Liaterese Tsa Makala
Ka kōpo hlokomelang hore selemo ka seng ho fanoa ka lethathamo le morao-rao la liofisi tsa Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara leqepheng le ka morao la Yearbook. Lethathamo lena le entsoe molemong oa hao le hore u le sebelise. U ka boloka nako le chelete ka ho sheba ho Yearbook ea morao-rao ho e-na le ho letsetsa Mokhatlo bakeng sa liaterese tsa liofisi tsa makala tsa linaha tse ling. U hopole hape hore Mokhatlo ha o boloke liaterese tsa Liholo tsa ’Muso tsa linaha tse ling faeleng. Ho tla hlokahala hore u ngolle ka ho toba ofisi ea lekala e amehang bakeng sa liaterese tse joalo.