Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/92 leq. 3
  • Tsebahatsang Liketso Tsa Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsebahatsang Liketso Tsa Jehova
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Batleha Bo-pula-maliboho ba Thusang ba 10000
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Pakane e Ntle Bakeng sa Selemo se Secha sa Tšebeletso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Bolela Hohle Makhabane a Hlomphehang a Jehova
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Na U ka Khona ho ba Pula-maliboho ea Thusang?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
km 3/92 leq. 3

Tsebahatsang Liketso Tsa Jehova

1 “Le tsebise lichaba liketso tsa hae; tumisang le re: Lebitso la hae ke le phahamileng . . . , hobane o entse litaba tse khōlō.” (Esa. 12:4, 5) U arabela joang khothatsong ee? Ha re nahanisisa ka liketso tsa Jehova ho rōna re le sechaba sa hae le joaloka motho ka mong, na lipelo tsa rōna ha li susumelletsehe ho bolella ba bang ka tsona? Lilemong tse ka bang 73 tse fetileng, Jehova o ile a lokolla sechaba sa hae botlamuoeng Babylona. Ho tloha ka 1919, borapeli ba ’nete bo ’nile ba tiea ’me hona joale bo nametse likarolong tsohle tsa lefatše. Tsela eo Jehova a entseng lintho tsena ka eona e khōlō ho feta kamoo re neng re lebelletse ka teng. U le motho ka mong, na u ananela tataiso ea Molimo, tšireletso, le tlhohonolofatso ea oona? Na u ka etsa ho eketsehileng ho tsebahatsa liketso tsa hae le ho phahamisa lebitso la hae?

2 Nako ea Sehopotso e re hopotsa ketso ea bomolimo eo re tla lula re e leboha ka ho sa feleng. Khoeli ea April e tla ba nako e loketseng haholo ea ho bontša liteboho tsa rōna le kananelo ho Jehova ka ho ingolisa joaloka bo-pula-maliboho ba thusang. Hape, haeba u ka bula maliboho nakong ea ketelo ea molebeli oa potoloho, u tla rua molemo o eketsehileng thusong le khothatsong ea hae tšebeletsong.

3 Hangata, litokisetso lia atleha ha sehlopha sa bahoeletsi se ingolisa joaloka bo-pula-maliboho ba thusang. Ho ka etsoa kemiso e ntle e le hore bohle ba ka ba le motho eo ba tla sebetsa le eena, ’me bo-khaitseli ba nang le bana ba banyenyane ba ka lokisetsa ho thusana. Ka ho rera hantle esale pele, ba bangata ba ile ba fumana hore ha ho boima hakaalo ho finyella tlhokahalo ea lihora tse 60. Sena se bolela ho nehelana ka kakaretso ea lihora tse peli feela ka letsatsi kapa lihora tse 15 ka beke tšebeletsong. Bo-pula-maliboho ba bang ba thusang ba paka hora kapa tse peli pele kapa ka mor’a mosebetsi oa bona oa boipheliso ’me ba ba le nako e teletsana ea tšebeletso mafelo-beke.

4 Esita leha u hlōleha ho ba pula-maliboho ea thusang, u ka khona ho eketsa tšebeletso ea hao ea tšimo. Hape, ka ho thusa ka sepalangoang kapa ka ho sebetsa le ba bulang maliboho, u tla ba khothatsa. Sohle seo re ka se etsang ho tsebahatsa lebitso la Jehova le liketso tsa hae, Molimo oa rōna o nang le kananelo o ke ke oa se hlokomoloha.—Mal. 3:16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela