Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/93 leq. 1
  • Thusang ba Bacha ho Hatela Pele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thusang ba Bacha ho Hatela Pele
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Sebelisana-’moho le Mokhanni oa Rōna oa Thuto ea Buka ea Phutheho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Na April e Tla ba Khoeli e Khethehileng ho Uena?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • April—Nako ea ‘ho Sebetsa ka Thata le ho Ikitlaetsa’
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Na re ka Etsa Hore April 2000 e be Khoeli e Molemohali ho Feta Tsohle ho Rōna?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
km 4/93 leq. 1

Thusang ba Bacha ho Hatela Pele

1 Ka April 17, 1992, hoo e batlang e le batho ba limillione tse 11,5 lefatšeng lohle ba ile ba bokana ho keteka Sehopotso sa lefu la Kreste. Sena ebile keketseho ea lenane la bahoeletsi ba kopanelang le liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova ka makhetlo a fetang a mabeli le halofo. Ho thabisa hakakaang ho bona matšoele a makaalo a phallela “thabeng ea Jehova”! (Mik. 4:2) Hona joale ho na le batho ba ka bang limillione tse supileng ba bontšang thahasello e itseng borapeling ba ’nete empa e se barorisi ba Jehova ba phatlalatsa. Ka sebele ha ho mohla mantsoe a Jesu a hore “kotulo e kholo” a kileng a ba bohlokoa hakaana!—Matt. 9:37, 38.

2 Khoeling ea April re tla etsa boiteko bo khethehileng ho thusa bohle ba tšoanelehang hore ba kopanele boboleling ba tšimo. Mokhanni oa Thuto ea Buka ea Phutheho, a thusoa ke bahoeletsi ba bang le bo-pula-maliboho ba nang le bokhoni ba leng sehlopheng sa hae, o tla phetha karolo e khōlō ho sena. Lipakane tsa rōna tse tharo ke (1) ho lokisetsa ho qalisa thuto ea lehae ea Bibele le batho ba bacha ba bileng teng puong e khethehileng le Sehopotsong selemomg sena; (2) ho khothaletsa ba ntseng ba ithuta ho tšoaneleha ho ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang; le (3) ho eketsa ho kopanela ha rōna ha botho boboleling ba tšimo.

3 Bohle ba lokela ho etsa boiteko bo khethehileng ho amohela ba bacha ba tlang libokeng leha e le life tsa rōna le ho tloaelana le bona. Re etsa’ng ho khothaletsa batho bana ba thasellang hore ba be le thuto ea ka mehla ea lehae ea Bibele?

4 Ka karolelano, ho ile ha khannoa lithuto tsa Bibele tse 53 352 Afrika Boroa khoeli le khoeli selemong sa tšebeletso sa 1992. Bahoeletsi ba ka ’na ba kōpa bakhanni ba thuto ea bona ea buka ho tsamaea le bona ho ea lithutong tsa Bibele hore ba tloaelane le liithuti. Mohlomong hona joale tse ling tsa liithuti tsena tsa Bibele li tla libokeng ’me li tšoaneleha ho kopanela mosebetsing oa ntlo le ntlo. Na bacha ba etsa bopaki bo sa reroang ka mehla? Na ba finyella litšoaneleho tsa hore e be bahoeletsi ba sa kolobetsoang joalokaha ho bontšitsoe ho Tšebeletso ea Rōna, maqephe 97-9? Haeba ho joalo, ba hlalosetseng kamoo ba ka qalang ka teng mosebetsing oa ntlo le ntlo ka mor’a ho tšoaneleha ho ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang.

5 Re se hlokomolohe ho khothatsana libokeng tsa rōna tsa Bokreste. (Ba-Heb. 10:24, 25) Haeba ba bang ba khoehlisa tšebeletsong ea bona, bakhanni ba thuto ea buka ba lokela ho etsa litokisetso tse tiileng tsa ho ba thusa le ho ba khothatsa. Ka linako tse ling memo e mofuthu hore ba tsamaee le rōna tšebeletsong ea tšimo ke sona se hlokahalang.

6 Ho etsa hore April ebe khoeli e khethehileng ea tšebeletso ea tšimo ho tla hloka hore bohle ba sebelisane ’moho. Ketello pele e chesehang ea mokhanni oa thuto ea buka e ka etsa phapang e khōlō kaha o tla be a thusa setho se seng le se seng se leng sehlopheng sa hae ho kopanela ka botlalo boboleling. Ho ka lokisetsoa liboka tse eketsehileng tsa tšebeletso. Ba hōlileng ba ka fuoa tlhokomelo e khethehileng, ’me bacha ba ka thusoa ka litsela tse sebetsang. Batsoali ba lokela ho tiisa hore lelapa lohle le kopanela boboleling ka April. Haeba kaofela ha rōna re neha Jehova se molemo ka ho fetisisa nakong ena ea kotulo, re tla iphumanela tlhohonolofatso ea hae e enneng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela