Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/93 leq. 2
  • Liboka tsa Tšebeletso tsa October

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka tsa Tšebeletso tsa October
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka October 4
  • Beke e qalang ka October 11
  • Beke e Qalang ka October 18
  • Beke e Qalang ka October 25
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
km 10/93 leq. 2

Liboka tsa Tšebeletso tsa October

Beke e Qalang ka October 4

Pina 225

10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Etsa litlhahiso mabapi le litsela tseo limakasine tsa morao-rao li ka sebelisoang tšimong ea lōna. Hatisa bohlokoa ba ho nehelana ka lipeeletso tsa Tsoha! le Molula-Qhooa ka linako tsohle. Khutlela ho bohle bao u ba tsamaiselitseng limakasine ka morero oa ho qalisa tselana ea limakasine. October ke khoeli ea ho qetela ea phutuho ea tšimo e sa abuoang. Khothaletsa bohle ho tšehetsa ka ho feletseng litokisetso tsa ho qetela tsa tšimo e sa abuoang. Ha nako e lumela, pheta phihlelo e le ’ngoe kapa tse peli tse thahasellisang tse thabetsoeng tšimong e sa abuoang.

15 mets: “Ho se ee ka Tšobotsi Tšebeletsong ea Rōna.” Lipotso le likarabo. Tabeng ena totobatsa litšobotsi tse hlokang tlhokomelo e khethehileng tšimong ea lōna.

20 mets: Matlafatsa Tšebeletso ea Hao ea Ntlo le Ntlo ka October. Molebeli oa tšebeletso kapa moena e mong ea tšoanelehang o buisana le bamameli ka bohlokoa ba tšebeletso ea ntlo le ntlo. Pontšo: (1) Mohoeletsi o qalisa puisano e tla lebisa sehloohong sa morao-rao sa Tsoha! kapa Molula-Qhooa. Mohoeletsi o nehelana ka peeletso ea Tsoha! kapa Molula-Qhooa. (2) Boemong bo tšoanang, mpho ea peeletso ea hanoa. Mohoeletsi o nehelana ka limakasine ’me o rala motheo oa tselana ea limakasine. (3) Mohoeletsi o sebelisa pampitšana ho qalisa puisano e sa reroang ’me o nehelana ka limakasine tsa morao-rao ho motho ea thahasellang. (4) Mohoeletsi ea etsang leeto la tselana ea limakasine o etsa qeto ea ho nehelana ka peeletso. Ho feto-fetoha ho joalo ho lokela ho khothaletsa bahoeletsi bohle ho matlafatsa tšebeletso ea bona ea ntlo le ntlo ka October. Ha ho pelaelo hore ba bang ka phuthehong ba tla sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba thusang khoeling ena. Nako e sa le teng hore ba bang ba ka ngolisa joaloka bo-pula-maliboho ba thusang haeba ba le boemong ba ho etsa joalo.

Pina 42 le thapelo e koalang.

Beke e qalang ka October 11

Pina 4

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Bala liteboho bakeng sa monehelo le ho babatsa phutheho bakeng sa tšehetso ea seatla se bulehileng ea mosebetsi oa lefatše lohle hammoho le ho hlokomela litlhoko tsa phutheho. Ka bokhutšoaane hlahloba litokisetso tsa tšebeletso ea tšimo bakeng sa beke ’me u ananele tšehetso e chesehang ea bahoeletsi.

15 mets: “Ho Nehelana ka Lipeeletso ka Ntlo le Ntlo.” Puisano le bamameli. Re na le lebaka le utloahalang la ho chesehela ho nehelana ka lipeeletso ho batho bao re kopanang le bona tšebeletsong ea tšimo le bao re ba pakelang ka ho sa reroang. Limakasine li behetsoe nako ’me litokollo tsa morao-rao li lokela ho buelloa, empa ha rea lokela ho tsila-tsila ho nehelana ka limakasine tsa khale ha boemo bo lumela. Tiisa feela hore limakasine tseo u nehelanang ka tsona li hloekile ’me ha lia senyeha. E re mohoeletsi ea tšoanelehang a etse pontšo e hlahisitsoeng serapeng sa 3.

20 mets: “Thuto ea Bomolimo e Fana ka Tšusumetso e Matla.” Sehlooho se akaretsoe ka lipotso le likarabo. Bala lirapa le mangolo a bontšitsoeng haeba nako e lumela.

Pina 44 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka October 18

Pina 65

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba tsa Puso ea Molimo.

15 mets: “Lebisa Tlhokomelo Thahasellong e Fumanoeng.” Puo le lipotso tse seng kae tse lebisitsoeng ho bamameli. Bontša kamoo bahoeletsi ba hōlisitseng thahasello tšimong ea lōna kapa u re mohoeletsi a phete phihlelo e bontšang bohlokoa ba ho khutlela ho ba entseng peeletso kapa ba amohetseng likopi tsa Tsoha! le Molula-Qhooa.

20 mets: “Rua Molemo ka Botlalo Kopanong ea Setereke ea ‘Thuto ea Bomolimo’ ea 1993”—Karolo 1. Puisano le bamameli lirapeng 1-16. Bahoeletsi ba lokela ho buisana ka lintlha tse loketseng le liithuti tsa bona tsa Bibele tse tla ba teng kopanong.

Pina 60 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka October 25

Pina 75

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Kopanyeletsa le litokisetso tsa tšebeletso ea tšimo bakeng sa beke, ’me u lebise tlhokomelo lintlheng tse leng limakasineng tsa morao-rao tseo bahoeletsi ba ka li sebelisang ha ba nehelana ka lipeeletso. Haeba nako e lumela, ka bokhutšoaane etsa pontšo e le ’ngoe kapa tse peli ka linehelano tse loketseng bakeng sa tšimo ea lōna. Ba hopotse ka bohlokoa ba ho khutlela ho bohle ba bontšitseng thahasello.

15 mets: “Rua Molemo ka Botlalo Kopanong ea Setereke ea ‘Thuto ea Bomolimo’ ea 1993”—Karolo 2. Puisano le bamameli lirapeng 17-19 ’me ka hloko u hlahlobe “Likhopotso Bakeng sa Kopano ea Setereke.” Kopanyeletsa le likhopotso tse loketseng tse thehiloeng boitsebisong ba Molula-Qhooa oa June 15, 1989, maqephe 10-20, kapa khothaletsa lihlopha tsa malapa ho hlahloba lintlha tse leng lihloohong tsena pele li ea kopanong.

20 mets: “Ho Khanna Thuto ea Lehae ea Bibele.” Sehlooho se akaretsoe ka lipotso le likarabo. Etsa pontšo e lokiselitsoeng hantle ea mohoeletsi ea thusang seithuti ho utloisisa kamoo lengolo le bontšitsoeng le tšehetsang boitsebiso bo serapeng se ithutoang. Pontšong eona eo, mohoeletsi o sebelisa lipotso tse ka thōko ho thusa seithuti ho etsa hore ’nete e be ea sona. Sebelisa karolo e khethiloeng bukeng Ho Kopana Borapeling kapa U ka Phela ka ho sa Feleng.

Pina 78 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela