Liboka tsa Tšebeletso ea Tšimo tse Nang le Morero
1 Ho Luka 10:1-11, re na le tlaleho ea seboka seo Jesu a ileng a se tšoara le barutuoa ba 70 ba neng ba sa tsoa fuoa likabelo e le ho ba thusa ho itokiselletsa tšebeletso ea tšimo. O ile a fana ka litaelo tse tobileng e le ho ba thusa hore ba hlophisehe, ba lokisetse seo ba tla se bua, le ho sebetsana le maemo a boima. Re ka ithuta ho hong ka ho hlahloba tlaleho ena.
2 Ho hlakile hore barutuoa ba 70 ba ne ba le teng kaofela sebokeng le Jesu. Ho senngoa nako e ngata libokeng tsa tšebeletso haeba ka tloaelo batho ba bang ba fihla morao. Ho fihla ha bona morao ho etsa hore ho hlokahale hore ho boele ho hlophisoe lihlopha tsa ba eang tšimong haesita le likabelo tsa tšimo e tla sebetsoa. Hangata sena se etsa hore sehlopha sohle se liehisoe. Kaofela ha rōna re ka phetha karolo ea rōna ka ho fihla ka nako le ho itokisetsa ho ea tšimong hang-hang.
3 Jesu o ile a fa sehlopha seo sehlooho se tobileng sa puisano seo se tla se sebelisa, e leng “’Muso oa maholimo.” (Luka 10:9) Re abetsoe ho bolela molaetsa o tšoanang, ’me hangata re ananela litlhahiso tse nang le thuso mabapi le seo re lokelang ho se bua. Mokhanni a ka lebisa tlhokomelo bukeng Ho Bea Mabaka, e fanang ka likenyelletso tse sa tšoaneng tse fetang 40 le litemana tsa Mangolo tse loketseng tse ka sebelisoang maemong a mangata a fapa-fapaneng. Ho hlahloba ka bokhutšoaane nehelano e le ’ngoe kapa tse peli ho ka re thusa ho ba le seo re tla se bua ka kelellong, e leng ho tla re nolofaletsa ho bua ka sebete ha re le matlong.
4 Hase feela hore Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae seo ba tlamehang ho se bua empa o ba boleletse mokhoa oa ho se bua. (Luka 10:5, 6) Lipontšo tse etsoang lenaneong la Seboka sa Tšebeletso li re bontša kamoo re ka buang kateng ka katleho. Mokhanni a ka ’na a hlahloba se ileng sa boleloa sebokeng se fetileng ’me a fana ka litlhahiso tsa kamoo se ka sebelisoang tšebeletsong letsatsing leo. Pontšo e khutšoaane e lokiselitsoeng ea nehelano e bonolo ea Mangolo e ka re thusa hore seo re se nahanneng re se bue.
5 Jesu o boetse a ruta barutuoa ba hae ka boitšoaro ba bona ba botho. (Luka 10:7, 8) Ka ho tšoanang mokhanni a ka re fa tataiso e tobileng e tla re thusa ho qoba leha e le eng e ka ’nang ea nyenyefatsa mosebetsi oa rōna. A ka ’na a re lemosa ka ho khobokana lihukung tsa seterata kapa ho senya nako re ngangisana le bahanyetsi. A ka re hopotsa ka tlhoko ea hore re boloke tlaleho e nepahetseng ea ntlo le ntlo. Ho ka hlokahala hore batsoali ba hopotsoe hore ba hlokomele bana ba bona ka thata.
6 Barutuoa ba 70 ba ile ba iphaphatha ka litaelo tsa Jesu ’me hamorao “ba khutla ba thabile.” (Luka 10:17) Haeba re arabela tataisong eo re e fumanang libokeng tsa tšebeletso, le rōna re ka lebella ho ba le thabo e eketsehileng ha re bolela molaetsa oa ’Muso.—Lik. 13:48, 49, 52.