeng sa lōna.

28 TLOONG KOPANONG EA SETEREKE EA “PUO E HLOEKILENG”: Ka ho ba teng Kopanong ea Setereke ea “Puo e Hloekileng” le ho mamela lenaneo ka hloko, le tla utloisisa haholoanyane lebaka leo ka lona Jehova a re fileng puo e hloekileng le lebaka leo ka lona ka mehla re tlamehang ho lebela mekhoa leha e le efe ea boithati e ka sitisang ho ba bonngoeng ha rōna le baena ba rōna. Etsang litokisetso hona joale ho ba teng bakeng sa pina e bulang le ho ba teng mananeong ’ohle ho fihlela ka thapelo e koalang ka Sontaha motšehare oa mantsiboea.

[Lebokose le leqepheng la 10]

Likhopotso tsa Kopano ea Setereke

MAROBALO: Bahoeletsi ba bangata ba tla iketsetsa litokisetso tsa marobalo. Leha ho le joalo, haeba u batla hore tlhophiso ea kopano e u lokisetse marobalo ’me u e-s’o etse tokisetso ea marobalo, ka kōpo romella Foromo ea Kōpo ea hao ea Marobalo kapele-pele.

KOLOBETSO: Bakolobetsuoa ba lokela ho etsa boiteko ba ho ba litulong tsa bona sebakeng se khethetsoeng bona pele lenaneo le qala ka Moqebelo hoseng. E mong le e mong ea lokiselitseng ho kolobetsoa o lokela ho tla le liaparo tse bontšang bokhabane tsa ho kena metsing le thaole. Ka mor’a puo ea kolobetso le thapelo e etsoang ke sebui, molula-setulo oa lenaneo o tla fana ka litsebiso tse khutšoanyane ho bakolobetsuoa le ho tsebisa pina. Ha ho qaloa mola oa ho qetela, bahlokomeli ba tla lebisa bakolobetsuoa sebakeng sa ho qoelisoa kapa lipalangoeng tse tla ba isa moo, ha bamameli ba bang kaofela ba qetella pina. Kaha kolobetso pontšong ea boinehelo ba motho e le taba e tsoang botebong ba motho ebile e le ea botho pakeng tsa motho ka mong le Jehova, ha ho na tokisetso ea ho bitsoang kolobetso ea balekane eo ho eona bakolobetsuoa ba babeli kapa ba eketsehileng ba hakanang kapa ba tšoaranang ka matsoho nakong eo ba kolobetsoang.

TŠEBELETSO EA BOITHAOPO: Thuso ea boithaopo ea hlokahala bakeng sa tšebetso e phollatsi ea kopano ea setereke. Esita le haeba u ka tseba ho sebetsa karolo e le ’ngoe ea kopano, mosebetsi oa hao o tla ananeloa haholo. Haeba u ka tseba ho thusa, ka kōpo itlhahise Lefapheng la Tšebeletso ea Boithaopo ha u fihla kopanong. Bana ba ka tlaase ho lilemo tse 16 ba ka boela ba tlatsetsa tšebetsong e atlehileng ea kopano, empa ho hlokahala hore ba sebetse le motsoali kapa motho e mong e moholo ea ikarabellang.

LIPINA: Kaha ho bina ke karolo ea borapeli ba rōna, re khothalletsa bohle ho itloaetsa lipina tse latelang tseo e tlang ho ba karolo ea lenaneo: 148, 78, 217, 160, 191, 211, 69, 164, 111, 91, 144, 202, 33, 200, 79, 155, 61, 31, 42, 161, 45. Nakong eo le itlhakisang bakeng sa lipina tsena, re fana ka tlhahiso ea hore le sebelise litheipi tsa k’hasete tsa Mokhatlo.

LINAKO TSA MANANEO: Ke taba e bohlale le e bontšang kananelo ho ba litulong tsa rōna ha lenaneo le qala. Le tla ba ka 1:30 motšehare oa mantsiboea letsatsing la pele. Etsa litokisetso tsa ho lula ho fihlela mananeo a phethoa. Pina e koalang le thapelo li tla ba ka 4:00 motšehare oa mantsiboea letsatsing la ho qetela.

SEBOKA SA BETHELE: Ho tla ba le seboka letsatsing la bobeli la kopano bakeng sa bahoeletsi leha e le bafe ba inehetseng ba pakeng tsa lilemo tse 19 le 35 ba ka ratang ho kenela tšebeletso ea Bethele. Ho tla etsoa tsebiso kopanong mabapi le nako e tobileng le sebaka seo seboka se tla tšoareloa ho sona.

BOIPONAHATSO BA PULA-MALIBOHO: Bo-pula-maliboho bohle ba ka mehla le ba khethehileng, balebeli ba tsamaeang, baromuoa, le ba leng tšebeletsong ea Bethele ho tla hlokahala hore ba tle le karete ea bona ea Boiponahatso ba Tšebeletso ea Bopula-maliboho (S-202) kopanong. Ba bileng lethathamong ka likhoeli tse tšeletseng nakong ea kopano ea setereke eo ba eang ho eona ba ka fumana litekete tse lekanang R22 ka ho hlahisa karete ea bona. Hlokomela karete ena joaloka chelete. U ke ke ua nehoa e ’ngoe kopanong. Bo-pula-maliboho ba tla fumana litokollo leha e le life tsa mahala kapa libuka ka theko ea bo-pula-maliboho sebakeng sa libuka feela.

LIBECHE: Ka kōpo qhoaela beche e etselitsoeng kopano ka ho khethehileng, ha u ea kapa u khutla sebakeng sa kopano. Hangata sena se re nolofalletsa ho fana ka bopaki bo botle ha re ntse re tsamaea. U lokela ho iphumanela libeche ka phutheho ea lōna, hobane li ke ke tsa fumaneha kopanong. Beche ke 5c e le ’ngoe ’me sekoahelo sa polastiki ke 50c se le seng.

TLHOKOMELISO: Ho sa tsotellehe hore na u emisa koloi ea hao hokae, u lokela ho e notlela ka linako tsohle ’me le ka mohla u se tlohele letho le bonahalang ka har’a eona. Notlella lintho tsohle tsa hao sebakeng se bolokang lithoto sa koloi, haeba ho etsahala. Hape, hlokomela masholu le bak’hothotsi, ba hoheloang ke liboka tse khōlō. Sena se kopanyelletsa ho se tlohele letho la bohlokoa le sa hlokomeloa litulong tsa kopano. Ka kōpo hlokomelang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela