Karolo eo U e Phethang Ho Aheng Bakeng sa Nako e Tlang
1 Kajeno Bakreste ba tsoela pele ho hlokomela mosebetsi oa kaho ea moea oo Jesu a o qalileng lilemong tse fetileng tse ka bang 1960 ha a ne a qala ho bokella barutuoa. (Matt. 4:17; 7:24, 25, 28; Joh. 7:46) Jehova o hlohonolofalitse mosebetsi ona haholo. (Liprov. 10:22) Ha re ntse re tsoela pele ho phatlalatsa ’Muso oa Molimo, re boetse re ahela ho hlokomela keketseho ea nako e tlang.—Moek. 11:6.
2 Le hoja Liholo tse ling tsa ’Muso tsa khale li tlameha ho nchafatsoa, ho hlokahala liholo tse ling tse eketsehileng hore li lekane liphutheho tse ncha le tse seng li ntse li le teng. Ho hlokahala tšehetso ea chelete le basebetsi ba baithaopi e le hore merero ena ea kaho e ka phethoa ka katleho. Boikutlo bo babatsehang ba kholiseho ba baena mabapi le ho khotsofatsa tlhoko ena bo putsoa ka ho enneng.—Pes. 41:1; Liprov. 19:17; Moek. 11:1; Luka 14:13, 14.
THUSO E LERATO EO BA BANGATA BA FANANG KA EONA
3 Re bonahatsa lerato la rōna bakeng sa “mokhatlo ’ohle oa baena” ka ho etsa menehelo e tšehetsang Letlōle la Mokhatlo la Liholo tsa ’Muso. (1 Pet. 2:17, NW) Empa tlhokahalo e ntse e tsoela pele ho hōla ha mosebetsi oa ho bokella batho o ntse o fetoha o potlakileng haholoanyane. Kahoo Jehova o ntse a tsoela pele ho hlohonolofatsa tokisetso ena, ’me baholo ba lokela ho kholiseha hore lebokose la monehelo bakeng sa Letlōle la Mokhatlo la Liholo tsa ’Muso le khetholloa ka ho hlakileng le hore lea fumaneha hore bohle ba le sebelise. Menehelo e amoheloang hammoho le chelete e amoheloang ha ho lefshoa lichelete tse alimiloeng e sebelisetsoa ho aha Liholo tsa ’Muso tse ncha.
4 Mokhatlo, hammoho le liphutheho tsohle tse ruang molemo tokisetsong ena, o bontša kananelo e tebileng ho batho ba bangata le malapa ao ka mehla a etsang menehelo e tšehetsang Letlōle la Mokhatlo la Liholo tsa ’Muso. Liphutheho tse ngata li entse liqeto tsa ho etsa menehelo e tšehetsang letlōle lena. Lipotoloho tse ling le tsona ka lerato li entse liqeto tse tšoanang. Ha e le hantle, re thaba haholo ho tlaleha hore hona joale liphutheho tse 504 ho tse 1195 li tšehelitse letlōle lena. Kaha ke tokelo ho thusa baena ba rōna, na liphutheho tse ling le tsona ha lia lokela ho nahana ka botebo hore li etse se tšoanang? Sena se tla eketsa chelete e teng ka potlako e khōloanyane, e leng ho tla nolofalletsa liphutheho tse eketsehileng hore li rue molemo.
HO HLOKAHALA BAITHAOPI BA EKETSEHILENG
5 Na u na le tsebo ea mosebetsi oa kaho? Haeba ho joalo, ebile ua fumaneha hore u ka thusa ka kaho ea Liholo tsa ’Muso, u ka tsebisa baholo ba sebaka sa heno kapa molebeli oa potoloho ka sena. Ho hlokahala basebetsi ba baithaopi ba nang le tsebo ho pholletsa le naha ena eohle. Hona joale ha ho na litsebi tse ngata tsa mosebetsi oa matsoho tseo e leng liahi, ho bolelang hore boikarabelo ba ho aha Holo ea ’Muso bo jaroa ke baena ba fokolang feela. Baena bana ba na le boikemisetso, empa ba utloa khatello ea lintho tse ngata haholo tseo ba lokelang ho li etsa. Ka ntle ho moo ba boetse ba na le litlameho tse ling, tse kang lelapa le boikarabelo ka phuthehong. Kahoo ho phahama potso, Re ka fumana liahi tse eketsehileng tse tšoanelehang hokae? Re ka li fumana ka ho li koetlisa!
6 Re ipiletsa ho bohle, empa haholo-holo ho baena ba bacha ba matla ’meleng, hore ba tsebise baholo ba habo bona kapa molebeli oa potoloho ka takatso ea bona ea ho sebeletsa. Komiti ea Kaho ea Lebatooa e tla le fa koetliso ea ho rutoa mosebetsi le se le ntse le o etsa. Tsebo ea ho aha e ka fumanoa kapele. Ha ho ne ho ahoa lehae la Bethele Roodekrans re ile ra ba le khaello e khōlō ea litsebi tsa mosebetsi oa matsoho, kahoo re ile ra koetlisa baena ba se nang phihlelo hore e be liahi tse ahang ka setene, ba lile mabota ka samente, ba kenye lipeipi tsa metsi, e be babetli, joalo-joalo. Esita le bo-khaitseli ba ile ba koetlisoa hore ba be le tsebo ea ho kenya lithaele le ho ferefa, ’me ka sebele ba ile ba sebetsa hantle haholo.
7 Re khothalletsa Likomiti tsa Kaho tsa Lebatooa hore li tsose cheseho ea baena. E reng banna ba tšoanelehang ba koetlise baena le bo-khaitseli ba nang le boikemisetso. Le hoja qalong sena se ka ’na sa liehisa mosebetsi, ka mor’a nako ho tla ba le banna ba tšoanelehang ba eketsehileng ba tla hlokomela merero e mengata. Sena se tla etsa hore boima ba mosebetsi bo abjoe ka ho lekana haholoanyane ’me se tla potlakisa lenaneo la kaho. Molemo o mong o eketsehileng ke hore ho thabisa ka ho fetisisa ho sebetsa hammoho le balumeli-’moho ha ho ahoa Liholo tsa ’Muso tse ntle.
8 Kahoo, ke hobane’ng ha u sa itlhahise HONA JOALE hore u sebelisoe. U tla fumana koetliso tšobotsing e itseng ea kaho u ntse u hopola hore Esaia 65:21, 22 e bontša hore tsebo ea hao e tla boela e sebelisoe lefatšeng le lecha.
KAROLO E PHETHOANG KE LIKOMITI TSA KAHO TSA LEBATOOA
9 Likomiti tsa Kaho tsa Lebatooa tse 22 li fana ka thuso methating eohle ea ho etsa moralo le kaho. Baena ba sebeletsang likomiting tsena ke baholo ba nang le phihlelo, ’me ba ka fana ka litlhahiso tsa bohlokoa bakeng sa ho aha Liholo tsa ’Muso tse itekanetseng le tse khahlehang hammoho le ho boloka nako le chelete. Ka baka la phihlelo ea bona, ba ka thusa baholo ba sebaka ka seng ho etsa qeto ea hore na ho ka ba molemo ho nchafatsa Holo ea ’Muso e seng e ntse e le teng kapa ho aha e ncha, ’me ba ka ba thusa ho etsa qeto pele ba reka setša se itseng hore na setša seo ba rerang ho se sebelisa bakeng sa kaho e ncha se loketse kapa che. Ba ka boela ba thusa baholo ho lekanyetsa ka ho nepahetseng litšenyehelo tsa kaho le hore na Holo ea ’Muso e seng e ntse e le teng e ka ’nang ea rekisoa e ka bitsa bokae.
10 Nako e telele pele ho rekoa setša, ke ntho e bohlale hore baholo ba ikopanye le Komiti ea Kaho ea Lebatooa. Likomiti tsena li abetsoe hore li thuse ka kaho ea Liholo tsa ’Muso sebakeng se khethiloeng, ’me li ka thusa bakeng sa ho reka setša. Li na le tataiso e thusang baena ho qoba mathata ao ba ka ’nang ba thulana le ’ona bakeng sa ho fumana setša. Molebeli e mong le e mong oa potoloho o fuoe lebitso, aterese, le nomoro ea thelefono ea molula-setulo oa komiti ’me a ka arolelana boitsebiso bona le baholo ba sebaka ka seng ha ho hlokahala.
11 Ha baholo ba sebaka ka seng ba khetha setša bakeng sa kaho ea Holo ea ’Muso motseng o nang le liphutheho tse fetang e le ’ngoe, ba lokela ho tšohla taba ena le Komiti ea Kaho ea Lebatooa, (ba)molebeli oa potoloho, molebeli oa motse, mohlomong le baholo ba liphutheho tse haufi. Sena se ka ’na sa thusa baholo ba sebaka ka seng ho khetha setša se tla ruisa (li)phutheho e amehang molemo morerong oa nako eo mohlomong le ho qoba maemo a tšubuhlellano Liholong tsa ’Muso tse haufinyane, athe hape ho tla fana ka monyetla oa khōlo ea nakong e tlang sebakeng seo. Libakeng tsa litoropo, hangata Holo ea ’Muso e le ’ngoe e sebelisoa ke liphutheho tse tharo kapa ho feta. Esita le libakeng tse se nang baahi ba bangata, ho ka ’na ha khethoa sebaka se tla sebeletsa liphutheho tse peli kapa ho feta. Re khothalletsa liphutheho hore li sebelise Liholo tsa tsona tsa ’Muso ka botlalo.
12 Likomiti tsa Kaho tsa Lebatooa li fana ka tšebeletso ea bohlokoa ha li thusa liphutheho tsa sebaka ka seng ka ho nchafatsa meaho ea tsona le merero e mecha ea kaho li sebelisa tataiso e fanoeng ke Mokhatlo. Nakong ea kaho, ho lokisetsoa hore baithaopi ba be teng feela nakong eo ba tla beng ba hlile ba hlokahala ka eona setšeng sa kaho e le hore ba tle ba se ke ba fosa ho kopanela libokeng le tšebeletsong ea tšimo ea liphutheho tsa habo bona. Komiti e ’ngoe ea Kaho ea Lebatooa e itse: “Ka boiteko ba rōna bo sa khaotseng ba ho sebelisa tataiso ea Mokhatlo, re thusitsoe hore re bebofatse mosebetsi le ho potlakisa mekhoa ea kaho.” Tlhophiso le tsebo tse ithutoang mererong ena li tla thusa kahong ea Liholo tsa Kopano le ho thusa baena ho tsosolosa meaho ka mor’a likoluoa tsa tlhaho. Ha e le hantle, baithaopi ba bang ba koetlisitsoeng ke Mokhatlo ba ile ba thusa ho aha ofisi ea bafetoleli e Windhoek ’me ba bang ba tla sebelisoa ha ho etsoa katoloso e ncha ea Bethele.
13 Bohle ba ka bonahatsa tholoana ea mosa ka ho sebelisana ’moho le ba ikarabellang mosebetsing oa kaho. Ka tsela ena mosebetsi o hlokahalang o ka ‘phethoa ka botlalo’ le ho etsoa “ka thabo, e seng ka hlomoho.” (Lik. 14:26; Ba-Heb. 13:17) Komiti e ’ngoe ea Kaho ea Lebatooa e ile ea tlaleha tjena: “Tšebelisano-’moho e neng e le teng pakeng tsa liphutheho tse peli tsena e ne e le e sa tloaelehang. . . . Baena bohle ba ne ba bonahatsa hore ba hōlile moeeng. Ho sebetsa hammoho le bona ho ne ho tlisa thabo. E bile morero oa kaho oo re tla ’ne re o hopole.”
HO TŠEHETSA MERERO EA KAHO EA LIHOLO TSA ’MUSO KA CHELETE
14 Litokisetso bakeng sa tšehetso leha e le efe e hlokahalang ea chelete li lokela ho etsoa ho tloha sethathong. (Luka 14:28-30) Baholo ba lokela ho etsa qeto ka matla a phutheho a ho lefa litšenyehelo tse amehang ka ho etsa tlhahlobisiso ho rera hore na (1) ho tla etsoa monehelo oa bokae e le kakaretso ea chelete e tla thusa ha ho rekoa setša le ho koahela litšenyehelo tsa kaho, (2) hore na ho ka alingoa bokae sebakeng ka seng le bolelele ba nako eo chelete e tla fumaneha ka eona, le (3) hore na bahoeletsi ba nahana ho nehelana ka bokae khoeli le khoeli ho lefa chelete leha e le efe e hlokahalang ea kalimo ho phaella ho hlokomeleng litšenyehelo tse tloaelehileng tsa mosebetsi.
15 Ka mor’a moo, baholo ba liphutheho tse lakatsang ho fumana thuso ea chelete Letlōleng la Mokhatlo la Liholo tsa ’Muso ba lokela ho tšohla morero oa kaho oo ba ntseng ba o rera le litlhoko tsa chelete le molebeli oa potoloho, ea ka ba thusang ka ho tsebisa Mokhatlo litlhoko tsa bona le lintlha tse qaqileng tsa morero oo. Ka mor’a hore molebeli oa potoloho a romelle boitsebiso Mokhatlong, ho tla romelloa mangolo liphuthehong tse amehang ka ho toba. Thuso ea chelete e fanoa mohato ka mohato ha chelete e ntse e e-ba teng le ho latela tlhoko e teng.
BOLOKA MOEA OA CHESEHO
16 Bohle ba babatsoa ka ho tšehetsa ha bona Letlōle la Mokhatlo la Liholo tsa ’Muso ka seatla se bulehileng. Litlhaloso tsa kananelo li ’nile tsa amoheloa li tsoa liphuthehong tse ’nileng tsa thusoa. ‘Lintho li etsoa ka ho lekana’ liphuthehong. (2 Ba-Kor. 8:14, 15) Liphutheho tse ’nè tsa sebakeng se seng li ngotse: “Re ananela lenaneo le letle joalo haholo, ebile re leboha haholo baena bohle ba bangata ba nang le liatla tse bulehileng ba ’nileng ba etsa menehelo e tšehetsang Letlōle la Mokhatlo la Liholo tsa ’Muso . . . Kannete, lerato le ikhethang la Bokreste le ’nile la bonahatsoa molemong oa rōna. Ka kōpo amohelang liteboho tsa rōna bakeng sa thuso eohle ea lōna ho etsa hore morero ona oa ho aha Holo ea ’Muso o atlehe.” Phutheho e ’ngoe e Natala e ngotse: “Ka hona baena morero oa lengolo lena ke ho le leboha haholo ka ho re alima chelete e le hore re ikahele holo. Baena, hoja e se ka kalimo ena eo re e nkang e le ea bohlokoa haholo, re ka be re sa ka ra khona ho aha Holo ea ’Muso. Kahoo baena, hang hape re re ‘Re Leboha’ haholo.”
17 Nakong ea ha ho ahoa Holo ea ’Muso e ncha, mafolo-folo, cheseho, le moea oa kholiseho li tlatsetsa ho etseng hore morero oo o atlehe. Moea oona ona o lokela ho tsoela pele ha re ntse re batla ho tlisa batho ba bang ba eketsehileng tsebong ea ’nete le ho ba khothalletsa ho kopanela le rōna Holong ea ’Muso. Cheseho e joalo ke pontšo e hlakileng ea kananelo e tlisang keketseho e hlokomelehang palong ea ba bang teng libokeng le khōlong e akaretsang ea phutheho.
18 Ha re ntse re tsoela pele ho atolosa tšebeletso ea rōna, re ikitlaetsa ka matla mosebetsing oo re ntseng re o etsa, ha ho pelaelo hore tlhohonolofatso ea Jehova e tla tsoela pele e e-na le rōna. (Luka 13:24) Ha re tsebe hore na re tla fumana khōlo le keketseho tse kae nakong e tlang. Empa ho hlokahala hore re itokisetse ho amohela keketseho leha e le efe ea barapeli nakong e tlang. Sena se hloka hore re lokisetse hona joale. Ka hona, re rapella tlhohonolofatso le tataiso e tsoelang pele ea Jehova. Ha re aha bakeng sa nako e tlang, e se eka bohle re ka ba basebetsi-’moho le Jehova—nameng, ka lintho tse bonahalang, le moeeng. Ka sebele o tla re hlohonolofatsa ha re hlokomela ka ho loketseng ba phallelang mokhatlong o hlophisitsoeng oa ’Muso oa hae karolong e qetellang ea mehla ena ea qetello.—Esa. 60:8, 10, 11, 22.