Liboka tsa Tšebeletso tsa December
TLHOKOMELISO: Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e tla ba le kemiso ea Seboka sa Tšebeletso bakeng sa beke e ’ngoe le e ’ngoe ka December le January. Liphutheho li ka etsa liphetoho tse hlokahalang bakeng sa ho fana ka nako ea ho ba teng Kopanong ea Setereke ea “Thuto ea Bomolimo” ’me ka mor’a eona ho ka sebelisoa metsotso e 30 bakeng sa ho ikhopotsa lintlha tsa sehlooho tsa lenaneo la kopano Sebokeng sa Tšebeletso bekeng e latelang. Baena ba babeli kapa ba bararo ba tšoanelehang ba ka abeloa esale pele tlhahlobo ea letsatsi ka leng e le hore ba lebise tlhokomelo e khethehileng lintlheng tse khōlō. Tlhahlobo ena e lokiselitsoeng hantle e tla thusa phutheho ho hopola lintlha tse khōlō tseo e ka itšebelisetsang tsona ’me ea li sebelisa le tšebeletsong ea tšimo. Litlhaloso tse tsoang ho bamameli le liphihlelo tse fanoang li lokela ho ba khutšoaane ’me e be tse tobileng.
Beke e Qalang ka December 6
10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.
20 mets: “Ho Bonahatsa Lerato Kopanong ea ‘Thuto ea Bomolimo.’” Puisano ka lipotso le likarabo ’me u etse hore boitsebiso bo sebetse phuthehong. Hopotsa bohle ho fumana beche le ho e qhoaela ka linako tsohle, esita le ha re e-ea kopanong le ha re khutla.
15 mets: “Likhopotso tse Nakong.” Puisano ka mongoli. Hape sebelisa boitsebiso ba lengolo la rōna le eang ho liphutheho tsohle la October 18, 1993. Ipiletse ho bohle ho latela litataiso tsena ka hloko ho tiisa hore ho ba le peho e loketseng bakeng sa December.
Pina 169 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka December 13
10 mets: Litsebiso tsa phutheho, tlaleho ea lichelete le liteboho tsa menehelo. Babatsa phutheho ka tšehetso e mosa bakeng sa litlhoko tsa phutheho, Letlole la Mokhatlo la Liholo tsa ’Muso le mosebetsi oa Mokhatlo oa lefatše lohle. Bua ka ntlha e le ’ngoe kapa tse peli tse ka sebelisoang litlhalosong tsa selelekela tšebeletsong ea tšimo mafelo bekeng ana.
20 mets: “Thusa ba Bang ho Ithuta ka Mor’a Molimo, Jesu Kreste.” Se koaheloe ka lipotso le likarabo. Etsa pontšo e boletsoeng serapeng sa 2 (e etsoe ke mohoeletsi ea nang le phihlelo) le serapeng sa 4 (e etsoe ke mohoeletsi e mocha lilemong). Khothaletsa bohle ho nehelana ka buka Motho e Moholo ka ntlo le ntlo le bopaking bo sa reroang.
15 mets: “Ho Qalisa Lithuto tsa Bibele ka December.” Puisano le bamameli. Ha le buisana ka serapa 4, etsa pontšo kamoo ho ka qalisoang thuto ea Bibele leetong la ho boela. Khothaletsa e mong le e mong ho khanna thuto ea lehae ea Bibele khoeli e ’ngoe le e ’ngoe haeba ho khoneha.
Pina 165 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka December 20
5 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bolela litokisetso tsa phutheho bakeng sa bopaki bo khethehileng ka December 25.
15 mets: “Finyella Pelo ea Seithuti sa Hao sa Bibele.” Lipotso le likarabo hammoho le pontšo. Hatella ntlha ea hore bohle ka phuthehong ba lokela ho sebeletsa ho hōlisa tsebo ea ho ruta. Ka mor’a ho buisana ka serapa 3, mohoeletsi o etsa pontšo ea ho behelana mabaka le seithuti sa Bibele ka ho sebelisa lipotso le mangolo a leng lirapeng tsa 13 le 14 ho khaolo 1 ea buka Phela ka ho sa Feleng.
15 mets: “Behella Nako ea Mosebetsi oa Limakasine ka Thōko.” Puo, ka puisano le bamameli. Ha le buisana ka serapa 3, etsa pontšo kamoo lihlooho tse fapaneng limakasineng tsa morao-rao li ka sebelisoang ho batho ba mefuta e fapaneng bao re kopanang le bona tšimong ea rōna.
10 mets: “Jala Haholo e le Hore U Kotule Haholo.” Puisano ka lipotso le likarabo. Etsa hore boitsebiso boo bo sebetse phuthehong. Tsebisa phutheho ka litokisetso tse entsoeng bakeng sa ho kopanela mosebetsing oa limakasine beke le beke. Bolela lenane la lithuto tsa Bibele tse tsamaisoang phuthehong le lenane la barutuoa ba bacha ba ileng ba etsoa selemong se fetileng. Khothaletsa bohle ho ikitlaetsa ka matla ho kopanela ka botlalo mosebetsing oa ho aba limakasine le oa thuto ea Bibele.
Pina 61 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka December 27
15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba tsa Puso ea Molimo. Tsebisa ka litokisetso tsa bopaki bo khethehileng ka January 1. Etsa pontšo kamoo ho ka sebelisoang lingoliloeng phuthehong ka January.
15 mets: “E-ba ka Sephefumolohi Sohle Tšebeletsong ea Hao.” Puo ka moholo. Ha le buisana ka serapa 2, fana ka litlhaloso tse loketseng tsa litšupiso tsa Molula-Qhooa. Phethela ka ho bala le ho sebelisa Malakia 3:10.
15 mets: “Yearbook—Letlotlo la Khothatso.” Puo e mofuthu e totobatsang mangolo a qotsitsoeng. Bahoeletsi ba lokiselitseng hantle ba pheta liphihlelo tse leng ho leqephe 32 la tokollo ea Molula-Qhooa oa January 1, 1990, January 1, 1987 le January 1, 1986.
Pina 120 le thapelo e koalang.