Ho Bontša Kananelo Bakeng sa Thekollo
1 Takatso ea ho bontša kananelo ho motsoalle kapa mong ka motho ea shoeleng e tloaelehile ho batho ba litso tsohle. Takatso ena e ka ba matla ka ho khethehileng ha moratuoa a ile a shoela ho boloka bophelo ba ba bang. Bohle ba nang le tšepo ea bophelo bo sa feleng ba na le mabaka a utloahalang ka ho fetisisa a ho bontša kananelo bakeng sa thekollo ka ho ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste ka April 6.—2 Ba-Kor. 5:14; 1 Joh. 2:2.
2 Ananela Lerato la Jehova: Ke ho loketseng hakaakang hore re bontše kananelo ea rōna e tebileng bakeng sa Mofani oa rōna e moholo ka ho fetisisa, Jehova Molimo, ea faneng ka thekollo! (1 Joh. 4:9, 10) Botebo ba lerato la Jehova bo bonahala ka mpho e ikhethang eo a faneng ka eona e le thekollo ea rōna, eseng le leng la mangeloi a limillione a lokileng, empa Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, ea ratoang haholo. (Liprov. 8:22, 30) Mora enoa ea tsebang Jehova hamolemo, Jesu Kreste, oa re hopotsa: “Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.”—Joh. 3:16.
3 Ananela Lerato la Jesu Kreste: Ka ho tšoanang, ho loketse hore re bontše kananelo e tebileng bakeng sa Jesu Kreste, ea faneng ka sephefumolohi sa hae e le thekollo ea ba bangata. (Matt. 20:28) Lerato la hae le bonahala ka hore a ikemisetse ho ikokobeletsa thato ea Jehova ho eena mabapi le thekollo. Nahana kamoo a ileng a tela maemo a matle ao a neng a na le ’ona le Ntate oa hae le mangeloi a likete-kete a lokileng e le hore e be thekollo ea rōna. Phephetso ea ho lula har’a batho ba baetsalibe le ho ba tlas’a bona kapa ho tseba hore ho fana ka thekollo ho ne ho bolela lefu la hae ha hoa ka ha mo nyahamisa. Ho e-na le hoo, o ile “a nka sebōpeho sa lekhoba a ba a tšoana le batho. Ho feta moo, . . . o ile a ikokobetsa ’me a utloa ho isa lefung, e, lefu thupeng ea tlhokofatso.”—Ba-Fil. 2:5-8, NW.
4 Re Bontša Kananelo Joang Bakeng sa Thekollo?: Kananelo ea rōna bakeng sa thekollo e tlameha ho feta feela, Kea leboha. Ho hlokahala hore re ithute ka tokisetso ea Molimo ea poloko ka Jesu Kreste. (Joh. 17:3) Joale re tlameha ho bontša tumelo thekollong. (Lik. 3:19) Hape, re tlameha ho susumeletseha ho inehela ho Jehova Molimo ’me re kolobetsoe. (Matt. 16:24) Ha re phelela boinehelo ba rōna, re lokela ho sebelisa monyetla o mong le o mong ho bolella ba bang ka tokisetso e hlollang ea thekollo bakeng sa poloko.—Ba-Roma 10:10.
5 Ha ho thata hore leha e le mang oa rōna a finyelle litlhokahalo tsena. Mikea 6:8 ea re tiisetsa: “Seo Jehova a se batlang ho uena, ke hore u etse se lokileng, u rate bokhabane, le ho tsamaea ka boikokobetso le Molimo oa hao.” Ka ho tšoanang Davida o itse ho Jehova: “Tsohle li tsoa ho uena, ’me ke letsoho la hao le re fileng seo re u neang sona.”—1 Likron. 29:14.
6 E le ho tebisa kananelo ea rōna bakeng sa tokisetso e babatsehang ea Jehova, ke hobane’ng ha le le lelapa le sa bale ’me le buisane ka likhaolo 112 ho ea ho 126 bukeng ea Motho e Moholo pele ho Sehopotso? Ka tsela ena, kaofela ha rōna re ka itokisa kelellong bakeng sa ho bontša kananelo bakeng sa thekollo moketeng oa Sehopotso o tla tšoaroa ka April 6, 1993.