Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/90 leq. 2
  • Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
  • Lihloohoana
  • BEKE E QALANG KA OCTOBER 1
  • BEKE E QALANG KA OCTOBER 8
  • BEKE E QALANG KA OCTOBER 15
  • BEKE E QALANG KA OCTOBER 22
  • BEKE E QALANG KA OCTOBER 29
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
km 10/90 leq. 2

Liboka Tsa Tšebeletso

BEKE E QALANG KA OCTOBER 1

Pina 92

10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rona ea ’Muso. Tlaleho ea tšimo e sa abuoang ka September. Akarelletsa le phihlelo e hahang. Khothalletsa bohle ho etsa boiteko bohle ho tšehetsa litokisetso khoeling ea ho qetela. Etsa tlhahiso ea linehelano tse peli tsa Tsoha! tse tla lokela tšimo ea sebaka sa lōna.

20 mets: “Tsoela Pele ho Ruta U sa Phetse.” Puisano le lipontšo. Ka mor’a ho buisana ka serapa 2, ere bo-pula-maliboho kapa bahoeletsi ba nang le phihlelo ba etse pontšo ea kamoo ho ka nehelanoang ka peeletso ho motho ea bontšang thahasello ea sebele molaetseng oa ’Muso. Haeba motho eo a rata ho fumana (li)makasine ka mehla, re tla thabela ho mo etsetsa peeletso e le hore a ka amohela limakasine ka poso. Haeba a sa batle ho etsa peeletso, nehelana ka litokollo tsa morao-rao tsa limakasine ’me u kōpe ho khutla le ho buisana ka boitsebiso bo eketsehileng ba Mangolo bo khothatsang. Molula-setulo o bontša tlhokahalo ea ho ba masene ha ho nehelanoa ka peeletso. Ha ho hlokahale ho bolela hore limakasine li ka fumanoa ka nako ea bolelele bo itseng ka ho khetheha, joaloka selemo se le seng. Peeletso ea likhoeli tse tšeletseng e lokela ho haha kananelo ea motho eo molaetseng oa ’Muso o hatisitsoeng makasineng le ho re thusa ho hlokomela hore na o thahasella e le ka ’nete kapa che. Ka mor’a lirapa 3 le 4, ere bahoeletsi ba babeli ba chesehang ba hlahlobe hore na ba tla sebelisa litlhahiso tsena joang ka October le likhoeling tse tlang.

15 mets: “Sebelisa Menyetla ea ho Paka Lehlabula.” Sehlooho se akaretsoe ka lipotso le likarabo.

Pina 195 le thapelo e koalang.

BEKE E QALANG KA OCTOBER 8

Pina 215

5 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litaba tsa Puso ea Molimo.

20 mets: Batsoali, Le se ke la Halefisa Bana ba Lōna. Puo le pontšo e theiloeng maqepheng 12 le 13 a Tsoha!, February 8, 1990, le lihloohoana “Ho Khothaletsa Ngoana oa Hao ho Itlhalosa” le “Ho Utloisisa Litlhokahalo tsa Bacha” khaolong ea 11 bukeng ea Bophelo ba Lelapa. Hatisa tlhokahalo ea hore batsoali ba utloisise e mong le e mong oa bana ba bona le ho ba thusa ho hōla moeeng le ka litsela tse ling. Qetellong ea thuto ea Bibele, etsa pontšo ea kamoo motsoali a babatsang bana ka boiteko ba bona. Ho ka bontšoa thahasello mosebetsing oa bona oa sekolo ka ho fana ka khothatso le ho ba thusa likarolong tseo ba nang le mathata ho tsona. Molula-setulo o phetha ka ho hatisa tlhokahalo ea ho hopolela ngoana se molemo ka linako tsohle.

20 mets: “Finyella Lipelo ka Lithuto tse Atlehileng tsa Bibele.” Sehlooho se buisanoe ka lipotso le likarabo. Ha le buisana ka lirapa 3 le 5, etsa pontšo e tšoanelang maemo a sebaka sa lōna. Hatisa lintlha tse loketseng tokollong ea March 15, 1985, ea Molula-Qhooa.

Pina 43 le thapelo e koalang.

BEKE E QALANG KA OCTOBER 15

Pina 132

10 mets: Litsebiso tsa phutheho le tlaleho ea lichelete. Akarelletsa le liteboho tsa Mokhatlo ka menehelo, ’me u lebohe le tšehetso ea lichelete bakeng sa litlhoko tsa phutheho ea lōna. Ka bokhutšoanyane buisana le lelapa le lokisetsang ho kopanela mosebetsing oa tšebeletso ea tšimo bofelong ba beke kaofela, u totobatse litokisetso tse ka thusang ba bang.

17 mets: “Ho Haha Likamano tse Haufi tsa Lelapa.” Puo ka moholo, ’me bamameli ba kopanele mona le mane. Akarelletsa le litlhahiso mabapi le se ka etsoang sebakeng sa lōna ho haha litšoaneleho tsa moea ho litho tsa lelapa le ho thusa bohle ho thabela mosebetsi oa tšebeletso ea tšimo.

18 mets: “U Memeloa Kopanong ea Setereke ea 1990 ea ‘Puo e Hloekileng’!”—Karolo ea Pele. Buisana le bamameli ka lirapa 1-15 tsa kenyelletso, ’me ka bokhutšoanyane u hlahlobe “Likhopotso tsa Kopano ea Setereke.”

Pina 42 le thapelo e koalang.

BEKE E QALANG KA OCTOBER 22

Pina 31

8 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleha ka tsoelo-pele ea phutuho ea peeletso ea Tsoha!

20 mets: “U Memeloa Kopanong ea Setereke ea 1990 ea ‘Puo e Hloekileng’!”—Karolo ea Bobeli. Buisana le bamameli ka lirapa 16-28 tsa kenyelletso. Hatisa melao-motheo ea Mangolo e lokelang ho laola boitšoaro ba rōna likopanong. Khothalletsa baena ho hlahloba kenyelletso le liithuti tsa Bibele le ho li thusa ho etsa litokisetso tsa ho ba teng.

17 mets: “Ho Nehelana ka Taba tse Molemo—Ka ho Buisana le Batho.” Boitsebiso bo buisanoe ka lipotso le likarabo. Etsa lipontšo tse peli tse lokiselitsoeng hantle ho bontša kamoo ho ka qalisoang lipuisano le batho malapeng le ha ho fumanoa batho ba se malapeng.

Pina 20 le thapelo e koalang.

BEKE E QALANG KA OCTOBER 29

Pina 128

5 mets: Litsebiso tsa phutheho.

15 mets: Ho Lokisetsa Esale Pele Bakeng sa Linako tse Monate tsa Moea. Molebeli ea okamelang o buisana le bamameli ka litokisetso tseo ho hlokahalang hore li etsoe bakeng sa likhoeli tse tlang, ho akarelletsa ho ba teng kopanong eo ba abetsoeng ho ea ho eona (marobalo, litokisetso tsa ho tsamaea, nako ea ho ba sieo mosebetsing, ho itokisetsa kolobetso ha ba tla ea kolobetsong, joalo-joalo), le ho ba bo-pula-maliboho ba thusang. Nako ea matsatsi a phomolo e fana ka monyetla oa tšebeletso e eketsehileng ho bacha ba leng phomolong. Etsang hore lena e be lehlabula leo le tla le hopola ka ho lokisetsa ka bohlale hona joale.

10 mets: Litlhoko tsa phutheho. Kapa “Na U Tla Tsoela Pele u Tsamaea ’Neteng?” Puo e theiloeng ho Molula-Qhooa, September 1, 1990, maqephe 29-31.

15 mets: Itokisetse Tšebeletso ka November. Buisanang ka lintlha tse thahasellisang tse ka lokelang ho sebelisoa tšimong ea lōna ha le nehelana ka buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang le “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha” kapa Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? Etsa pontšo ea kamoo mohoeletsi a ka buang le mong’a ntlo ka bohlokoa ba ho bala Bibele. A ka sebelisa 2 Timothea 3:16, 17 ho bontša hore Lentsoe la Molimo le bululetsoe ’me le molemo, ho latele Johanne 17:3 ho totobatsa molemo o tobileng. Hokahanya le mpho ea buka ea November.

Pina 8 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela