Yearbook—Letlotlo la Khothatso
1 Ka linako tsohle litlaleho le liphihlelo tse mabapi le mesebetsi ea Jehova e tsoileng matsoho li ’nile tsa khatholla bahlanka ba Molimo. (Jobo 38:4, 7; Liprov. 25:25; Luka 7:22; Lik. 15:31) Ke ka lebaka leo Yearbook of Jehovah’s Witnesses e leng letlotlo la khothatso.
2 Yearbook ka ’ngoe e fana ka litlaleho tse hahang tse tsoang lefatšeng lohle ka mesebetsi le se finyelletsoeng ke Lipaki tsa Jehova. Liphihlelo tse matlafatsang tumelo li totobatsa tataiso le tšireletso tsa Jehova le litlhohonolofatso tsa batho ba hae. Yearbook e re bolella ka banna ba matla le basali ba ileng ba siea malapa, metsoalle, le linaha tsa habo bona ho tlisa linnete tsa Bibele ho batho likontineteng tsohle le lihleke-hlekeng tse hōle tsa leoatle.
3 Yearbook e susumelitse babali ba bangata ho eketsa tšebeletso ea bona ho Molimo. ’Mali e mong o ile a ngola: “Ha ke khone ho e bala ka potlako ka ho lekaneng. Seo ke se balileng ho tla fihlela mona se khothatsa haholo. Se nketsa ke ikutloe hore nka etsa ho eketsehileng ho boleleng litaba tse molemo ha ke bona seo ba bang ba se etsang tlas’a khatello.”
4 Selemo le selemo ho tloha ka 1927, Yearbook of Jehovah’s Witnesses e bile letlotlo la sebele la litlaleho le liphihlelo tse susumetsang. Na u rua molemo ka ho feletseng mohloling oo o khethehileng oa khothatso? Hore u etse joalo, kholiseha hore u bala Yearbook ha u e amohela ka lekhetlo la pele. Ho pholletsa selemo sohle, ikhopotse likarolo tse itseng tsa eona bakeng sa khothatso molemong oa hao le lelapa la hao.