Liboka tsa Tšebeletso tsa February
Beke e Qalang ka February 1
10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Etsa pontšo ea nehelano ea limakasine ka litokollo tsa morao-rao.
20 mets: “Ho Sebelisana-’moho le Mokhanni oa Rōna oa Thuto ea Buka ea Phutheho.” Lipotso le likarabo. Tsebisa phutheho hore le na le lenane le lekae la bahoeletsi le hore na ke ba bakae ba eang tšimong ka mehla. Khothaletsa mohoeletsi e mong le e mong ka mofuthu hore a iketsetse pakane ea ho kopanela tšimong ka mehla BEKE KA ’NGOE, ’me a tlalehe tšebeletso e joalo hang-hang qetellong ea khoeli ka ’ngoe lebokoseng la litlaleho le fanoeng.
15 mets: “Linehelano Tse Bonolo le Tse Atlehang.” Buisana le bamameli. Ha le buisana ka serapa 3, etsa pontšo ea kamoo mohoeletsi a buellang buka Phela ka ho sa Feleng. Mong’a ntlo o lokela ho bontša thahasello e totobetseng. Ha le buisana ka serapa 5, etsa pontšo ea kamoo mohoeletsi a sebelisang pampitšana moo mong’a ntlo a sa amohelang mpho ea khoeli.
Pina 215 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka February 8
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bua ka lintlha tse khōlō ho tsoa limakasineng tsa morao-rao. Khothaletsa bohle hore ba kopanele tšebeletsong ea tšimo mafelo-bekeng ana.
15 mets: “Mesebetsi e Khethehileng ka March le April.” Puisano ka molebeli oa tšebeletso. Tsebisa phutheho lenane la bo-pula-maliboho ba thusang ba tla sebeletsa ka March. Leha ho le joalo nako ea ho kenya likōpo e sa le teng. U ka buisana le ba ileng ba nka bopula-maliboho bo thusang selemong se fetileng ka April. Ba ile ba rua molemo joang? Na ba na le liphihlelo tse ntle? Na ba rera ho kopanela hape selemong see? Fana ka lenane la bo-pula-maliboho ba thusang ka April ho fihlela hona joale. Haha cheseho bakeng sa letsatsi la limakasine ka April 3.
20 mets: “Khanna Lithuto Tsa Bibele ka Buka Phela ka ho sa Feleng.” Puisano ea lipotso le likarabo. Ka mor’a ho buisana ka serapa 6, etsa pontšo ea kamoo mocha a ka buellang ’me a khanna thuto ea Bibele a sebelisa buka Phela ka ho sa Feleng. Pheta liphihlelo leha e le life tsa sebakeng sa lōna tsa bacha ba atlehileng ho qalisa lithuto.
Pina 53 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka February 15
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Bolela kananelo ea Mokhatlo bakeng sa menehelo e rometsoeng, ’me u babatse phutheho bakeng sa ho tšehetsa litlhoko tsa phutheho ka lichelete ka botšepehi. Ba khothaletse hore ba kopanele mosebetsing oa tšimo mafelo-beke ana.
20 mets: “Le ba Rute . . . Tsohle Tseo ke le Laetseng Tsona.” Se buisanoe le bamameli ka lipotso le likarabo. Ha le buisana ka lirapa 4 le 5, fana ka mehlala e meng ea mangolo le lingoliloeng tse lokelang maemo a sebaka sa lōna. Etsa pontšo e lokiselitsoeng hantle e bontšang kamoo ho ka hokahanngoang kenyeletso le e ’ngoe ea lipampitšana. Hlahloba pampitšana e le ’ngoe kapa tse peli ha nako e lumela. Khothaletsa bohle hore ba tiisetse hore ba qalise lithuto tse ncha tsa Bibele.
15 mets: “Hase Barekisi ba Lentsoe la Molimo.” Puo ka molebeli ea okamelang kapa moholo e mong e thehiloeng ho Molula-Qhooa oa December 1, 1992, maqephe 26-9. Babatsa baena ka mofuthu bakeng sa karolo ea bona ea ho tšehetsa mosebetsi oa Mokhatlo oa lefatše ka bophara haesita le phutheho. U ka bua ka se etsoang ke phutheho ho tšehetsa Letlōle la Mokhatlo la Liholo Tsa ’Muso le merero leha e le efe ea kaho e ka ’nang eaba e tsoela pele hona joale.
Pina 181 le thapelo e koalang.
Beke e February 22
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba tsa Puso ea Molimo. Hlahloba litokisetso tse khethehileng tse entsoeng bakeng sa March le April le phutheho. Ba tsebise lenane la bo-pula-maliboho ba thusang ka March le lenane la ba seng ba ngolisetse bakeng sa April. Babatsa phutheho ka mofuthu bakeng sa tšehetso ea bona e ntle mosebetsing oa boboleli.
20 mets: “Ho Bontša Kananelo Bakeng sa Thekollo.” Puo ka moholo.
15 mets: Litlhoko tsa phutheho kapa puo e hahang e thehiloeng boitsebisong bo leng ho Molula-Qhooa oa October 1, 1992, sehloohong se reng “Ithute Boikokobetso ka ho Amohela Taeo.” Bontša kamoo bahlanka bohle ba Jehova—ba banyenyane le ba baholo—ba amohelang taeo, ’me u tšohle melemo e tlisoang ke ho talima taeo ka leihlo le nepahetseng.
Pina 211 le thapelo e koalang.