Ho Nehelana ka Taba Tse Molemo Tšimong e Sebetsoang Khafetsa
1 Ho paka tšimong e sebetsoang khafetsa ho hlahisa liphephetso tse khethehileng. Ke joang u ka bolokang molaetsa o le mocha o bile o ipiletsa? Ho ka atameloa ba bonahalang ba entse qeto ea hore ho hang ha ba thahaselle joang? Re ka re’ng ho ba bolelang hore re ba etela hangata haholo?
KHOLISEHA
2 Ho fapana le kamoo ba bang ba ka ’nang ba nahana ka teng, hangata tšimo e sebetsoang khafetsa le ka ho phethahetseng e hlahisa litholoana tse molemo ho feta eo re sa e sebetseng khafetsa. Kahoo e ’ngoe ea litšitiso tsa pele tseo re lokelang ho li hlōla ke ho ba le monahano leha e le ofe oa ho hloka tšepo ka ho etela malapeng a le mang hangata. Ho hlokahala hore batho ba fuoe monyetla o mong le o mong oa ho utloa molaetsa oa ’Muso. E ka ba phoso ha re ka etsa qeto ea hore Jehova o ahlotse ba sa arabelang hantle molaetseng oa rōna ho sa tsotellehe hore na re ba etetse ka makhetlo a mangata hakae hore ha ba tšoanelehe.
3 Ho bontša kutloelo-bohloko ke habohlokoa ka ho khethehileng tšimong e sebetsoang khafetsa. Ho ba le molaetsa o tobileng o buang ka se amang batho tikolohong eo ba phelang ho eona ho ka hlahisa karabelo e ntle ho bao e ka ’nang eaba ba ne ba ke ke ba mamela. Na u lula u tseba liketsahalo tsa morao-rao, ’me na u ikemiselitse ho bontša batho kamoo molaetsa oa Bibele u ka ba thusang ho sebetsana le mathata ao ba tobaneng le ’ona?
FETO-FETOLA KATAMELO EA HAO
4 Feto-fetola katamelo ea hao tšimong e sebetsoang khafetsa. Ka lekhetlo le leng u ka ’na ua sebelisa pampitšana e le karolo ea kenyelletso ea hao. Ka lekhetlo le leng u ka fetola e ’ngoe ea likenyelletso tse fetang 40 tse hlahisitsoeng bukeng ea Ho Bea Mabaka maqephe 9-15 hore e sebetsane le mathata a sebakeng sa lōna. Mohlomong u ka bua ka ketelo ea hao ea nakong e fetileng sebakeng seo, ka hona u tla etsa hore mong’a ntlo a se ke a sebelisa lebaka leo e le khanyetso. Haeba u ile ua ela hloko tlhaloso e utloahalang e ileng ea etsoa ke mong’a ntlo ketelong ea hao ea nakong e fetileng, u ka sebelisa tlhaloso e joalo e le motheo oa puisano e tsoelang pele e hapang thahasello.
5 Nka batho joalokaha Jehova a etsa, ’me u ’ne u tsoele pele u bontša kameho ho bao e ka ’nang eaba ba ile ba re bolella hore ho hang ha ba thahaselle. Jehova o ile a ipiletsa ka makhetlo-khetlo ho sechaba sa hae sa boholo-holo ho sa tsotellehe ho iphapanyetsa ha sona baromuoa ba hae. (2 Likron. 36:15; Jer. 7:13) Ba bangata bao ka nako e ’ngoe ba neng ba ikutloa hore ha ba thahaselle ke baena le bo-khaitseli ba rōna kajeno. Esita le bahanyetsi ba matla ba tlisitsoe ’neteng. Hona joale ba leboha hore ebe ka mamello e mong o ile a tsoela pele ho ba etela ka litaba tse molemo.
BOLOKA LITLALEHO TSE NEPAHETSENG
6 Ke habohlokoahali ho boloka tlaleho e nepahetseng ea ntlo le ntlo. Ho boela ho ba neng ba le sieo mahae ho tla tiisa hore re akaretsa tšimo ea rōna ka ho phethahetseng ’me ho eketse nako eo re e qetang re etela ba fumanehang hae. Ba bang ba boetse ba ho fumane ho le molemo ho fapanyetsana litlaleho tsa ba leng sieo mahae mosebetsing oa har’a beke le ba sebetsang tšimo bofelong ba beke. Sena se atleha ho feto-fetola linako tseo beng ba matlo ba eteloang ka tsona ’me ho eketsa monyetla oa ho fumana batho bao hangata ba leng sieo ka linako tse ling tsa letsatsi kapa ka matsatsi a itseng a beke. Litlhahiso tse eketsehileng li ka fumanoa ho Molula-Qhooa oa July 15, 1988, maqephe 15-20.
7 Jehova o tla tseba ha ho entsoe boiteko bo lekaneng ba ho finyella bohle ba tla utloa. Tlas’a boeta-pele ba Kreste, re tla tsoela pele ho mo utloa, re kholisehile hore mosebetsi o tla etsoa ka nako e fanoeng.—Ezek. 9:11.