Karolo ea Lipotso
● Ke hobane’ng ha ho khothalletsoa hore bahoeletsi ba sebetse le phutheho e tšimong eo ba lulang ho eona?
Karolo ea Lipotso e ho Tšebeletso ea Rona ea ’Muso ea November 1990 e ile ea tšohla potso ena ka botlalo. Re batla ho bontša kananelo bakeng sa karabelo e ntle eo baena ba e bontšitseng mabapi le sehlooho sena. Litlaleho tse amohetsoeng tse tsoang ho balebeli ba ’maloa ba potoloho li bontša hore baholo ba ’maloa le bahlanka ba sebeletsang ba ile ba etella pele ho kopanela le phutheho e tšimong eo ba phelang ho eona. Bahoeletsi ba bangata ba ile ba latela mohlala oa bona o motle. Ka hona, morero oa sehlooho sena ke feela ho hopotsa baena kaofela ka tataiso eo Mokhatlo o faneng ka eona tabeng ena.
Ke habohlokoa ho etsa lintho ka tsela e laolehileng le ea puso ea Molimo. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Hobane Molimo, hase Molimo oa mofere-fere, empa ke oa khotso. . . . Lintho tsohle a li ke li etsoe ka nepo le ka tlhophiso.”—1 Ba-Kor. 14:33, 40, NW.
Le hoja ho ka ’na ha ba le mekhelo ka lebaka la mathata a lipalangoang, likemiso tsa mosebetsi oa boipheliso, kapa tlhoko ea ho thusa tabeng ea bolebeli, hangata ho molemo ho kopanela le phutheho e leng tšimong eo re phelang ho eona. Hona ho etsa hore tšebeletso ea tšimo e be bobebe, ’me ha ho hlokahale hore re tsamaee leeto le lelelele ho ea sebetsa le sehlopha se seng tšimong ea rōna. Ho re beha boemong bo molemonyana ba ho sebetsa le ba bang ba phuthehong ea rōna le ho lebisa ba sa tsoa thahasella libokeng tseo ho leng bobebe hore ba ee ho tsona. ’Me ho re boloka re le haufi le baena ba bang le bo-khaitseli ba leng sebakeng sa rōna ba ka re thusang ha ho hlokahala.
Ka ho sebetsa ka boikokobetso re ipapisitse le litokisetso tse entsoeng, re bontša hore re etelletsa lithahasello tsa ’Muso pele. (Luka 16:10) Ha ho theoa phutheho e ncha, kapa ha Lithuto tsa Buka ea Phutheho li hlophisoa bocha, re ka ’na ra ikhethela ho sala le metsoalle e itseng. Empa ka ho amohela tokisetso e ncha, re ka etsa metsoalle e mecha ’me ra atolosa botsoalle ba rōna ba bomolimo. Hape, ho bobebe ho baholo ho alosa mohlape le ho ntlafatsa boemo ba moea ba phutheho ha bahoeletsi ba le tšimong ea phutheho eo ba kopanelang le eona.