Lenaneo le Lecha la Kopano ea Letsatsi le Khethehileng
1 Thuto ea rōna ho Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela e leolitse kananelo ea rōna bakeng sa Jesu Kreste. Ka ho loketseng, lenaneo la letsatsi le khethehileng la kopano le qalang ka September le tla hōlisa sehlooho “Ho Latela ’Mei-mohlala oa Rōna e Moholo Haufi-ufi,” ho re thusa ho utloisisa ka ho feletseng se boleloang ke ho mo latela.
2 Ho sa tsotellehe lilemo tsa khōlo kapa lilemo tseo re bileng ’neteng ka tsona, bohle ba bang teng kopanong ba tla khothaletsoa hore ba tšoane le Kreste haholoanyane. Karolo e ’ngoe ea lenaneo e tla bua ka keletso ea bacha ka ho khetheha. E tla ba hlomella ho tobana le liphephetso mabapi le thuto, boithabiso, le lerato la lintho tse bonahalang. Ho tla ba le lipuo, liphihlelo, le lipontšo tse totobatsang kamoo re ka hanelang tšusumetso ea lefatše le ho etsisa mohlala oa Kreste.—1 Pet. 2:21.
3 Batho ba sa tsoa inehela ba tla ba le monyetla oa ho bolela phatlalatsa hore ke balateli ba Kreste ka ho kolobetsoa. Puisano ea Mangolo e susumetsang tabeng ena e tla etella kolobetso pele. Ba lakatsang ho kolobetsoa letsatsing le khethehileng la kopano ba lokela ho tsebisa molebeli oa bona ea okamelang takatso ea bona nako e sa le teng bakeng sa hore a lokisetse baholo ba tla tšohla lipotso tse etselitsoeng ba eang kolobetsong.
4 Sebui se etileng se tla fana ka puo ea sehlooho, e reng “Ho Latela ’Mei-mohlala oa Rōna e Moholo Haufi-ufi—Ho Re Lebisa ho Eng?” Tiisa hore u memela batho bohle ba thahasellang lenaneong lena le khothatsang le le matlafatsang tumelo. Ha ho tsela e khōlō kapa e putsang haholoanyane ho feta ho latela ’Mei-mohlala oa Rōna e Moholo, Jesu Kreste.—Matt. 19:27-29.