Ba Khutlela Sekolong
1 Khoeling ea January, bacha ba rōna ba kena selemong se secha sa sekolo. Ho na le lintho tse thabisang tseo ba ka li lebellang, empa ho boetse ho na le lintho tse seng kae tse ka ba tlisetsang tšabo. Bacha ba bangata ba tla rutoa ke mesuoe e mecha, ba etse lithuto tse ncha, ’me ba be hammoho le barutoana bao ba sa ba tloaelang. Bacha ba rōna ba batla ho sebelisana le ba boholong sekolong le ho tšoana le barutoana-’moho le bona, empa ba lokela ho hopola ho itebela khahlanong le ntho efe kapa efe e ka bang kotsi moeeng.—1 Bakor. 15:33.
2 Taba ea bohlokoahali eo bana le bacha ba Lipaki ba amehileng ka eona ke ho qoba tšusumetso ea lefatše e silafatsang, e tletseng hohle tsamaisong ea thuto linaheng tse ngata kajeno. Bakreste ba bacha le ba hōlileng ba lokela ho ba sebete ha ba hana litekanyetso tsa lefatše le mohopolo oa lona tseo hona joale li buelloang litabeng tsa boitšoaro, ’me ba lokela “ho itebela” ka ho bala Lentsoe la Jehova le ka ho tataisoa ke lona. (Pes. 119:9) Batsoali ba amehang ka bana ba bona ba batla ho tsebisoa ka se fuperoeng ke lithuto tsa sekolo e le hore ba tataise bana ba bona ka tsela e loketseng. Haeba se rutoang sekolong kapa sebakeng se seng se hanyetsana le khalalelo le bohloeki boo Jehova a bo hlokang ho bahlanka ba hae, se lokela ho qojoa.—1 Pet. 1:15, 16.
3 Hape ho tloaelehile haholo ho talimana le litaba tse amanang le mekete ea bochaba, mekete ea matsatsi a phomolo, lipapali, thuto ea bolumeli kapa ’moka ea boithabiso. Bukana ea Sekolo le Lipaki tsa Jehova e molemo ho bacha ba Bakreste litabeng tsena. Haeba ha u na bukana eo, u ka e fumana ho Watchtower Library CD-ROM. Ho phaella moo, ho ka sebelisoa bukana ea Thuto le buka ea Bacha Baa Botsa le ea Ho Bea Mabaka. Maemo ao ho ka etsahalang hore ebe a boima a ka ’na a hlōloa kapa a bebofala ha batsoali ba bana ba banyenyane ba nka bohato ba ho atamela mesuoe ka bukana ea Thuto. Ba ka hlalosa hore e tla thusa mosuoe ho utloisisa seo re se lumelang le melao-motheo ea rōna hamolemo. Ho fumantša mosuoe boitsebiso bona ho ka tlatsetsa haholo ho haheng moea oa tšebelisano.
4 Ho ekelletsa moo, ho ka ba molemo hore barutoana ba Bakreste ba be le bukana ea Sekolo, buka ea Bacha Baa Botsa le bukana ea Thuto libukeng tsa bona tsa sekolo. Ho atisa ho hlaha menyetla ea ho pakela barutoana ba bang ba botsang lipotso ha ho buuoa ka seo re se lumelang. Hape, ka linako tsohle bana ba Lipaki ba lokela ho nka likarete tsa bona tsa Advance Medical Directive/Release kapa Identity Card tse nakong, tse saennoeng ka pel’a lipaki. Ba sebelisang keletso ena ka sebele ba tla ba joaloka ea ‘masene ea boneng tlokotsi ’me a ipata.’—Liprov. 22:3.