Sireletsa Ngoana oa Hao Tšebelisong e Mpe ea Mali
1 “Bonang, bara ke lefa la Jehova, ’me tholoana ea popelo ea mosali ke moputso.” (Pes. 127:3) Haeba le na le lefa la bohlokoa hakaalo le tsoang ho Jehova, lōna batsoali, le na le boikarabelo bo thabisang, le hoja bo tebile, ba ho koetlisa, ho hlokomela le ho sireletsa bana ba lōna. Ka mohlala, na le se le nkile bohato bo bong le bo bong bo loketseng ba ho sireletsa bana ba lōna tšelong ea mali? Bana ba hao ba ne ba ka arabela joang haeba ba tobana le teko ea ho tšeloa mali? Na le kile la buisana joaloka lelapa hore na le ka etsa’ng hore le sebetsane ka katleho le boemo ba tšohanyetso boo ho bona tšelo ea mali e leng tšokelo?
2 Taba ea ho lokisetsa lelapa la lōna maemo a joalo ha ho hlokahale hore e be sesosa sa ho tšoenyeha kapa ho ba mohloli oa khatello e sa hlokahaleng. Le ke ke la nahanela boemo bo bong le bo bong esale pele le ho lokisetsa ketsahalo e ’ngoe le e ’ngoe e ka etsahalang bophelong, empa ho na le lintho tse ngata tseo lōna batsoali, le ka li etsang esale pele bakeng sa ho sireletsa bana ba lōna tšelong ea mali. Ho hlokomoloha boikarabelo bona ho ka fella ka hore ngoana oa lōna a tšeloe mali ha a phekoloa. Ke’ng se ka etsoang?
3 Kholiseho e Tiileng ke ea Bohlokoa: Le lokela ho nahana ka ho teba ka hore na le kholisehile ka ho teba hakae ka molao oa Molimo ka mali. Na le ruta bana ba lōna ho utloa Jehova tabeng ee, hantle feela joalokaha le ba ruta molao oa hae oa botšepehi, boitšoaro, ho se nke lehlakore le likarolo tse ling tsa bophelo? Na ka sebele re ikutloa joalokaha molao oa Molimo o laetse ho Deuteronoma 12:23 (NW): “Le etse qeto e tiileng ea ho se je mali”? Temana 25 ea phaella: “Le tlameha hore le se ke la a ja, e le hore lintho li ka le tsamaela hantle le bara ba lōna ka mor’a lōna, hobane le tla etsa se nepahetseng mahlong a Jehova.” Ngaka e ka ’na ea bolela hore mali a tla ‘etsa hore lintho li tsamaele ngoana ea kulang hantle,’ empa le tlameha ho etsa qeto e tiileng ea hore le se tšeloe mali le bana ba lōna le pele boemo leha e le bofe ba tšohanyetso bo hlaha, kaha le nka kamano ea lōna le Jehova e phahametse sohle seo ho thoe’ng ke ho lelefatsa bophelo ho ka akareletsang ho tlōla molao oa Molimo. Ho amoheloa ke Molimo hona joale le bophelo bo sa feleng nakong e tlang lia ameha!
4 E, Lipaki tsa Jehova li rata ho phela. Ha li lakatse ho shoa. Li batla ho phela e le hore li ka rorisa Jehova le ho etsa thato ea hae. Leo ke lebaka le leng leo ka lona li eang lipetlele li bileng li isang bana ba tsona teng bakeng sa phekolo. Li kōpa lingaka hore li li phekole, ’me ha li bolelloa hore mali ke tsela ea motheo ea phekolo kapa tsela ea ho phekola eo lingaka li bonang e loketse, li kōpa phekolo ea meriana e ka sebelisoang sebakeng sa eo. Ho na le lintho tse ngata tse ka sebelisoang sebakeng sa mali. Lingaka tse nang le phihlelo lia li sebelisa. Lintho tse joalo tse ka sebelisoang sebakeng sa mali hase meriana eo eseng ea sebele empa li na le metsoako ea meriana e phekolang hamolemo le mekhoa ea phekolo eo likoranta tsa bongaka tse tummeng li pakileng hore ea sebetsa. Lingaka tse likete lefatšeng lohle li sebelisana le rōna tabeng ea ho re phekola ka tsela e molemo ka ntle le ho sebelisa mali, le hoja ho fumana lingaka tse ka phekolang bana ba Lipaki ka ntle ho tšebeliso ea mali e ntse e le bothata ka linako tse ling.
5 Ho Fumana Ngaka e ka Sebelisanang le Rōna Hamolemo: Lingaka li amehile ka lintho tse ngata ha li phekola bakuli, ’me ha le li kōpa hore li phekole ngoana oa lōna ka ntle ho tšebeliso ea mali, sena se eketsa phephetso eo li tobaneng le eona. Lingaka tse ling li tla lumela ho phekola batho ba baholo ka baka la ho hlompha thato ea bona mabapi le mali ha feela ho na le tokomane e tlatsitsoeng. Tse ling li ka lumela ho phekola bana ba banyenyane ba ileng ba bontša hore ba hōlile kelellong, kaha makhotla a mang a hlokometse hore bana ba banyenyane ba hōlileng kelellong ba na le tokelo ea ho ikhethela tsela eo ba lokelang ho phekoloa ka eona. (Bona Molula-Qhooa oa June 15, 1991, maqephe 16-17, bakeng sa tlhaloso ea ngoana ea hōlileng kelellong.) Leha ho le joalo, lingaka li ka ’na tsa hana ho phekola bana ba banyenyane, haholo-holo masea, ka ntle le haeba li lumeletsoe ho ba tšela mali. Ha e le hantle, ke lingaka tse seng kae feela tse ka fanang ka tiiso e feletseng ea hore li ke ke tsa sebelisa mali ka tlas’a maemo leha e le afe ha li phekola ngoana. Ka mabaka a phekolo le a molao, lingaka tse ngata li ikutloa hore li ke ke tsa fana ka tiiso e joalo. Leha ho le joalo, lenane le ntseng le eketseha la tsona le batla ho phekola bana ba Lipaki tsa Jehova ’me li etsa boiteko boo li ikutloang hore li ka khona ho bo etsa mabapi le thato ea rōna tabeng ea mali.
6 Re nahanne ka sena, ho thoe’ng haeba, patlisisong ea lōna ea ngaka e tšoanelehang bakeng sa ngoana oa lōna, le fumana e nang le botumo ba ho ba le tšebelisano e molemo le Lipaki tsa Jehova le eo ka nako e fetileng e ileng ea qoba ho sebelisa mali ho Lipaki tse ling, empa e ikutloa hore molao ha o e lumelle hore e le nehe tiiso e feletseng ea hore mali a ke ke a sebelisoa? Leha ho le joalo, e le tiisetsa hore ha e ikutloe hore ho tla ba le bothata bo itseng le lekhetlong lena. Le ka ’na la etsa qeto ea hore ke khetho e molemohali. Tlas’a maemo ana le ka ’na la etsa qeto ea hore le ka e fa tumello ea ho tsoela pele. Leha ho le joalo, etsang hore ho hlake hore ha le e lumella hore e phekole ngoana oa lōna ha le e fe tumello ea hore e mo tšele mali. Ho sebetsa taba ka tsela ena e ka ba boikarabelo boo le lokelang ho bo jara ka ntle le hore qeto ea lōna e talingoe e le ho sekisetsa.
7 Ha e le hantle, haeba le ka fumana phekolo e ’ngoe e molemo e ka fokotsang kapa mohlomong ea felisa bothata ba hore mali a sebelisoe, joale mohlomong le ka nka tsela e seng kotsi hakaalo. Ho ka lebelloa hore le etse boiteko bo matla ba ho fumana ngaka ea meriana kapa e buoang e tla lumela ka tsela e kholisang ho feta leha e le efe hore e ke ke ea sebelisa mali. Tsela e molemohali ea ho itšireletsa ke ea ho lebella mathata. Etsang boiteko bo bong le bo bong ba ho fumana ngaka e ka sebelisanang hamolemo le lōna esale pele. Lekang ho baleha lingaka le lipetlele tse sa sebelisaneng hamolemo le lōna ha ho khoneha.
8 Linaheng tse ling ntho e ’ngoe e ka etsang phapang tabeng ea hore na tšelo ea mali ea etsoa ke tsela eo litšenyehelo tsa sepetlele li tla lefuoa ka eona. Moo batsoali ba nang le inshorense ea bophelo bo botle kapa tšehetso ea mokhatlo o itseng o ka lefang litšenyehelo tsa bophelo bo botle, ba lokolohile ho ikhethela ngaka, ho bonolo haholoanyane hore bana ba ka tlosoa ho lingaka le ho basebetsi ba sepetlele ba sa sebelisaneng le bona hamolemo. Chelete e lekaneng bakeng sa ho lefa litšenyehelo hangata e lekanyetsa hore na ke mofuta ofe oa tšebeletso le tšebelisano-’moho eo lelapa le tla e fumana ho lingaka le lipetlele. Hape, hore na sepetlele kapa ngaka e ikemiselitse ho lumela hore ngoana a fetisetsoe sepetleleng se seng kapa che hangata ho tla itšetleha ka matla a batsoali a ho lefella phekolo. ’Me bo-’mè ba lebeletseng bana, ke habohlokoa hore le hlokomele bophelo bo botle ba lōna nakong ea ho ima! Sena se tla phetha karolo e khōlō tabeng ea ho thibela ho beleha ho tlang pele ho nako le mathata a tsamaeang le hona, kaha phekolo ea motheo bakeng sa bana ba hlahang pele ho nako le mathata a bona e akareletsa tšebeliso ea mali.
9 Ka linako tse ling lingaka li belaela ka hore Lipaki tsa Jehova ha li buisane le tsona ka taba ea ho se tšele mali ho fihlela motsotsong oa ho qetela. Sena ha sea lokela ho etsahala le ka mohla. E ’ngoe ea lintho tsa pele eo batsoali ba Lipaki ba lokelang ho e etsa ha ba ea sepetlele kapa ha ba sebelisana le ngaka ke ho bua ka boemo ba bona mabapi le mali. Haeba ho buoa ho ameha, kōpang hore le kopane esale pele le ngaka e robatsang ka lithethefatsi. Ngaka e buoang e ka ’na ea khona ho le thusa tabeng ena. Liforomo tsa ho amohela bakuli sepetlele li lokela ho hlahlojoa ka hloko. Le na le tokelo ea ho hlakola ntho leha e le efe eo le sa lumellaneng le eona. Ho tlosa khoao leha e le efe, ngolang ka ho hlaka holim’a foromo ena ea kamohelo hore ha le amohele mali kapa ha le a batle tlas’a maemo afe le afe ka mabaka a bolumeli le a phekolo.
10 Thuso e Tsoang Mokhatlong o Hlophisitsoeng oa Jehova: Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o le etselitse litokisetso life bakeng sa ho le thusa mabapi le ho sireletsa bana ba lōna tabeng ea mali? Li ngata. Mokhatlo o hatisitse boitsebiso bo bongata bakeng sa ho re ruta ka mali le lintho tse ka sebelisoang sebakeng sa mali. Le ithutile bukana e lekanang le makasine Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang? le lingoliloeng tse ling tse buang ka taba ena. ’Me le na le baena ba lōna le bo-khaitseli phuthehong ea habo lōna ba ka khonang ho le thusa le ho le tšehetsa haholo. Ha bothata bo hlaha, baholo ba ka ’na ba bona ho le molemo ho lokisetsa hore mokuli a lebeloe ka lihora tse 24 sepetlele, haholo-holo ke moholo le motsoali oa mokuli kapa setho se seng sa lelapa se haufi. Hangata litšelo tsa mali li etsoa ha beng ka motho kaofela le metsoalle ba ile hae bosiu.
11 Joaloka United States, re rera ho ba le Likomiti tse Kopanyang Bakuli le Lipetlele metseng eohle ea rōna e meholo. Liphutheho tsohle li tla abeloa komiti e entsoeng ka baena ba koetlisitsoeng ba tla fumaneha bakeng sa ho thusa. Le tla tsebisoa ha tokisetso ena e qala ho sebetsa. Leha ho le joalo, hona joale re tla sebelisa tokisetso e bontšitsoeng kenyeletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea June 1992.
12 Ho Lebella ho Kenella ha Lekhotla la Molao le ho Sebetsana le Hona: Ho thoe’ng haeba ngaka kapa sepetlele se rera ho ea batla taelo ea lekhotla bakeng sa ho tšela ngoana oa lōna mali? Na ee ke nako ea ho baleha, ka lebaka la ho nahana hore ha ho letho le leng le ka etsoang? Le letho! Ho ka ’na ha etsahala hore tšelo ea mali e qojoe. Tokisetso ea monyetla o joalo e lokela ho etsoa esale pele. Ho ka etsoa’ng?
13 Ho utloisisa melao-motheo e meng ea molao e tataisang kapa e susumetsang lipetlele le baahloli litabeng tsena ho tla le thusa haholo tabeng ea ho itšireletsa. Molao-motheo o mong o joalo oa bohlokoa haholo ke ’nete ea hore molao ha o nehe batsoali matla a feletseng a ho amohela kapa ho hana phekolo ea meriana bakeng sa bana ba bona. Le hoja batho ba baholo ka kakaretso ba na le tokelo ea ho amohela kapa ho hana phekolo ea meriana kamoo ba ratang ka teng, batsoali ha ba na bolokolohi ba ho hana phekolo eo ho nahanoang hore ea hlokahala bakeng sa boiketlo ba bana ba bona esita leha ho hana ha bona ho theiloe litumelong tsa bolumeli tse tiileng.
14 Molao-motheo ona o ka sehloohong o ile oa bonahatsoa qetong ea Lekhotla le Phahameng la U.S. ka 1944 e reng: “Batsoali ba na le bolokolohi ba ho ba bashoela-tumelo. Empa ha ho itlise hore ba be le bolokolohi, maemong a tšoanang, ba ho etsa bana ba bona bashoela-tumelo pele ba fihla lilemong tsa molao tsa ho ikhethela tseo ha ba fihlile ho tsona ba ka iketsetsang khetho ea bona.” Kameho eona ena ea motheo bakeng sa bophelo bo botle ba ’meleng ba bana le boiketlo ba bona e kenyelelitsoe melaong ea boiketlo ba bana kajeno. Melao ena, e reretsoeng ho sebetsana le tlhekefetso ea bana, hape e etselitsoe ho sireletsa bana hore ba se hlokomolohuoe litabeng tsa meriana.
15 Batsoali ba Bakreste ha ba hanyetse taba ea ho sireletsa bana tlhekefetsong ea batsoali le tabeng ea ho se hlokomeloe. Empa melao e sebetsanang le ho hlokomolohuoa ha bana le polelo ea Lekhotla le Phahameng e qotsitsoeng ka holimo hangata e sebelisoa hampe tabeng e amanang le bana ba Lipaki tsa Jehova. Hobane’ng? Taba ea pele, batsoali ba Lipaki ha ba na morero oa ho etsa bana ba bona “bashoela-tumelo.” Haeba ba ne ba na le morero o joalo, ke hobane’ng ha ba isa bana ba bona sepetlele? Ho fapana le hoo, batsoali ba Lipaki ba ikemisetsa ho batla phekolo ea meriana bakeng sa bana ba bona. Ba rata bana ba bona ’me ba batla hore ba phele hantle. Empa ba lumela hore ba na le boikarabelo boo ba bo filoeng ke Molimo ba ho khetha mofuta oa phekolo ea meriana o molemohali bakeng sa bana ba bona ka tsela e bonahatsang boikarabelo. Ba batla hore mathata a bana ba bona a bophelo bo botle a sebetsoe ka ntle ho mali. Hase feela hobane tšebetso e joalo ea phekolo e etsoang ka ntle ho mali e le molemonyana e bile e sireletsehile haholoanyane ho feta eo ho eona ho sebelisoang mali empa, habohlokoa ka ho fetisisa, e etsa hore bana ba bona ba amoheloe ke Monei-Bophelo e moholo, Jehova Molimo.
16 Ho sa tsotellehe melemo ea phekolo e etsoang ka ntle ho mali, lingaka tse ngata le liofisiri tsa boiketlo ba bana li talima phekolo eo ho eona ho sebelisoang mali e le tšebetso ea motheo ea meriana e ka ’nang ea hlokahala kapa ea ba ea boloka bophelo maemong a itseng. Kahoo, ha batsoali ba Lipaki ba hana litšelo tsa mali tse buelloang, mathata a ka hlaha. Ka kakaretso, ho latela molao lingaka li ke ke tsa phekola bana ka ntle ho tumello ea batsoali ba bona. E le hore li ka hlōla ho se lumele ho sebelisa mali ha batsoali, lingaka kapa basebetsi ba bang ba sepetlele ba ka ’na ba batla tumello ho moahloli ka tsela ea taelo ea lekhotla. Tumello e joalo e entsoeng ke lekhotla e ka ’na ea fumanoa ka thuso ea liofisiri tsa boiketlo ba bana kapa ea lingaka kapa liofisiri tsa sepetlele tse sebeletsang ho sireletsa ngoana ho se nkoang e le ho se mo hlokomele litabeng tsa meriana.a
17 Hangata litaelo tsa lekhotla tse fanang ka matla a ho sebelisa mali li fumanoa kapele le ka ntle le ho tsebisa batsoali kapa ho ba tsebisa ho se ho setse nako e khutšoaane pele ho nkoa bohato. Lingaka, batsamaisi ba sepetlele, kapa liofisiri tsa boiketlo ba bana li leka ho lokafatsa litaelo tseo tse etsoang ka potlako ka ho bolela hore ho na le boemo ba phekolo ea tšohanyetso bo sitisang hore batsoali ba ka tsebisoa se etsahalang ka ho feletseng. Leha ho le joalo, ha li botsoa lipotso, lingaka li ’nile tsa lumela hore ha ho na boemo ba tšohanyetso ba sebele le hore li batla taelo ea lekhotla hobane “mohlomong ho ka etsahala” hore tšelo ea mali e hlokahale nakong e tlang. Joaloka bahlokomeli ba tlhaho ba ngoana oa lōna, le na le tokelo e ka sehloohong ea ho tseba seo lingaka, batsamaisi ba sepetlele kapa liofisiri tsa boiketlo ba bana li se etsang ngoaneng oa lōna ka linako tsohle. Molao o hloka hore, haeba ho khoneha, le lokela ho tsebisoa ka boiteko bo etsoang ba ho fumana taelo ea lekhotla le ho lumelloa ho ipuella ka pel’a lekhotla.
18 Linnete tsena tsa molao li bontša bohlokoa ba ho fumana ngaka e nang le tšebelisano-’moho. Sebetsa le eona, ’me ka thuso ea litho tsa Komiti e Kopanyang Bakuli le Lipetlele, e thuseng hore e tsoele pele ho sebetsa bothata ba phekolo ea ngoana oa lōna ka ntle ho mali kapa e etse hore ngoana oa lōna a isoe ngakeng kapa sepetleleng se tla mo phekola ka tsela e joalo. Empa haeba ho na le lipontšo tsa hore ngaka, mookameli oa lingaka kapa mosebeletsi oa boiketlo ba bana o nahana ho fumana taelo ea lekhotla, le lokela ho falimehela ho botsa hore na sena ke sona se reroang. Ka linako tse ling sena se etsoa ka lekunutu ka thelefono. Haeba ho na le morero oa ho ea khotla, hatisang hore le batla ho tseba ka oona e le hore le lōna le ka ipuella ho moahloli. (Liprov. 18:17) Haeba nako e sa le teng, hangata ho molemo ho batla thuso ea ’muelli oa molao. Maemong a mang babuelli ba molao ba khethiloe ke lekhotla. Haeba le na le oa lōna kapa e le ’muelli oa molao ea khethiloeng ke lekhotla, Mokhatlo o ka arolelana le eena boitsebiso bo tla mo thusa ho etsa boitšireletso boo a ka khonang ho bo etsa tlas’a maemo ao.
19 Haeba taba ea lōna ea ho hana mali e isoa lekhotleng, maikutlo a ngaka a hore mali aa hlokahala bakeng sa ho boloka bophelo ba ngoana oa lōna kapa bophelo bo botle ba hae e ka ba a susumetsang haholo. Moahloli, ka lebaka la ho hloka tsebo litabeng tsa meriana, hangata o tla hlompha tsebo ea meriana eo ngaka e nang le eona. Sena ke ’nete haholo-holo ha batsoali ba fuoa monyetla o monyenyane kapa ho hang ba sa fuoe monyetla oa ho ipuella ’me ngaka, ka lebaka la ho hloka motho ea e hanyetsang, e lumelloa ho bolela maikutlo a eona a hore mali a hlokahala ka ho “potlakileng.” Liketsahalo tse joalo tse itšetlehileng ka maikutlo a motho a le mong ha li na karolo tabeng ea ho rera hore na seo e leng ’nete ke sefe. ’Nete ke hore, taba ea hore na ke neng lingaka li bang le maikutlo a hore mali aa hlokahala le hore na ke hobane’ng ha li na le maikutlo a joalo e itšetlehile haholo ka maikutlo a botho ’me ha ea tsitsa. Hangata, ha ngaka e ’ngoe e bolela hore mali a hlokahala ka ho feletseng bakeng sa ho boloka bophelo ba ngoana, ngaka e ’ngoe, e nang le phihlelo tabeng ea ho sebetsana le bothata bo tšoanang ka ntle ho mali, e tla bolela hore mali ha a hlokahale bakeng sa ho phekola mokuli.
20 Le tla etsa’ng haeba ’muelli oa molao kapa moahloli a le botsa hore na ke hobane’ng ha le hana tšelo ea mali e “bolokang bophelo” ba ngoana oa lōna? Le hoja qalong le ka ba le maikutlo a ho hlalosa tumelo ea lōna tsohong le ho bontša tumelo ea lōna e matla ea hore Molimo o tla tsosa ngoana oa lōna haeba a e-shoa, karabelo e joalo ka boeona e ke ke ea thusa letho haese ho kholisa moahloli, eo kameho ea hae e khōlō e leng boiketlo ba ngoana ba ’meleng, hore u chesehela bolumeli ka tsela e feteletseng le hore o lokela ho kenella bakeng sa ho sireletsa ngoana oa hao.
21 Seo lekhotla le hlokang ho se tseba ke hore, le hoja le hana mali ka mabaka a tiileng a bolumeli, ha le hane tlhokomelo ea meriana. Ho hlokahala hore moahloli a bone hore ha le batsoali ba sa natseng kapa ba hlekefetsang empa, ho e-na le hoo, le batsoali ba lerato ba batlang hore ngoana oa bona a phekoloe. Ke feela hore ha le lumele hore seo ho nahanoang hore ke melemo ea mali se bohlokoa ho feta mathata le likotsi tsa oona tse ka ’nang tsa fella ka lefu, haholo-holo ha mekhoa ea phekolo e ka sebelisoang bakeng sa tšelo ea mali e se nang likotsi tse joalo e fumaneha.
22 Ho latela boemo, le ka ’na la bolella moahloli hore maikutlo a hore mali aa hlokahala ke a ngaka e le ’ngoe, empa lingaka lia fapana mabapi le litsela tsa ho sebetsana le taba e itseng, ’me le ne le ka rata ho fuoa monyetla oa ho fumana ngaka e tla hlokomela ngoana oa lōna ka mekhoa e mengata ea phekolo e etsoang ka ntle ho mali e fumanehang habonolo. Ka thuso ea Komiti e Kopanyang Bakuli le Lipetlele, le ka ’na la be le se le fumane ngaka e joalo e tla phekola ngoana oa lōna ka ntle ho mali le e ka ’nang ea fana ka bopaki bo thusang ka khotla, mohlomong ka thelefono. Ho ka etsahala hore komiti e kopanyang e ka khona ho kopanela le moahloli—esita le ngaka e batlang taelo ea lekhotla ka matla—lihlooho tsa bongaka tse bontšang hore na bothata ba phekolo ea ngoana oa lōna bo ka sebetsoa joang ka katleho ka ntle ho tšebeliso ea mali.
23 Ha baahloli ba biletsoa ho fana ka litaelo tsa lekhotla ka potlako, hangata ha baa ka ba nahana ka likotsi tse ngata tsa mali, tse akareletsang AIDS, lefu la sebete le likotsi tse ling tse ngata, ebile ha baa li hopotsoa. U ka li bolella moahloli, ’me hape u ka mo tsebisa hore uena, joaloka motsoali oa Mokreste, u ka talima tšebeliso ea mali a motho e mong ka morero oa ho leka ho boloka bophelo e le tlōlo e tebileng ea molao oa Molimo le hore u ka talima ho qobella ngoan’a hao ho tšeloa mali ho tšoana hantle le ho mo beta. Uena le ngoana oa hao (haeba a hōlile ka ho lekaneng hore a ka ba le maikutlo a hae) u ka hlalosa kamoo u nyonyang tlhaselo e joalo ea ’mele ’me u ka ipiletsa ho moahloli hore a se fane ka taelo e joalo empa a u lumelle ho batla mofuta o mong oa phekolo ea meriana o ka sebelisoang ngoaneng oa lōna.
24 Ha boitšireletso bo loketseng bo entsoe, baahloli ba khona ho bona ka ho hlakileng lehlakore le leng la taba—lehlakore la lōna—batsoali. Joale ha ba potlakele ho fana ka tumello ea hore mali a tšeloe. Maemong a mang baahloli ba lekanyelitse haholo bolokolohi ba lingaka ba ho sebelisa mali, esita le ho batla hore mekhoa ea phekolo e ka sebelisoang sebakeng sa mali e lekoe pele, kapa ba fa batsoali monyetla oa ho fumana lingaka tse tla phekola ka ntle ho mali.
25 Ha le sebetsana le ba batlang ho qobella tšelo ea mali, ho hlokahala hore le ka mohla le se ke la fana ka bopaki ba ho tsila-tsila ho seo le kholisehileng ka sona. Ka linako tse ling baahloli (le lingaka) ba botsa hore na batsoali ba ka thatafalloa ho “fetisetsa” boikarabelo leha e le bofe ho bona bakeng sa qeto ea ho tšela mali, ba ikutloa hore sena se ka etsa hore matsoalo a batsoali a se ke a ba tšoenya. Empa le lokela ho hlakisetsa bohle ba amehang hore lōna batsoali, le ikutloa hore le tlameha ho tsoela pele ho etsa sohle seo le ka se khonang ho qoba tšelo ea mali. Bona ke boikarabelo boo le bo filoeng ke Molimo. Bo ke ke ba fetisetsoa ho motho e mong.
26 Kahoo, ha le bua le lingaka le baahloli, ho hlokahala hore le itokisetse ho bontša boemo ba lōna ka ho hlaka le ka tsela e kholisang. Haeba taelo ea lekhotla e fanoa ho sa tsotellehe boiteko ba lōna bo molemohali, tsoelang pele ho kōpa ngaka ka tieo hore e se sebelise mali ’me le e phehelle ho sebelisa lintho tse ka sebelisoang sebakeng sa mali. Tsoelang pele ho etsa hore e ithaopele ho nahana ka lihlooho tsa bongaka le ka keletso ea lingaka leha e le life tse ratang hore li ka atameloa ka bothata ba meriana e le hore mali a ka qojoa. Ka makhetlo a seng makae, ngaka e neng e bonahala eka e ke ke ea inehela e ile ea tsoa ka phaposing ea ho buoa ’me ka boikhohomoso ea phatlalatsa hore ha ea ka ea sebelisa mali. Kahoo, esita le ka mor’a hore taelo ea lekhotla e fanoe, le se ke la tela, ho sa tsotellehe seo!—Bona tokollo ea Molula-Qhooa oa June 15, 1991, “Lipotso tse Tsoang ho Babali.”
27 Hopola, Jesu o itse: “Le tsohele batho masene; hobane ba tla le isa khotla . . . Le tla isoa pel’a babusisi, le pel’a marena, ka baka la ka, le be lipaki tsa ka ho ’ona le ho lichaba.” Bakeng sa ho re tšelisa tlas’a maemo ao, Jesu o ile a eketsa ka ho bolela hore moea o halalelang o tla re thusa ho hopola seo re tla lokela ho se bua le se tla ba molemo maemong a joalo.—Matt. 10:16-20.
28 “Ea bonahatsang temohisiso tabeng e itseng o tla fumana molemo, ’me ho thabile ea tšepang Jehova.” (Liprov. 16:20, NW) Batsoali, etsang litokisetso esale pele bakeng sa ho sireletsa ngoana oa lōna tšelong ea mali e silafatsang moeeng. (Liprov. 22:3) Bana, arabelang hamolemo koetlisong ea batsoali ba lōna ha ba etsa litokisetso tsena ’me le li boloke lipelong tsa lōna. Joaloka lelapa, “le etse qeto e tiileng ea ho se je mali . . . e le hore lintho li ka le tsamaela hantle” ka lebaka la ho hlohonolofatsoa ke Jehova le ho amoheloa ke eena.—Deut. 12:23-25, NW.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ke feela ha ho na le kotsi e ntseng e etsahala eo, ho latela maikutlo a ngaka, e hlokang tlhokomelo ea hang-hang ho ka nkoang ho hlokahala ka molao molemong oa bophelo ba ngoana kapa bophelo ba hae bo botle (ho akareletsa le litšelo tsa mali) hore e etsoe ka ntle ho tumello ea motsoali kapa ea lekhotla. Ho hlakile hore, ngaka e tlameha ho ikarabella ha e itšetleha ka matla ana a ketsahalo ea tšohanyetso ao e a fuoang ke molao.