Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/93 leq. 1
  • Finyella Pelo ea Seithuti sa Hao sa Bibele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Finyella Pelo ea Seithuti sa Hao sa Bibele
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thusa Batho Bao U Ithutang Bibele le Bona Hore ba Kolobetsoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • Ela Hloko ‘Tsebo ea Hao ea ho Ruta’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lokisetsa Thuto Hantle
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • U ka Thusa Lithuto Joang Hore li Qetelle li Kolobelitsoe?​—Karolo ea Bobeli
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
km 12/93 leq. 1

Finyella Pelo ea Seithuti sa Hao sa Bibele

1 Na u batla hore seithuti sa hao sa Bibele se nke khato ka seo se ithutang sona? Se tlameha ho etsa joalo haeba se tla rua molemo tsebong eo se e amohelang. Hore u ka susumetsa seithuti sa hao sa Bibele ho nka khato, u tlameha ho finyella pelo ea sona. Letsatsing la Pentekonta ka 33 C.E., puo ea moapostola Petrose e susumetsang e ile ea ‘hlaba lipelo’ tsa batho ba ka bang 3 000, ba ileng ba ‘amohela lentsoe la hae ka thabo’ ’me ba kolobetsoa letsatsing leo. (Lik. 2:37, 41) U ka finyella pelo ea seithuti sa hao sa Bibele joang?

2 Lokisetsa Hantle: U se ke ua leka ho akaretsa boitsebiso bo bongata haholo hoo ho salang nako e fokolang haholo bakeng sa ho behelana mabaka le seithuti ka boitsebiso boo. Lekanyetsa esale pele lintlha tseo u tla li totobatsa, ’me u kholisehe hore ua li utloisisa ’me ka katleho u ka bontša kamoo mangolo a sebetsang ka teng. Nahana esale pele ka lipotso tse ka ’nang tsa phahama ka kelellong ea seithuti ka lebaka la semelo sa sona. Haeba u tloaelane le seithuti sa hao hantle, tsebo ena e tla u thusa ho lokisetsa boitsebiso bo tla se tšoanela ka ho khethehileng.

3 Etsisa Mokhoa oa Jesu oa ho Ruta: Jesu o sebelisitse lipapiso ho nolofatsa lintlha tse thata le ho thusa liithuti tsa hae ho utloisisa le ho ba le maikutlo ka boemo. (Luka 10:29-37) Ka mokhoa o tšoanang, u ka etsa hore lithuto tse molemo li tebe pelong ea seithuti sa hao sa Bibele ka ho boloka lipapiso tsa hao li le bonolo, li bapisoa le lintho tse tloaelehileng bophelong, le ho li sebelisa ka ho khethehileng maemong a seithuti.

4 Lipotso li thusa haholo bakeng sa ho finyella lipelo tsa liithuti tsa Bibele joalokaha Jesu a bontšitse hangata. (Luka 10:36) Empa u se ke ua khotsofala feela ha seithuti se bala karabo ho tsoa bukeng. Sebelisa lipotso tse tataisang ho lebisa monahano qetong eo mohlomong seithuti se neng se e-s’o nahane ka eona pele. Mokhoa ona o boetse o thusa seithuti ho hōlisa matla a ho nahana. Botsa lipotso tse batlang maikutlo ho fumana seo sona ka bosona se se lumelang tabeng eo. Joale u ka hlokomela libaka tseo ho hlokahalang thuso ho tsona, ebe u fana ka thuso e tobileng.

5 Haeba seithuti sa Bibele se sa tsoele pele, ho hlokahala hore u batlisise mabaka. Sena se ka akareletsa ho se etela nakong e ’ngoe ho fapana le nakong ea thuto ea ka mehla. Ke hobane’ng ha se tsila-tsila ho nka khato? Na ho na le ntlha ea Mangolo eo se sa e utloisiseng? Na se leqe ho etsa liphetoho tse itseng tseleng ea sona ea bophelo? Haeba seithuti sa Bibele se leka ho ‘tenyetsehela ka ’nģa tse peli,’ se thuse ho lemoha kotsi ea ho etsa joalo.—1 Mar. 18:21.

6 Moapostola Pauluse o ile a hlokomela hore ho ruta batho ba thahasellang linnete tsa Bibele ke mosebetsi o pholosang bophelo, kahoo o ile a eletsa Bakreste bohle ho ‘hlokomela thuto ea bona ka mehla.’ (1 Tim. 4:16, NW) Bao u ithutang Bibele le bona ba lokela ho etsa ho fetang feela ho amohela linnete tse buang ka Bibele le liketsahalo tsa lefatše. Ba lokela ho fumana tsebo e nepahetseng ka Jehova le Jesu le ho thusoa ho hōlisa kamano e mofuthu ea botho le bona. Ke ka ho etsa joalo feela ba tla susumeletsoa ho bontša tumelo ea bona ka mesebetsi. (Jak. 2:17, 21, 22) Ha pelo ea seithuti e finyeletsoe, se tla susumeletsoa ho latela tsela e tla hlompha Jehova le ho pholosa bophelo ba sona.—Liprov. 2:20-22.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela