Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/93 leq. 1
  • Ho Khanna Thuto ea Lehae ea Bibele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Khanna Thuto ea Lehae ea Bibele
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U ka Thusa Lithuto Joang Hore li Qetelle li Kolobelitsoe?​—Karolo ea Bobeli
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Thusa Batho Bao U Ithutang Bibele le Bona Hore ba Kolobetsoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • Lokisetsa Thuto Hantle
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • U ka Thusa Lithuto Joang Hore li Qetelle li Kolobelitsoe?​—Karolo ea Pele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
km 10/93 leq. 1

Ho Khanna Thuto ea Lehae ea Bibele

1 Thuto ea lehae ea Bibele e atlehileng e khannoa joang? Re na le mohlala ofe oa sehlooho? Mangolo a leng boitsebisong bo ithutoang a ka sebelisoa joang? Ke mang ea lokelang ho bala lirapa? Ho phaella mokhoeng o tloaelehileng oa ho khanna thuto, ho hlokahala eng e eketsehileng ho thusa seithuti ho etsa hore ’nete e be ea sona? Ke likotsi life tse lokelang ho qojoa?

2 Tsela ea ho Khanna Thuto: Ka kakaretso, thuto ea lehae ea Bibele e khannoa ka tsela e tšoanang le Thuto ea Molula-Qhooa. Serapa se tšohloang se baloa pele. Joale ea khannang thuto o botsa potso e hatisitsoeng serapeng seo le ho lumella seithuti ho e araba. Haeba seithuti se tsila-tsila, mokhanni o lokela ho botsa lipotso tse tataisang tse tla etsa hore seithuti se behe mabaka tabeng eo ho buisanoang ka eona le ho fihlela qeto e loketseng.

3 Hlokomela kamoo mangolo a sebetsang ka teng boitsebisong bo leng serapeng. Bontša seithuti kamoo se ka khethollang mangolo a qotsitsoeng ’me u buisane le sona mabapi le kamoo a sebetsang ka teng. Haeba mangolo a bontšitsoe empa a sa qotsoa, ho molemo ho a bala Bibeleng, hafeela a se malelele haholo. Joale lumella seithuti ho a bala le ho hlalosa kamoo a tšehetsang kapa a hlakisang se boleloang serapeng.

4 Thusa Seithuti ho Etsa Hore ’Nete e be ea Sona: Khothaletsa liithuti ho lokisetsa hantle bakeng sa thuto. Hatisa hore ho bala ke habohlokoa bakeng sa ho ithuta. Ha seithuti se ithuta boitsebiso bo bongata ka ho eketsehileng le ho nahana ka bona, ho ba le molemo o eketsehileng. Bakhanni ba bang ba balisa seithuti lirapa tsohle nakong ea thuto ea Bibele. Ba bang ba bala lirapa ka ho phomotsana le seithuti. Temoho e molemo e lokela ho sebelisoa ho ntse ho nahaneloa tsoelo-pele ea moea ea seithuti.

5 Ho akaretsa boitsebiso ka tsela e sa bontšeng kamoo bo ka sebelisoang ho ka thusa seithuti ho amohela tsebo, empa na se hlile se lumela seo se ithutang sona? Haeba se tla etsa hore ’nete e be ea sona, se lokela ho bona kamoo boitsebiso bo se amang ka teng. Se ikutloa joang ka seo se ithutang sona? Se ka sebelisa seo se ithutang sona joang? Sebelisa lipotso tse fatang maikutlo e le ho finyella pelo ea seithuti.

6 Qoba Likotsi: Ho na le likotsi tse lokelang ho qojoa ha ho khannoa thuto ea Bibele. Ha ho kenella taba e sa amaneng le boitsebiso bo ithutoang, hangata ho molemo ho buisana ka eona qetellong ea thuto kapa ka nako e ’ngoe. Hape, ke habohlokoa hore seithuti se fane ka likarabo ka mantsoe a sona ho e-na le ho li bala bukeng. Sena se tla u thusa joaloka mokhanni ho hlokomela hore na seithuti se utloisisa boitsebiso.

7 Ke hobane’ng ha u sa iketsetse pakane ea ho khanna bonyane thuto e le ’ngoe ea Bibele? Hase mosebetsi o boima haeba u itšetleha ka Jehova le ho latela mokhoa o tloaelehileng oa Thuto ea Molula-Qhooa. Tsela e atlehang ka ho fetisisa ea ho ruta ba bang ’nete le ho etsa barutuoa ke ho khanna thuto ea lehae ea Bibele. Ka ho etsa joalo, le uena u ka latsoa thabo e tlisoang ke ho kopanela ka ho phethahetseng taelo ea Jesu e ho Mattheu 28:19, 20.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela