Hase Barekisi ba Lentsoe la Molimo
“RE NE re rekisa tšebeletso ea rōna bakeng sa chelete.” Ao ke mantsoe a eo e neng e le “moruti oa thapelo oa thelefono” eo ho ileng ha buisanoa le eena tlalehong ea patlisiso ea baruti ba thelevishene ba Amerika mafelong a 1991.
Lenaneo lena le ile la lebisa tlhokomelo litšebeletsong tse tharo tsa baruti ba thelevishene United States. Le ile la hlahisa hore batho ba amohuoa liranta tse limillione tse mashome selemo le selemo ka ho qhekella ke litšebeletso tsena tse tharo. “Tšebeletso” e ’ngoe e ile ea hlalosoa e le “fektheri e hatetseng pele menehelong.” Tsohle li ne li ameha mesebetsing e mengata ea ho qhekella. Na hona hoa u tšosa?
Bolumeli Tlas’a Tlhahlobo
Hase feela bolumeli ba Baevangeli ba thelevishene empa esita le malumeli a tloaelehileng, a sa feteletseng a tlas’a tlhahlobo ea mebuso, mekhatlo e ikemetseng e sebeletsang joaloka bahlokomeli litabeng tse amang litšebetso tseo eseng tsa molao, le batho ka kakaretso. Mabakeng a mang litokomane tse bontšang hore kereke e na le thepa eo e e kolotoang, lithahasello tsa lipolotiki tse tšehelitsoeng ka chelete ke bolumeli, le ho phela maruong a mangata ha baruti ba lefuoang haholo ho phahamisitse lipotso tse amang ho tšoaneleha ha tsona.
Baeta-pele ba bang ba bolumeli ba finyella joang tlhaloso e hlomphehang ea tšebeletso ea Bokreste e fanoeng ke moapostola Pauluse hoo e ka bang lilemo tse 2 000 tse fetileng? O ile a ngola: “Ha re barekisi ba lentsoe la Molimo joaloka banna ba bangata ba etsa, empa re bua ka botšepehi, e, joalokaha re romiloe ke Molimo, ponong ea Molimo, re le ho Kreste.” (2 Ba-Korinthe 2:17, NW) Ke bo-mang ba tšoanelang tlhaloso eo kajeno?
Ho u thusa ho lekanya litaba, a re hlahlobeng kamoo tšebeletso ea Bokreste ea Pauluse le basebeletsi-’moho le eena e neng e tšehetsoa ka teng ka lichelete. Ke ka tsela efe e neng e fapane le tse ling tsa mehleng ea hae?
Baboleli ba Tsamaeang ba Lekholong la Pele la Lilemo
Pauluse e ne e se eena feela ’moleli ea tsamaeang. Mehleng eo ba bangata ba ne ba tsamaea ba ntšetsa pele lipono tsa bona tsa bolumeli le tsa filosofi. Mongoli oa Bibele Luka o ile a bua ka “Bajode ba bang ba baleleri, ba lelekang meea e mebe.” (Liketso 19:13, BPN) Ha Jesu Kreste a ne a ahlola bafarisi, o ile a phaella: “Le tsamaea le leoatle le lefatše lohle ho etsa morutuoa a le mong.” (Mattheu 23:15) Jesu ka boeena e ne e le ’moleli ea tsamaeang. O ile a koetlisa baapostola le barutuoa ba hae ho mo etsisa ka ho bolela eseng feela Judea le Samaria empa “le ho isa pheletsong ea lefatše.”—Liketso 1:8.
Ha balateli ba Jesu ba ntse ba tsamaea ba ile ba kopana le baboleli bao eseng Bajode. Ha Pauluse a le Athene o ile a tobana le bo-rafilosofi ba Baepikure le Bastoike. (Liketso 17:18) Ho pholletsa le ’Muso oa Roma, Bahlahlobisisi ba batlang liphoso ba ne ba hōlisa thuto ea bona ea filosofi ka ho phehella ka lipuo tsa phatlalatsa tse nang le mantsoe a thata. Balateli ba Isis le Serapis ba ile ba eketsa tšusumetso ea bona ho basali le makhoba ka ho ba tšepisa boemo bo lekanang bolumeling le sechabeng ho tšoana le banna ba lokolohileng. Malumeli a mohlolo a bochabela a tsoalo a fane ka qalo ea malumeli a mangata a sephiri a lefatše la Bagerike le Baroma. Tšepiso ea ho tšoareloa libe le takatso ea ho tseba liphiri tsa bomolimo e ile ea hohela balateli melimong ea bohata e kang Demeter, Dionysus, le Cybele.
Litšenyehelo li ne li Lefuoa Joang?
Leha ho le joalo, ho tsamaea ho ne ho hloka chelete e ngata. Ka ntle le ho tsamaisoa ka sepalangoang, chelete e lefuoang ea makhetho a tseleng, le litšenyehelo tsa ho tsamaea ka sekepe, ba tsamaelang libaka ba ne ba hloka lijo, bolulo, patsi, liaparo, le tlhokomelo ea bophelo bo botle. Baboleli, litichere, bo-rafilosofi, le batho ba rutang lithuto tsa litumelo tsa sephiri ba ne ba khotsofatsa litlhoko tsena ka litsela tse hlano tse ka sehloohong. Ba ne ba (1) lefisa bakeng sa ho ruta; (2) ba etsa mesebetsi e menyenyane le mesebetsi ea matsoho; (3) ba amohela kamohelo matlong le menehelo ea boithatelo; (4) ba ikatametsa ho batšehetsi ba ruileng, hangata e le litichere tsa thuto; hape (5) ba ne ba kōpa. Mokōpi ea tummeng oa Mohlahlobisisi ea batlang liphoso Diogenes o ne a kōpa esita le liemahale tse sa pheleng bakeng sa ntho e fuoang ka ntle ho tefo ha a itokisetsa ho haneloa.
Pauluse o ne a tseba ka baboleli ba bang ba neng ba ipolela hore ke basebeletsi ba Bakreste empa, joaloka bo-rafilosofi ba bang ba Magerike, ba neng ba etsa setsoalle le ba ruileng ’me ba amoha ba futsanehileng. O ile a khalemela phutheho e Korinthe ka matla, a re: “Leha motho a le ja, leha motho a le amoha, . . . le ee le mamelle.” (2 Ba-Korinthe 11:20) Le ka mohla Jesu Kreste ha aa ka a amoha batho letho, kapa leha e le Pauluse le basebetsi-’moho le eena ha baa ka ba etsa joalo. Empa baevangeli ba meharo ba Korinthe e ne e le “baapostola ba bohata, . . . basebetsi ba mano,” le basebeletsi ba Satane.—2 Ba-Korinthe 11:13-15.
Litaelo tsa Jesu ho balateli ba hae li ne li thibela ho lefisa bakeng sa ho ruta. O ile a eletsa: “Le neiloe feela, neang feela.” (Mattheu 10:8) Le hoja ho kōpa ho ne ho tloaelehile, ho ne ho nyatsuoa nakong eo. Ho e ’ngoe ea lipapiso tsa hae, Jesu o bontša ka molebeli e mong ea reng, “Ha e le ho kōpa, nka hlajoa ke lihlong.” (Luka 16:3) Kahoo, ha ho moo paleng ea Bibele re fumanang balateli ba tšepahalang ba Jesu ba kōpang chelete kapa liphahlo. Ba ne ba phela ka molao-motheo ona: “Ekare ha e mong a hana ho sebetsa, a se ke a ja le hona.”—2 Ba-Thessalonika 3:10.
Jesu o ile a khothatsa barutuoa ba hae ho hlokomela litlhoko tsa bona ka litsela tse peli. Ea pele, joalokaha Pauluse a ile a bolela, ba ne ba ka, ‘phela ka evangeli.’ Joang? Ka ho amohela kamohelo e fuoang ka ho rata. (1 Ba-Korinthe 9:14; Luka 10:7) Ea bobeli, ba ne ba ka itlhokomela ka bobona ka lintho tse bonahalang.—Luka 22:36.
Melao-motheo e Sebelisitsoeng ke Pauluse
Pauluse o ile a sebelisa melao-motheo e ka holimo joang? Mabapi le leeto la bobeli la boromuoa la moapostola, Luka o ile a ngola: “Ha re tloha Troase ka sekepe, re leba Samothrase; hosasane ra fihla Neapolise, ha re tloha teng, ra ea Filippi, e leng motse oa pele naheng ea Macedonia, hape e leng koloni ea Roma; ’me ra hlola matsatsi a mang motseng oo.” Leeto lohle, lijo, le bolulo bo neng bo ameha bo ne bo hlokomeloa ke bona ka bobona.—Liketso 16:11, 12.
Qetellong, mosali ea bitsoang Lydia o ile a amohela “litaba tse boleloang ke Pauluse . . . Eare hobane a kolobetsoe le ba ntlo ea hae, a re rapela, a re: Ha ekaba le ahlotse hore ke ea lumetseng ruri ho Morena, a le keng le tle ka tlung ea ka, le lule teng. ’Me a re tiisetsa matla.” (Liketso 16:13-15) Mohlomong bonyane ka lebaka la kamohelo ea Lydia, Pauluse o ne a ka ngolla balumeli-’moho Filippi: “Ke leboha Molimo oa ka ka mehla eohle ha ke le hopola; ke ntse ke le rapella bohle ka mehla, ka thabo, merapelong eohle eo ke e etsang, kahobane le fela le khomaretse Evangeli, ha e sa le mohla le qalang ho e utloa, ho fihlela joale.”—Ba-Filippi 1:3-5.
Luka o bontša makhetlo a mangata ao batho ba ileng ba amohela batsamai bana ba basebetsi ba Bakreste. (Liketso 16:33, 34; 17:7; 21:7, 8, 16; 28:2, 7, 10, 14) Mangolong a hae a bululetsoeng, Pauluse o tsebahatsa le ho leboha kamohelo e mofuthu le limpho tseo a li amohetseng. (Ba-Roma 16:23; 2 Ba-Korinthe 11:9; Ba-Galata 4:13, 14; Ba-Filippi 4:15-18) Leha ho le joalo, eena leha e le basebetsi-’moho le eena ha baa ka ba ama taba ea hore ba lokela ho fuoa limpho kapa tšehetso ea chelete. Lipaki tsa Jehova li ka bolela hore boikutlo bona bo botle bo ntse bo bonoa har’a balebeli ba bona ba tsamaeang.
Ba ne ba sa Itšetleha ka ho Amoheloa ke ba Bang
Pauluse o ne a sa itšetleha ka ho amoheloa ke ba bang. O ne a ithutile mosebetsi oa matsoho o neng o hloka matla le nako e ngata empa o fella ka moputso o monyenyane. Ha moapostola a fihla Korinthe joaloka moromuoa, “a fihlela mo-Jode e mong, ea bitsong Akila . . . a e-na le Priscilla, mosali oa hae; . . . ’me Pauluse a tla ho bona. Kahobane e ne e le motho oa mosebetsi o le mong le bona, a lula ha bona, a ntse a sebetsa; hobane mosebetsi oa bona e ne e le ho etsa litente.”—Liketso 18:1-3.
Hamorao, a le Efese, Pauluse o ne a ntse a sebetsa ka thata. (Bapisa le Liketso 20:34; 1 Ba-Korinthe 4:11, 12.) E ka ’na eaba e ne e le setsebi sa ho sebetsa ka cilicium, thepa e mahoashe ea boea ba poli e etsang litente e tsoang sebakeng sa motse oa habo. Re ka inahanela Pauluse a lutse setulong se senyenyane, a sekametse tafoleng ea ho sebetsa, a seha le ho roka ho fihlela bosiu haholo. Kaha lerata la sebaka sa ho sebetsa le ne le le lenyenyane, ho ne ho le bonolo hore ba bue ba ntse ba sebetsa, e ka ’na eaba Pauluse o ile a fumana monyetla oa ho pakela mong’a sebaka sa ho sebetsa, hammoho le basebeletsi, makhoba, bareki, le metsoalle ea hae.—Bapisa le 1 Ba-Thessalonika 2:9.
Moromuoa Pauluse o ile a hana ho bapatsa ka tšebeletso ea hae kapa ka tsela leha e ka ba efe ho fana ka boikutlo ba hore o ne a sebelisa Lentsoe la Molimo ho fumana chelete. O ile a bolella Bathessalonika: “Hobane le lōna le tseba kamoo re tšoanetseng ho etsisoa kateng, hobane ha rea ka ra tsamaea har’a lōna ka mokhoa o hanoang ke molao. Hape, ha rea ka ra ja bohobe ba motho feela, re mpa re sebelitse motšehare le bosiu ka thata le ka khathalo, hore re tle re se ke ra imetsa motho har’a lōna. E seng hoba re hloka tokelo e joalo, empa e le ho le etsetsa mohlala, le tle le re etsise.”—2 Ba-Thessalonika 3:7-9.
Baetsisi Lekholong la bo20 la Lilemo
Ho fihlela kajeno Lipaki tsa Jehova li latela mohlala o motle oa Pauluse. Baholo le bahlanka ba sebeletsang ha ba fumane moputso kapa tefo phuthehong eo ba e sebeletsang. Ho e-na le hoo ba fepa malapa a bona joaloka motho e mong le e mong, bongata ba bona ka ho fumana mosebetsi. Hape basebeletsi ba bo-pula-maliboho ba nako e tletseng baa iphepa, ba bangata ba sebetsa feela ho khotsofatsa litlhoko tsa motheo. Selemo se seng le se seng Lipaki tse ling li tsamaea ka litšenyehelo tsa tsona ho ea bolela libakeng tse ka thōko tse finyelloang ka seoelo ka litaba tse molemo. Haeba malapa a sebaka seo a ba memela ho kopanela le bona lijong kapa bolulong, ba ananela hona empa ha ba sebelise hampe kamohelo e joalo.
Boboleli bohle le ho ruta ho etsoang ke Lipaki tsa Jehova ke boithaopo, ’me le ka mohla ha ba lefise bakeng sa tšebeletso ea bona. Leha ho le joalo, menehelo e tšoanelehang bakeng sa mosebetsi oa bona oa ho bolela oa lefatše lohle ea amoheloa ’me e fetisetsoe ho Mokhatlo oa Watch Tower bakeng sa morero oo. (Mattheu 24:14) Tšebeletso ea Lipaki ha e bapatse le ka tsela leha e le efe. Joaloka Pauluse, e ’ngoe le e ’ngoe oa tsona kannete e ka re: “Ke le boleletse molaetsa o molemo oa Molimo, ke sa le lefise.” (2 Ba-Korinthe 11:7, BPN) Lipaki tsa Jehova hase “barekisi ba lentsoe la Molimo.”
[Lebokose le leqepheng la 27]
KAMOO BA BANG BA ETSANG MENEHELO MOSEBETSING OA BOBOLELI OA ’MUSO
◻ LIMPHO: Menehelo ea boithatelo ea chelete e ka ’na ea romeloa ka ho toba ho Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, 25 Columbia Heights, Brooklyn, New York 11201, kapa ofising ea lekala ea Mokhatlo e sebakeng sa heno. Mabenyane kapa lintho tse ling tsa bohlokoa le tsona li ka neheloa. Lengolo le lekhutšoanyane le bolelang hore lintho tsena ke mpho e tobileng le lokela ho tsamaea le menehelo ena.
◻ TOKISETSO EA MENEHELO E FANOANG TLAS’A MAEMO A ITSENG: Chelete e ka fuoa Mokhatlo oa Watch Tower hore o e boloke ho fihlela ha mong’a eona a e-shoa, ka tokisetso ea hore haeba ho hlaha tlhoko ea botho, e tla khutlisetsoa ho ea faneng ka eona.
◻ INSHORENSE: Mokhatlo oa Watch Tower o ka ngolisoa e le mojalefa oa inshorense ea bophelo kapa ea phenshene. Mokhatlo o lokela ho tsebisoa ka tokisetso leha e ka ba efe e joalo.
◻ LI-STOCK LE LI-BOND: Li-stock le li-bond li ka ’na tsa fuoa Mokhatlo oa Watch Tower joaloka monehelo o tobileng kapa ka ho etsa tokisetso ea hore chelete eo li e kenyang e ’ne e lefshoe ho mong’a tsona.
◻ LITŠA LE MEHAHO: Litša le mehaho tse ka rekisoang li ka ’na tsa fuoa Mokhatlo oa Watch Tower joaloka mpho e tobileng kapa ka tokisetso ea hore mong’a setša a lule ho sona nakong ea bophelo bohle ba hae. Motho ea fang Mokhatlo setša kapa mohaho o lokela ho tsebisa Mokhatlo pele a etsa joalo.
◻ LIKABO TSA LEFA: Thepa kapa chelete e ka ’na ea fuoa Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania e le lefa ka lengolo la kabo ea lefa le entsoeng ka molao. Kopi ea lengolo la lefa e lokela ho romeloa ho Mokhatlo. (Likabo tsa lefa bakeng sa Afrika Boroa li lokela ho romeloa ho Jehovah’s Witnesses of South Africa.)
Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng mabapi le litaba tse joalo, ngolla Treasurer’s Office, Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, kapa ofisi ea lekala ea Mokhatlo e haufi le uena.
[Lebokose le leqepheng la 29]
O NE A BATLA HO THUSA
TIFFANY ea lilemo li 11 ke ngoanana oa sekolo Baton Rouge, Louisiana, U.S.A. Haufinyane, Paki ena e nyenyane ea Jehova e ile ea ngola moqoqo sehloohong “Thuto Amerika.” E le phello ea sena, batsoali ba hae ba Lipaki ba ile ba amohela lengolo le tsoang ho hlooho ea sekolo:
“Bekeng ea Thuto ea Amerika, moqoqo o le mong o hlahelletseng oa sehlopha ka seng o baloa ka ho buela ho ‘intercom.’ Ke ile ka thabela ho sebelisa moqoqo oa Tiffany hoseng ha kajeno. Kannete ke kharebe e nyenyane e tsotehang. O na le botsitso, oa itšepa, o na le neo, ebile o itšoere hantle. Ke ka seoelo ke boneng ngoana oa sehlopha sa botšelela a e-na le litšoaneleho tse ngata joalo. Tiffany ke oa bohlokoa sekolong sa rōna.”
Tiffany o ile a fumana boemo ba pele tlhōlisanong ea moqoqo. Ka hona o ile a ngolla Mokhatlo oa Watch Tower ’me a re: “Mohlomong ke hlōtse tlhōlisano ka baka la buka Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang. . . . Ke ile ka sebelisa likhaolo tse buang ka thuto. . . . Ke le leboha haholo ka ho hatisa buka ena e thusang le e finyellang pakane. Ke fumane lidolara tse supileng ka moqoqo oa ka o hlotseng. Ke nehela ka lidolara tsa ka tse 7 le tse ling tse 13, tse etsang kakaretso ea lidolara tse 20 mosebetsing oa boboleli oa lefatše lohle. . . . Ha ke se ke hōlile, le ’na ke tšepa ho ithaopela tšebeletso ea Bethele.”
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ka nako tse ling, Pauluse o ne a iphelisa ka ho etsa litente