Litaba tsa Puso ea Molimo
Afrika Boroa: Ka December 19, 1993, ho ile ha abuoa mangolo a sehlopha sa pele sa Sekolo sa Koetliso ea Bosebeletsi se neng se tšoaretsoe Lusaka, Zambia bakeng sa Afrika e ka boroa! Liithuti tse tšeletseng tsa Afrika Boroa li bile teng sehlopheng sena. Lihlopha tse eketsehileng li tla ba teng ka 1994 ’me bohle ba thahasellang ho ba sekolong sena ba lokela ho buisana le molebeli oa setereke kopanong e latelang ea potoloho.
Likopanong tsa setereke tse 19 tse lokisitsoeng bakeng sa Afrika Boroa le linaha tsa boahelani ho bile teng batho ba 142 151, ’me ha kolobetsoa ba 2 659. Re lakatsa ho bolela kananelo ea rōna ho lōna kaofela baena bakeng sa moea oa ho amohela baeti oo le o bontšitseng ho baemeli ba likete ba neng ba tlile likopanong tse ’nè tsa machaba. Ho amohetsoe lipolelo tse ngata tse bontšang kananelo tse tsoang ho baena bana ba baeti. Re boetse re lakatsa ho leboha Likomiti tsa Likopano le baena ba bang bohle ba ileng ba sebetsa ka thata hore likopano tsena li atlehe.
Phutheho ea Sebotse, ka leboea ho Pietersburg, e ile ea thabela ho bona ho neheloa Holo ea eona ea ’Muso ka January 29, 1994.