Thuto ea Bomolimo e Fana ka Tšusumetso e Matla
1 Ke tokelo e kaakang eo re nang le eona ho amohela taeo e tsoang ho Ea Holimo-limo, ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo! (Pes. 50:1; Esa. 30:20b) Kajeno ba bangata ba tsoang lichabeng tsohle, ba phallela thabeng ea hae ea borapeli bo hloekileng hore ba rutoe ke eena. (Mik. 4:2) Ba bang ba limillione ba ngolisa likolong tse phahamisang monahano oa batho le bohlale ba lefatše. Empa bohlale bo qhelelang Jehova ka thōko le Lentsoe la hae le ngotsoeng, ke booatla mahlong a Molimo, ’me ba tataisoang ke bona ba fetoha ba hlokang kelello.—Pes. 14:1; 1 Ba-Kor. 1:25.
2 Sehlooho “Thuto ea Bomolimo” se tla hatisoa lenaneong lohle kopanong ea rōna ea setereke selemong sena. Re tla ithuta hore Lentsoe la Molimo hammoho le moea oa hae li re kopanya boeneng ba lefatše lohle, li bōpa botho ba rōna, li re sireletsa lithutong tsa bademona le ho re koetlisa ho ba basebeletsi ba molemo haholoanyane. Na u tla ba teng ho e ’ngoe ea likopano tsee hore ka bouena u rue molemo thutong ea bomolimo?
3 Phello Bophelong ba Bokreste: Thuto ea bomolimo e thusa ho susumetsa matsoalo a rōna. Motho e mong le e mong o hlaha a e-na le letsoalo, empa e le hore le re tataise ka tsela ea ho loka le tšebeletsong e thabisang Jehova, le tlameha ho koetlisoa. (Pes. 19:7, 8; Ba-Roma 2:15) Batho ba lefatše ha baa bōpa monahano oa bona ho latela Lentsoe la Molimo, ’me ka lebaka leo ba ferekane ’me ha ba tsebe hantle se lokileng le se fosahetseng. Ho tletse litseko tse mabapi le boitšoaro le melao ea boitšoaro hobane e mong le e mong o tsitlallela ho etsa se nepahetseng ho latela pono ea hae. Ba bangata ba batla tokoloho e feletseng bakeng sa ho iketsetsa qeto ka tsela ea bona ea bophelo. Ba hana ho mamela mohloli o le mong feela oa bohlale ba ’nete. (Pes. 111:10; Jer. 8:9; Dan. 2:21) Empa thuto ea bomolimo e re rarolletse litseko tse joalo, ’me re lula re e-na le bonngoe joaloka ntlo ea Molimo hobane re rutoa ke eena. Ka kholiseho re talimana le nako e tlang ka letsoalo le letle, re ipoloka re tšoarehile tšebeletsong ea rōna.
4 Thuto ea bomolimo e re thusa ho hanela “moea ofe le ofe oa lithuto.” (Ba-Ef. 4:14, BPN) Ha re khahloe ke filosofi, e etsang hore batho e be ba tšoaeang le ba tletseng lipelaelo, e khothaletsang ho iketsetsa liqeto, le e lebisang ho senyeheng ha boitšoaro. Re thabela ho rutoa ke Jehova, kahoo re qoba masoabi le masisa-pelo tseo batho ba bangata ba li latsoang. Melao le likhopotso tsa Jehova li tšoana le ‘lentsoe ka mor’a rōna,’ le reng: “Tsela ke ena. Tsamaeang ho eona, lōna batho.”—Esa. 30:21, NW.
5 Liboka tsa Rōna le Tšebeletso: Re talima Ba-Heberu 10:23-25 e le taelo e tsoang ho Molimo. Re rutoa ke Jehova libokeng tsa phutheho. Na ke tloaelo ea rōna hore ka mehla re be teng libokeng, kapa re talima ho ba teng libokeng e se habohlokoa hakaalo? Hopola, ho bokana hammoho ke karolo ea borapeli ba rōna. Ha hoa lokela ho talingoa joaloka ho sa tlameng. Ha rea lokela ho fosoa ke karolo leha e le efe ea lenaneo la lijo tsa moea leo Jehova a re lokiselitseng lona.
6 Moshe o ile a rapela Molimo: “U re rute ho bala matsatsi a rōna ka mokhoa oo re ka fihlelang pelo e hlalefileng ka oona! ” (Pes. 90:12) Na le rōna eo ke thapelo ea rōna? Na re ananela letsatsi ka leng e le la bohlokoa? Haeba re etsa joalo, joale re ‘tla fihlela pelo e hlalefileng’ ka ho sebelisa letsatsi ka leng ka tsela e molemo, tlotlisong ea Morupeli oa rōna e Moholo, Jehova Molimo. Thuto ea bomolimo e tla re thusa ho etsa joalo.