Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/93 leq. 1
  • Behella Nako ea Mosebetsi oa Limakasine ka Thōko

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Behella Nako ea Mosebetsi oa Limakasine ka Thōko
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsamaisa Limakasine Tšebeletsong ea Hao
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Sebelisa Limakasine Tsa Rōna Hamolemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Limakasine li Tsebahatsa ’Muso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Ho Sebelisa Molula-Qhooa le Tsoha! Hamolemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
km 12/93 leq. 1

Behella Nako ea Mosebetsi oa Limakasine ka Thōko

1 Jehova o boletse hore ho tla ba le ‘khotso, bokamoso, le tšepo’ ho ba latelang litsela tsa hae. (Jer. 29:11) Boitsebiso bo mabapi le monyetla ona bo fanoe ka tsela e nakong ho Molula-Qhooa le Tsoha! Limakasine tsena li ka tsoela batho ba mefuta eohle molemo maemong ’ohle. (1 Tim. 2:4) Na uena le lelapa la hao ka mehla le behella ka thōko nako ea ho aba limakasine?

2 Haeba lenane la limakasine tseo u li tsamaisang le ’nile la theoha, sena se ka lokisoa joang? Ntho ea bohlokoa ke ho boloka kananelo ea hao bakeng sa litaba tse ka hare tsa limakasine tsa rōna e le matla. Monna e mong o ngotse: “Ho bala limakasine tsa lōna ke phihlelo e thabisang ka sebele. Hase tsa boemo bo fokolang, hase ‘batšelisi’ ba boemo bo tlaase, empa li tšoere tataiso le keletso ea kamoo ho ka etsoang hore bophelo bo be le moelelo ka teng.” Molula-Qhooa le Tsoha! ke phello ea phuputso e hlokolosi haholo ’me ke litokisetso tsa “mohlanka ea khabane, ea bohlale.” (Matt. 24:45) Ke lisebelisoa tse atlehileng bakeng sa ho finyella lipelo tsa batho.

3 Tloaelana le lihlooho tsa limakasine tseo u li tsamaisang. Batla lintlha tse buang ka mathata a hona joale a batho ba leng sebakeng sa heno. Ho molemo ho itokisetsa ho buisana le banna, basali le bacha bao u ka ’nang ua kopana le bona ka ntlo le ntlo kapa seterateng. Itokisetse ho bontša kamoo limakasine li amang motho ka bomong le malapa ka kakaretso.

4 Falimehela Limakasine: Ho paka ka limakasine ho lokela ho nka karolo ea bohlokoa kemisong ea hao ea tšebeletso ea tšimo. Linako tse molemo haholo tsa ho nehelana ka limakasine ke life? Na u lekile ho ea ka ntlo le ntlo hoo e ka bang hora e le ’ngoe kapa ho feta mantsiboea pele Thuto ea lōna ea Buka ea Phutheho e qalisa? Ho paka mantsiboea ho hlahisitse litholoana tse ngata libakeng tse ling. Moqebelo ke letsatsi le loketseng bakeng sa ho aba limakasine ka litsela tse fapaneng, empa matsatsi a mang a ka sebelisetsoa mosebetsi ona. Mosebetsi oa ntlo le ntlo le oa ho sebetsa mabenkeleng e lokela ho ba karolo ea ka mehla ea Letsatsi la Limakasine.

5 E mong le e mong o lokela ho ba le odoro ea hae ea ka mehla bakeng sa tokollo ka ’ngoe ea limakasine tse tla tsamaisoa. Ka linako tse ling ha u e-na le litokollo tsa khale, li ka sebelisoa ho bontša beng ba matlo lintlha tse fapaneng tse ileng tsa akaretsoa limakasineng. Nako le nako ho ka siuoa likopi tsa khalenyana mahaeng a batho ba leng pensheneng, mahaeng a tlhokomelo ea maqheku le lipetlele haeba ho lumelleha. Limakasine tsohle tse joalo li lokela ho baloa joaloka tse tsamaisitsoeng ’me li lokela ho tlalehoa leqetšoaneng la hao la Peho ea Tšebeletso ea Tšimo.

6 Ka ho sebelisa litlhahiso tse boletsoeng ka holimo, ka ntle ho pelaelo u tla bona keketseho lenaneng la limakasine tseo u khonang ho li tsamaisa. Batho ba lipelo li tšepahalang ba sithabelitsoeng ke ho phela tsamaisong ena e khopo ea lintho ba ananela boitsebiso bo khathollang bo kang bo fumanoang ho Molula-Qhooa le Tsoha! Ka sebele limakasine tsena li fana ka lijo tsa moea tse hlokoang ke batho ba batlang ho fumana kamohelo ea Jehova. Ka hona, e-ba ea falimehileng limakasineng, batla litsela tsa ho eketsa kabo ea lingoliloeng tsena tsa bohlokoa tšimong ea lōna.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela