Liboka Tsa Tšebeletso
BEKE E QALANG KA FEBRUARY 4
15 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rona ea ’Muso ka molebeli ea okamelang. Khothalletsa bohle ho odora limakasine tse eketsehileng bakeng sa letsatsi le khethehileng la limakasine la 6 April. Tsebisa phutheho ka litokisetso tse seng li entsoe tsa hore bohle ba kopanele mosebetsing oa limakasine letsatsing lena. Ha nako e lumela, etsa litlhahiso ka litsela tsa ho nehelana ka limakasine tsa morao-rao tšimong ea sebaka sa lōna. Ba khothalletse ho kopanela tšebeletsong ea tšimo mafelo-bekeng ana.
15 mets: “Ka Sebete Fetisa Memo ea Hore “Tloo!” Puisano ka lipotso le likarabo le lipontšo. Akaretsa boitsebiso bo leng sehlohong sa Tšebeletso ea Rona ea ’Muso, totobatsa ho sebelisoa ha temana ea selemo, Tšenolo 22:17. Etsa lipontšo tse peli tse khutšoaane ho etsa tlhahiso ka litsela tsa ho nehelana ka mpho ea buka tšimong ea sebaka sa lōna.
15 mets: “Ho Tloaelana le Litokollo tse Ncha tsa Kopano.” Puisano e tobileng le bamameli, hatella lintlha tse ling tsa sehlooho tokollong ka ’ngoe tse tlang ho ba molemo sebakeng sa lōna. Baena ba se senye nako ho etsa hore boitsebiso bona e be ba bona.
Pina 20 le thapelo e koalang.
BEKE E QALANG KA FEBRUARY 11
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Kopanyelletsa mantsoe a kananelo bakeng sa menehelo e mosa ea phutheho bakeng sa ho hlokomela litlhoko tsa phutheho, bolella baena ka liteboho tsa Mokhatlo ka menehelo e rometsoeng.
20 mets: “Ho Nehelana ka Taba tse Molemo—Ka ho Paka Seterateng.” Lipotso le likarabo. Etsa lipontšo tse peli kapa tse tharo tse khutšoaane ho bontša lintlha tseo bahoeletsi ba ka tsebang ho li sebelisa ho paka seterateng bekeng ena.
15 mets: Etsa Litokisetso tsa ho ba Pula-maliboho ea Thusang Nakong ea Sehopotso. Puo e khothatsang e nang le boitsebiso bo thusang ba lakatsang ho ba bo-pula-maliboho ba thusang ka March kapa April kapa likhoeling tsena ka bobeli. Bua ka taba e tlas’a Litsebiso e mabapi le bopula-maliboho bo thusang le ho odora limakasine tse eketsehileng. Hlalosa litokisetso tseo phutheho le batho ka bomong ba ka li etsang ho khothatsa le ho thusa ba tla beng ba bula maliboho nakong ea Sehopotso. Liphutheho tse batlang tšimo e eketsehileng li ka sebetsa tšimong e sa abuoang eo li e koahetseng selemong se fetileng. Liforomo tsa kōpo ea bopula-maliboho bo thusang li lokela ho fumaneha ho ba tla etsa likōpo sebokeng se latelang. Bolela hore March e na le mafelo-beke a mahlano le hore ho ka etsoa boiteko bo khethehileng ba ho memela batho moketeng oa Sehopotso ka la 30 March le puong e khethehileng ka la 7 April. Hape hatella letsatsi le khethehileng la limakasine ka la 6 April.
Pina 130 le thapelo e koalang.
BEKE E QALANG KA FEBRUARY 18
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Karolo ea Lipotso. Bontša bohlokoa ba hore bahoeletsi bohle ba tsebe lebitso le nepahetseng la phutheho ea bona le hore ba tsebe bonyane mabitso a baholo ba bang leha ba sa a tsebe kaofela. Khothalletsa ho kopanela ka botlalo tšebeletsong ea tšimo mafelo-bekeng ana ’me mohlomong u fane ka lintlha tse ka sebelisoang limakasineng tsa morao-rao.
15 mets: “Ho Phethahatsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso Joaloka Lipaki tsa Jehova.” Moena ea tšoanelehang ho ruta o bua ka boitsebiso bo fanoeng ’me o etsa pontšo ka litšobotsi tse boletsoeng tsa ho ntlafatsa tšebeletso ea rōna.
20 mets: “Karolo eo U e Phethang ho Aheng Bakeng sa Nako e Tlang.” Boitsebiso bo leng kenyelletsong bo akaretsoe ka lipotso le likarabo. Babatsa baena ka menehelo e mosa bakeng sa Letlole la Mokhatlo la Kaho ea Liholo tsa ’Muso le tšehetso eo ba e nehileng merero leha e le efe ea kaho sebakeng sa lōna.
Pina 211 le thapelo e koalang.
BEKE E QALANG KA FEBRUARY 25
10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litaba tsa Puso ea Molimo. Etsa tlhahiso le lipontšo tse loketseng tsa ho nehelana ka limakasine. Ba khothalletse ho kopanela tšebeletsong ea tšimo mafelo-bekeng ana.
15 mets: “Kamoo Jehova a Atlehisang Mosebetsi oa Hae ka Teng.” Puo e thehiloeng sehlohong sa Molula-Qhooa oa December 1, 1990, maqephe 22-5.
20 mets: Ho Lokisetsa Tšebeletso ka March. Ka March re tla be re nehelana ka buka Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! Re filoe litlhahiso tse babatsehang hakaakang tsa ho nehelana ka buka ena tokollong ea Tšebeletso ea Rona ea ’Muso ea February 1989. Bua ka litlhahiso tse ling tse ka ipakang li le molemo ho bahoeletsi mafelo-bekeng ana. Etsa pontšo ea ho nehelana ka buka ena.
Pina 63 le thapelo e koalang.